Lefatše le Tšoasitsoeng ke ho Tsuba
BILL e ne e le monna ea mosa, ea bohlale le ea matla. O ne a rata lelapa la hae. Leha ho le joalo, ha a sa le tlaase lilemong o ile a qala ho tsuba lisakerete. Hamorao bophelong o ile a hloea mokhoa oo. Esita le ha a ntse a pakotsa sakerete, o ne a lemosa bara ba hae ka matla khahlanong le ho tsuba, a bolela kamoo e leng bothoto kateng. Ka linako tse ling o ne a ee a silakanye pakete ea lisakerete eo a e tšoereng ka matsoho a hae a matla ebe o e tjebela koana ka tlung, a hlapanye hore eo a e tsubileng e ne e le ea hae ea ho qetela. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana o ne a ee a khutlele ho tsubeng—qalong a ho etsetsa sekhukhung, hamorao phatlalatsa.
Bill o ile a bolaoa ke kankere lilemong tse 15 tse fetileng, ka mor’a ho qeta likhoeli a opeloa habohloko. Haeba a ne a sa tsube, mohlomong a ka be a ntse a phela le kajeno. Mosali oa hae a ka be a ntse a e-na le monna; bara ba hae ba ka be ba ntse ba e-na le ntate.
Le hoja ho shoa ha Bill e bile tlokotsi ho ba lelapa la hae, hase ntho e ikhethang. Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (World Health Organization [WHO]), maloetse a amanang le koae a bolaea batho ba ka bang limilione tse ’nè selemo se seng le se seng, kapa motho a le mong metsotsoana e meng le e meng e robeli. Tšebeliso ea koae ke sesosa se seholo sa maloetse a ka thibeloang lefatšeng ka bophara. Haeba tšekamelo e teng hona joale e tsoela pele, lilemong tse 20 tse tlang ho tsuba e tla be e le sesosa se itlhommeng pele sa ho shoa le kholofalo, se bolaeang batho ba fetang ba bolaoang ke AIDS, lefuba, mathata a basali a ho pepa, likotsi tsa likoloi, ho ipolaea le ho bolaoa ha batho li kopane.
Lisakerete lia bolaea. Leha ho le joalo, batho ba li tsubang ba hohle. WHO e bolela hore bonyane batho ba limilione tse likete tse 1,1 baa tsuba lefatšeng ka bophara. Seo se bolela hore ke hoo e batlang e le motho a le mong e moholo ho ba bang le ba bang ba bararo lefatšeng.
Litsebi li hakanya hore le hoja lik’hamphani tsa koae hona joale li lefa liranta tse limilione tse makholo ka lebaka la liqoso tseo li qosoang ka tsona, chelete eo hase letho ha e bapisoa le tsoala eo li e etsang ea liranta tse libilione-bilione. United States feela, lifektheri tsa koae li hlahisa lisakerete tse hakanyetsoang ho tse limilione tse likete tse 1,5 letsatsi ka leng. Lefatšeng ka bophara, lik’hamphani tsa koae le likhoebo tse laoloang ke mebuso ka ho feletseng li rekisa lisakerete tse libilione tse hlano selemo se seng le se seng!
Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba phehella mokhoa oo o bolaeang? Haeba ua tsuba, u ka khaotsa joang? Lipotso tsena li tla arajoa lihloohong tse latelang.