Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 3/8 leq. 32
  • “Ho Hlokahala Hore Tšepo ea ka e be ho Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Hlokahala Hore Tšepo ea ka e be ho Molimo”
  • Tsoha!—2000
Tsoha!—2000
g00 3/8 leq. 32

“Ho Hlokahala Hore Tšepo ea ka e be ho Molimo”

Lengolo le latelang le ile la siuoa Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e Edmonton, Alberta, Canada.

“Moromuoa ea Ratehang:

“Ke ngola lengolo lena ke leboha motho eo mohlomong ka ho se tsebe a nketselitseng ntho e khōlō bophelong ba ka.

“Libekeng tse seng kae tse fetileng, ’na le monna oa ka re ne re phehile khang e khōlō. Ke ne ke qeta ho bua mantsoe a reng, ‘Ena taba e khōlō hoo ke sa tsebeng haeba ke tla hle ke khone ho e rarolla.’ Eaba hona hoo tšepe ea monyako ea lla. Ke ne ke etetsoe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me e ne e se e le morao haholo hore nka ipata.

“Ha ke bula monyako, ke ne ke ferekane haholo hore nka khona ho utloa seo a se buang. Ke hopola mantsoe ‘bana’ le ‘lelapa.’ Monna eo o ile a ntša buka e reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ha ke bona sehlooho sa eona, ke ile ka qala ho lla ’me ka sitoa ho ithiba. O ile a ncheba, ’me a kōpa tšoarelo ka ho mpherekanya, a mpha buka, ’me a itsamaela.

“Mohlolo ke ofe hona moo? Ke khopotso ea hore ha ke sa tsebe seo ke lokelang ho se etsa, ho lokile hobane Molimo oa tseba. Ho hlokahala hore tšepo ea ka e be ho Molimo. O bile a romela moromuoa. Kea leboha.”

Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa e ka tsoela setho se seng le se seng sa lelapa molemo. Har’a lihlooho tsa eona tse rutang ho na le tse reng “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang,” “Boloka Khotso Lelapeng la Hao” le “U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa.”

Bakeng sa ho iphumanela kopi ea hao, ka kōpo tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena. U tla fumana litlhahiso tse tobileng tse ka u thusang ho rarolla mathata le ho etsa hore bophelo ba lelapa e be bo thabisang joalokaha ’Mōpi a ne a rerile hore ho be joalo.

□ Nthomelleng kopi ea buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.

Bontša hore na ka puo efe

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela