Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 4/8 leq. 32
  • Ba Limilione Baa ea—Na U Tla Ea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Limilione Baa ea—Na U Tla Ea?
  • Tsoha!—2001
Tsoha!—2001
g01 4/8 leq. 32

Ba Limilione Baa ea—Na U Tla Ea?

Ba ea hokae? Moketeng oa selemo le selemo oa lefu la Jesu Kreste. Ka selemo sa 2000, palo ea bohle ba bileng teng lefatšeng ka bophara e bile 14 872 086.

Ke hobane’ng ha batho ba e-ea? Ka lebaka la seo lefu la Kreste le se bolelang ho moloko oa batho. Le bolela ho lokoloha ho kuleng, mahlomoleng le lefung ho tla tloha ho etsahala. Esita le baratuoa ba shoeleng ba tla tsosetsoa bophelong paradeiseng lefatšeng.

Ke joang lefu la Jesu le ka tlisang litlhohonolofatso tse joalo? U memeloa ho tla iphumanela. Lipaki tsa Jehova li u amohela ka mofuthu hore u kopanele le tsona nakong ea ketsahalo ena ea bohlokoa.

E-ba teng Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang teng. Selemong sena, letsatsi ke Sontaha sa la 8 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Botsa Lipaki tse sebakeng sa heno nako e nepahetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela