Lebaka Leo ka Lona ho Nang le Seoa sa Boitšoaro
SELEMONG se fetileng ka October, mongoli e mong oa Loja, Ecuador, o ile a bontša kananelo bakeng sa tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova. Har’a lintho tse ling, o ile a re:
“Tse ling tsa lintho tse bohloko ka ho fetisisa tse hlaselang moloko oa batho ke seoa sa boitšoaro . . . Ho bonahala eka batho ba lebetse ho phetha Melao e Leshome ’me ba hlokomolohile matsoalo a bona, ’me sena sohle se etsa hore batho ba se ke ba utloisisana. Kae kapa kae, letsatsi le leng le le leng, re utloa ka lehloeo, pefo, tlōlo ea molao, khoebo ea lithethefatsi, bokhukhuni le ho se hlomphe seriti sa batho ba bang. . . .
“Lipaki tsa Jehova li sa etse mponeng, li phetha mesebetsi ea tsona ka tsela e nang le khotso le khutso, li etela baahisani ba tsona ka ntlo le ntlo, li nehelana ka limakasine tsa tsona tse peli tse ntle, Molula-Qhooa le Tsoha!, e leng moo ho hatisoang boholo ba lihlooho tse thahasellisang. Tsoha! ka ho khetheha e bua ka litaba tse sa tšoaneng tse thahasellisang le tse ke keng tsa latoloa tsa saense le mokhoa oa bophelo. Litaba tsena kaofela li ngoloa ka mokhoa o hlakileng le o nepahetseng ka ho babatsehang.”
Seoa sa boitšoaro sa kajeno se totobetse, empa ho joalokaha leqepheng la 4 la makasine ena karolong e reng “Lebaka la ho Hatisoa ha Tsoha!” ho boletsoe hore Tsoha! “e fata liketsahalo tsa hona joale le ho totobatsa se boleloang ke tsona.” Bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella? ea lumela hore batho ba ’nile ba utloa bohloko, empa e etsa ho fetang hoo. E bontša hore na ke hobane’ng ha ho e-na le seoa sa boitšoaro hammoho le liphello tsa sona tse bohloko. Habohlokoa le ho feta, e bontša kamoo thuso e tlang ho fumaneha kateng haufinyane.
U ka kōpa kopi ea bukana ena e tšelisang e maqephe a 32 ka ho tlatsa setlankana se bontšitsoeng mona le ho se romela atereseng e bontšitsoeng setlankaneng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Ka kōpo nthomelleng bukana ea Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Bontša hore na ka puo efe
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.