Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 8/8 leq. 32
  • Ho Hōlisa Bana ba Nang le Mekhoa e Metle—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōlisa Bana ba Nang le Mekhoa e Metle—Joang?
  • Tsoha!—2000
Tsoha!—2000
g00 8/8 leq. 32

Ho Hōlisa Bana ba Nang le Mekhoa e Metle—Joang?

Tlaleho e hlahileng koranteng ea The Gazette, ea Montreal, Canada e re: “Bana ba ithuta ho itlhompha le ho itšoara hantle ka ho fumana lerato le taeo ho batsoali.” See se akarelletsa eng? Ho latela setsebi sa kelello sa tleliniking ea Montreal, Constance Lalinec, ke habohlokoa haholo ho beha meeli e hlakileng boitšoarong ba ngoana.

Lalinec ea sebetsanang le bana le malapa, o boetse o hlokomela hore “ha re thibela bana ho khola litholoana tsa seo ba se entseng, re boetse re ba thibela hore ba ithute ho hongata.” Ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho ka ama khōlo ea ngoana ka tsela e fosahetseng.

Keletso e bohlale ea Bibele e pakiloeng ka nako e telele hore e-ea sebetsa mabapi le ho hōlisa bana e nepahetse. E re: ‘Etsang hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che.’ (Matheu 5:37) Hang ha melao e utloahalang e behiloe ’me bana ba hao ba e utloisisa, e sebelise ka potlako le ka tsela e tsitsitseng. Tšehetsa mantsoe a hao ka ho nka khato ka tsela e atlehang. Sena se fetisetsa molaetsa o hlakileng ho bana ka melao ea batsoali le seo ba ka se lebellang—hore batho ba ‘tla kotula seo ba se jetseng.’ (Bagalata 6:7; Baroma 2:6) Pakane e hahamalloang ea taeo e lerato le e sebetsang ke hore bana ba ithute ho mamela melao le ho mamella pherekano le ho se khotsofale hang-hang e le hore ba tsebe ho hlaolela litšoaneleho tse hlokahalang bakeng sa hore ba hōle e be batho ba baholo ba nang le mekhoa e metle, ba nang le boikarabelo.

Keletso e eketsehileng mabapi le seo Molimo a se bolellang batsoali ka ho laea bana ba bona ka lerato e fumanoa bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. U ka fumana kopi ea buka ena e maqephe a 192 ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

◻ Nthomelleng buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Bontša hore na ka puo efe

◻ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela