Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 2/8 maq. 30-31
  • “Quetzal”—Nonyana e Khanyang ka Botle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Quetzal”—Nonyana e Khanyang ka Botle
  • Tsoha!—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2000
  • Masiba Boqapi bo Hlollang
    Tsoha!—2007
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 2/8 maq. 30-31

“Quetzal”—Nonyana e Khanyang ka Botle

KA MONGOLLI OA TSOHA! COSTA RICA

COSTA RICA e nka karolo e ka tlaase ho 0,03 lekholong ea sebaka sa lefatše, leha ho le joalo e na le mefuta e 875 ea linonyana e ngolisitsoeng. Ho ea ka mohloli o mong, mefuta eo e mengata ho feta e fumanoang Canada le United States li kopane. Ka hona, hase ho makatsang hore ebe Costa Rica e fetohile sebaka se ka sehloohong seo batho ba chesehelang ho sheba linonyana ba eang ho sona. A re ke re tsamaisane leetong la ho ea bona e ’ngoe ea linonyana tsena, quetzal e khanyang ka botle.

Mathoasong a lilemo tsa bo-1500, mohale oa Lesepanishe Hernán Cortés o ile a fihla Mexico. Ha a le moo, o ile a amohela tlokola ea masiba a quetzal e le mpho e tsoang ho Maaztec. Ke ba lelapa la borena la Maaztec feela ba neng ba e-na le tokelo ea ho roala mekhabo e hlomphehang hakaalo. Mohlomong masiba a quetzal a ’mala o botala bo boputsoa a ne a nkoa e le a bohlokoa ho feta khauta.

Kajeno, nonyana ena e ikhethang ka botle e phela sebakeng se sabaletseng ho tloha Mexico ho ea Panama. Quetzal e ka fumanoa merung e melang lithabeng sebakeng se bophahamo ba limithara tse pakeng tsa 1 200 le tse 3 000. Maru a koahelang meru eo a bakoa ke moea o futhumetseng o nyolohang ha o hatsela ka potlako. Phello e ba limela tse tlokomang selemo ho pota tse talana le lifate tse khōlōhali tse fihlang bophahamong ba limithara tse 30 kapa ho feta har’a mouoane.

Lik’hilomithara tse ka bang 200 ka leboea ho San José ke Santa Elena Forest Reserve—e leng sebaka se setle sa ho shebella quetzal ha e le tikolohong ea eona ea tlhaho. Re thusoa ke motataisi, re qala ho tsoma quetzal e khanyang ka botle. Ka lebaka la ’mala oa eona o botala bo boputsoa, ho thata ho bona nonyana ena, kaha e batla e tšoana le makhasi a lifate. Motataisi oa rōna o qala ho etsisa molumo oa ho lla ha eona o bonolo, o monate. Molumo oo o tšoana le oa lelinyane le bobolang. Ha e le hantle, ha mosali e mong ea nang le rōna sehlopheng a utloa quetzal e lla, o nahana hore ho na le ntja e lahlehileng morung moo!

Kapele ka mor’a moo, limithara tse ka bang 15 ho ea holimo, e tona e qoaileng e hlahella holim’a lekala ho tla lekola. Ka libonela-hōle mebala ea eona e khanyang e bonahala e bile e rateha ho feta kamoo re neng re nahanne kateng. Sefubeng e bofubelu bo loileng, bo fapaneng le masiba a eona a botala bo boputsoa. Ho tlatsetsang khanyeng ea eona e hlollang ke masiba a eona a masoeu a setono, a fapaneng le a mang a mabeli a botala ba mookoli. Masiba ana a tsejoang e le a setono, a bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 60. Ho bona quetzal e lutse holim’a lekala, masiba a eona a malelele a setono a ntse a ebesela moeeng o pholileng, ke pono e ntle e khathollang.

Ho bona quetzal ke phihlelo e ikhethang. Ha e le hantle, motataisi oa rōna o ile a re bolella hore hangata ho hlokahala hore motho a ee morung ka makhetlo a fetang le le leng e le hore a e bone. Nako e molemo ka ho fetisisa ea ho bona li-quetzal ke nakong eo li lulang lihlaheng ka eona, e leng ho tloha ka March ho fihlela ka June. Nakong ena li ka ’na tsa e-ba le malinyane habeli, li qhotsa mahe a mabeli lekhetlo ka leng.

Ha re khutlela ofising ea sebaka seo se sirelelitsoeng, re utloa quetzal e ’ngoe. E lepella e iketlile ’me e tsoka masiba a eona a setono a ’mala o motala, e lula lekaleng la sefate limithara tse ka bang hlano ho tloha moo re lutseng teng! Motataisi o re tsebisa hore tsuonyana e nyametse sehlaheng sa eona. Ntat’a eona o e tsoma sefateng se seng le se seng. Re bolelloa hore ke karolo ea 25 lekholong feela ea mahe e qhotsoang. Karolo e ’ngoe e qetoa ke liphoofolo tse phelang ka ho ja tse ling tse kang li-squirrel, li-emerald toucanet, li-brown jay, li-weasel le li-tayra. Ntho e ’ngoe e behang bophelo ba li-quetzal kotsing ke sebaka seo lihlaha tsa tsona li leng ho sona, e leng mekoti eo e kang e chekiloe ka ho kobola eo li-quetzal li e fatang likutung tsa lifate tsa khale tse bolang, pakeng tsa limithara tse 3 le tse 20 ka holim’a mobu. Ha lipula tsa sekhohola li e-na, mekoti eo e ka ’na ea tlala metsi kapa ea hohlomela.

Hape re bolelloa hore sejo seo quetzal e se ratang haholo ke tholoana ea avocado ea naha. E tla lula lekaleng la sefate e shebile avocado e lepeletseng lekaleng la sefate se seng se haufi le seo e lutseng ho sona. Joale, e phuphutsa mapheo, e tla tsepamisa mahlo tholoaneng eo, e e hloibile ka molomo, e ntan’o khutlela sehlaheng sa eona. E koenya tholoana eo bokoilitane ’me metsotso e ka bang 20 ho isa ho e 30 hamorao e tšoela pete e khōlō ea avocado.

Ha li-quetzal li ntse li batla litholoana tsa avocado ea naha, li fallela likhohlong tse fapa-fapaneng tsa Continental Divide. Ka mohlala, ho tloha ka July ho fihlela ka September, li lula khohlong ea Pacific. Joale ka October li fallela lehlakoreng la Caribbean ho ea ja litholoana tse ncha tsa avocado.

Ha re tšela borokho bo phahameng bo ekeselang bo limithara tse ka bang 30 ho tloha fatše morung, quetzal e batla e re thula! Ho bonahala eka nonyana ena e ne e le letšolong la ho batla lijo tsa eona tsa motšehare ha re parola tsela ea eona. E tšehali e lula ka holim’a lihlooho tsa rōna feela, e re sheba hampe ka lebaka la ho itšunya-tšunya ha rōna.

Re boetse re bolelloa hore tholoana e ’ngoe eo li e thabelang ke monokotšoai o motšo, o melang lihlahleng tse meutloa. Ha li-quetzal li tsubella tlaase ho ea hloibila tholoana eo, ka linako tse ling masiba a tsona a setono a tšoaseha meutloeng ebe aa hlotheha. Leha ho le joalo, hamorao masiba a tsona a setono a boela a hlomela.

Ka tsela ena nonyana ena e khona ho phelela lebitso la eona. “Quetzal” e nkiloe lentsoeng la Seaztec “quetzalli,” le bolelang “bohlokoa” kapa “botle.” Ka bomalimabe, botle ba eona bo sokela ho ba teng ha quetzal. Ha e le hantle, quetzal e thathamisitsoe e le o mong oa mefuta ea lintho tse phelang tse kotsing. Li ’nile tsa tsongoa ka lebaka la letlalo la tsona, le ’nileng la rekisoa e le likhopotso. Linonyana tse ling li ’nile tsa tšoasoa li ntse li phela e le hore li rekisoe e le linonyana tse ruuoang lapeng. Leha ho le joalo, ho ea ka motataisi oa rōna, hona joale quetzal e na le tšireletso e itseng ea molao khahlanong le tlatlapo e joalo.

Leha ho le joalo, tšokelo e ’ngoe e sokelang ho phela ha tsona ke ho senngoa ha meru, ho fellang ka ho lahleheloa ke bolulo. E le ho sireletsa nonyana ena e khanyang ka botle le liphoofolo tse ling tse hlaha, hoo e ka bang karolo ea 27 lekholong ea Costa Rica e beheletsoe ka thōko e le libaka tse sirelelitsoeng.

Ka sebele leeto la rōna la ho ea bona quetzal e bile le putsang. Ke ’nete hore u ka bona tlokola ea masiba a quetzal e ileng ea fuoa Hernán Cortés Musiamong oa Brithani o London. Empa masiba a quetzal a thahasellisa haholo ha u a bona nonyaneng e hlileng e phelang naheng! Bonyane, hajoale li-quetzal tse phelang naheng li sa tsoela pele ho thabela tokoloho le tšireletso e itseng merung e melang lithabeng ea Amerika Bohareng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela