Thuso ha eo U mo Ratang a E-shoa
Lilemong tse fetileng, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hatisa bukana e tšohlang mathata a ho sebetsana le lefu la motho ea ratoang. Haufinyane, ho ile ha amoheloa lengolo le tsoang ho ’mali ea ananelang oa Federal Republic of Yugoslavia, ea ngotseng: “Ke rata ho le leboha ho tloha botebong ba pelo ea ka ka bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Ka sebele e akaretsa boitsebiso bohle ba ho lahleheloa ke moratuoa.”
Mongoli oa hlalosa: “Ha ke ne ke lahleheloa ke moholoane oa ka kotsing ea koloi, bukana ena e ile ea mpha ‘thuso eo ke neng ke e hloka haholo.’ Karolo e leqepheng la 18 e reng ‘Litlhahiso tse Ling tse Sebetsang’ e ile ea ntšelisa haholo. Leha ho le joalo, ka mor’a likhoeli tse ’nè ke ile ka qala ho utloa bohloko bo tebileng hammoho le tlholohelo e khōlō. Ke ne ke tšohile hore ke kotsing ea ho ferekana maikutlo.
“Ke ile ka boela ka bala bukana ena, ’me leqepheng la 9 lebokoseng le reng ‘Mokhoa oa ho Sareloa,’ ke ile ka hlokomela hore nako ea ha maikutlo a khutlela malulong e tsamaisana le ho hlomoha hammoho le tlholohelo. Sena se ile sa ntšelisa haholo. Ke leboha mosa oa lōna o nahanelang haholo, oo le o bontšitseng ka bukana ena.”
Mohlomong uena kapa motho eo u mo tsebang le ka fumana matšeliso ka ho bala bukana ena e maqephe a 32. U ka ’na ua kōpa kopi ka ho tlatsa setlankane se makasineng ena le ho se romela atereseng e ngotsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Nthomelleng bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.