Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 7/8 maq. 12-14
  • Na Molimo o Tla Utloa Lithapelo Tsa Ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Tla Utloa Lithapelo Tsa Ka?
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo ke Motho oa Sebele
  • Mohloli oa Bohlale le Matla
  • Molimo oa Toka le Lerato
  • Botsoalle le Molimo
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Na Molimo o Arabela Lithapelo Tsa Ka?
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 7/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Na Molimo o Tla Utloa Lithapelo Tsa Ka?

“Ke rapela ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane Jehova ke motsoalle oa ka, ’me kea tseba hore o tla nthusa ha ke e-na le bothata.”—Andrea.

ANDREA e monyenyane o kholisehile hore Molimo o utloa lithapelo tsa hae. Empa hase bacha bohle ba nang le tšepo eo. Ba bang ba ikutloa ba le hōle haholo le Molimo hore ba ka mo atamela. Ba ka ’na ba ipotsa hore na Molimo o ba tsotella ka ho lekaneng hore ba ka nka thapelo e le ntho ea bohlokoa.

Lekunutu la thapelo ke eng? Ka mantsoe a bonolo feela, ke ho ba le botsoalle ba sebele le Molimo. Mopesaleme o ile a rapela: “Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.” (Pesaleme ea 9:10) Ho thoe’ng ka uena? Na u tseba Molimo hantle hoo u ka mo tšepelang lithapelo tsa hao? Pele u tsoela pele ka ho bala, ka kōpo leka ho araba lipotso tse ka har’a lebokose le nang le sehlooho se reng “U Tseba Molimo Hantle Hakae?” U ka araba tse kae?

U TSEBA MOLIMO HANTLE HAKAE? Bona likarabo leqepheng la 14

1. Lebitso la Molimo ke mang, hona le bolela’ng?

2. Bibele e senola hore litšoaneleho tse ’nè tsa Molimo tse hlahelletseng ke life?

3. Pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Molimo ho moloko oa batho ke efe?

4. Re ka thabela botsoalle le Molimo joang?

5. Re lokela ho ba le boikutlo bofe bo loketseng ha re rapela?

Na bonyane u khona ho araba tse ling tsa lipotso tseo hona joale, esita le pele u bala sehlooho see kaofela? Kahoo u se u tseba ho hongata ka Molimo ho feta kamoo batho ba bang ba mo tsebang kateng. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe likarabo tsa hao li bontša hore u lokela ho rua tsebo e eketsehileng ka eena, e le hore u ka mo tseba joaloka motsoalle ea haufi-ufi. (Johanne 17:3) Ka lebaka leo, ak’u nahane ka lintho tse ’maloa tseo Bibele e re rutang tsona ka “Ea Utloang thapelo.”—Pesaleme ea 65:2.

Molimo ke Motho oa Sebele

Ntlha ea pele, Bibele e re thusa ho utloisisa hore Molimo hase matla a itseng a se nang sebōpeho. Ke motho ea nang le lebitso, Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Ka Seheberu lebitso leo le bolela “O Etsa Hore ho be Teng.” A ka fetoha eng kapa eng eo a hlokang ho ba eona e le hore a ka phethahatsa morero oa hae. Pokello ea matla a se nang sebōpeho kapa boikutlo e ne e ke ke ea khona ho etsa joalo! Kahoo ha u rapela, u ka kholiseha hore ha u bue le matla a itseng a sa bonahaleng kapa ho buela sepakapakeng. U bua le motho, ea ka mamelang le ho araba lithapelo tsa hao.—Baefese 3:20; Pesaleme ea 65:2.

Ke kahoo Diana e monyenyane a reng: “Kea tseba hore kae kapa kae moo ke leng teng, Jehova o tla ’mamela.” Hore u be le tšepo e joalo, Molimo e lokela hore e be oa sebele ho uena! Bibele e re: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng.”—Baheberu 11:6.

Mohloli oa Bohlale le Matla

Molimo a ka re thusa hobane o na le matla a hlollang. Matla ao ha aa lekanyetsoa, joalokaha ho ka bonoa ka boholo le ho rarahana ha bokahohle. Bibele e re Molimo o tseba lebitso la naleli e ’ngoe le e ’ngoe—le hoja ho e-na le linaleli tse se nang palo tse limilione tse likete-kete! Ho feta moo, ke eena mohloli oa matla ao linaleli tseo li nang le ’ona. (Esaia 40:25, 26) Na see hase hlolle? Le hoja lintlha tsena li hlolla ka tsela ena, Bibele e re “tsena ke linyane feela tsa matla a hae”!—Jobo 26:14, Today’s English Version.

Ak’u nahane hape ka bohlale ba Jehova bo sa lekanyetsoang. Bibele e hlalosa hore mehopolo ea hae “e tebile haholo.” (Pesaleme ea 92:5) O bōpile batho, ka lebaka leo o re utloisisa hamolemo ho feta kamoo rōna re ikutloisisang kateng. (Pesaleme ea 100:3) Kaha o bile teng “ho tloha nakong e sa lekanyetsoang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,” o na le phihlelo e ke keng ea lekanngoa. (Pesaleme ea 90:1, 2) Ha ho na letho leo a sa le utloisiseng.—Esaia 40:13, 14.

Jehova o sebelisa bohlale le matla ao ’ohle joang? Likronike tsa Bobeli 16:9 e re: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” Ho hang ha ho na bothata boo u ka bang le bona boo Molimo a ke keng a bo rarolla kapa a u thusa hore u tobane le bona ka katleho. Kayla e monyenyane oa hopola: “Morao tjena ha ’na le lelapa leso re ne re le linakong tse boima, ke ile ka rapela Jehova, ’me o ile a re thusa hore re khone ho mamella maemo, mathata, le maikutlo ao re neng re ke ke ra khona ho a mamella kantle ho thuso ea hae.” U ea mohloling oa bohlale, ha u bua le Molimo. Ha ho na ntho e molemo ho feta eo!

Molimo oa Toka le Lerato

Empa u tseba joang hore Molimo o batla ho u thusa? Ka lebaka la hore Jehova o khethile hore a itsebahatse, eseng feela ka matla a hae a maholo haholo kapa ka bohlale ba hae bo tebileng kapa esita le ka toka ea hae e sa sisinyeheng. Ho e-na le hoo, Jehova o tsebahala haholo-holo ka lerato la hae. Johanne oa Pele 4:8 e re: “Molimo ke lerato.” Lerato le leholo joalo le etsa hore re kholisehe hore o tla arabela lithapelo tsa rōna. Pontšo e khōlōhali ea lerato la hae e bile ea ho fana ka Mor’a hae e le sehlabelo sa thekollo e le hore re ka ba le bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16; 1 Johanne 4:9, 10.

Ka lebaka la hore Molimo ke lerato, ha ua lokela ho tšoha hore le ka mohla o tla u hlokomoloha kapa o tla u tšoara ka ho hloka toka. Deuteronoma 32:4 e re: “Litsela tsohle tsa hae ke toka.” Lerato leo Molimo a u ratang ka lona le u tiisetsa hore o tla u mamela. Ho arolelana menahano ea rōna ea botho le maikutlo le eena ho etsa hore re ikutloe re sireletsehile.—Bafilipi 4:6, 7.

Botsoalle le Molimo

Ha e le hantle, Jehova o re mema hore re buisane le eena. Ha a batle hore e be motho osele ho rōna. Ho fapana le moo, ho pholletsa le histori ea batho Jehova o ’nile a mema batho hore e be metsoalle ea hae. Har’a ba bang ba ileng ba thabela botsoalle le Molimo, ba neng ba rateha pelong ea hae, e ne e le banna le basali, ba hōlileng le ba banyenyane. Ba ne ba akarelletsa batho ba kang Abrahama, Morena Davida le Maria ’mè oa Jesu.—Esaia 41:8; Luka 1:26-38; Liketso 13:22.

Le uena u ka ba e mong oa metsoalle ea Jehova. Ho hlakile hore botsoalle bo joalo ha bo bolele hore u lokela ho talima Molimo joaloka mofuta o itseng oa molingoana oo u lokelang ho bua le oona hafeela uena u batla kapa u e-na le bothata. Lithapelo tsa rōna ha lia lokela ho tsepamisoa holim’a litlhoko tsa rōna feela. Haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo, re lokela ho thahasella thato ea hae—eseng ea rōna feela—’me ha e le hantle re lokela ho etsa thato ea Molimo. (Matheu 7:21) Ka lebaka leo, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho lebisa lithapelo tsa bona linthong tseo e leng tsa bohlokoa ho Molimo. O ile a re: “Joale le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.’” (Matheu 6:9, 10) Hape lithapelo tsa rōna e lokela ho ba tse tletseng thoriso le liteboho ho Molimo!—Pesaleme ea 56:12; 150:6.

Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nahana hore litlhoko tsa rōna kapa lintho tseo re amehileng ka tsona hase tsa bohlokoa haholo hoo re ke keng ra li rapella. Steve o re: “Le hoja ke leka ho phutholoha ha ke rapela, ka linako tse ling ke na le maikutlo a hore ke se ke ka khathatsa Molimo ka lintho tse itseng tse tloaelehileng.” Neng le neng ha u qala ho ikutloa ka tsela eo, leka ho hopola seo Jesu a ileng a se ruta barutuoa ba hae: “Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo. . . . Le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” (Luka 12:6, 7) Na see ha se khothatse?

Kahoo, ho bonolo ho lemoha hore, ha u tseba ho eketsehileng ka Jehova, u tla susumelletseha haholoanyane hore u mo atamele ka thapelo ’me u tla kholiseha haholoanyane hore Jehova a ka u thusa le hore o tla u thusa. Ka lebaka leo, boemo ba hao ba kelello e lokela ho ba bofe ha u atamela Molimo ka thapelo? U lokela ho ba le tlhompho, ho ikokobetsa, le ho hloka boithati. Na u nahana hore ofisiri leha e le efe e phahameng e lefatšeng e ne e tla u mamela haeba u ne u etsa kōpo ka boikakaso le ka mokhoa o se nang tlhompho? Kahoo ha ua lokela ho makala hore ebe Jehova o lebeletse hore u mo hlomphe, u hlomphe le litekanyetso tsa hae pele a araba lithapelo tsa hao.—Liproverbia 15:29.

Bacha ba likete ba tšabang Molimo ba ithutile ho tšollela lipelo tsa bona ho Molimo. (Pesaleme ea 62:8) Brett o re: “Ha Jehova a arabela lithapelo tsa ka, kea khothala hore o ntse a le teng joaloka motsoalle oa ka.” Ho thoe’ng ka uena? U ka thabela mofuta oa botsoalle bo tšoanang le Molimo joang? Bacha ba babeli ba Bakreste ba ile ba fana ka litlhaloso tsena tse latelang:

Rachel: “E le hore nka atamela haufi le Jehova, ke nahana hore ke lokela ho ithuta Lentsoe la hae ka ho teba, ’me ke leke ho hlaolela tabatabelo e joalo.”—1 Petrose 2:2.

Jenny: “Ke nahana hore ha u kopanela ka ho eketsehileng tšebeletsong ea hae, u tla ikutloa u atametse haufi haholoanyane le Jehova.”—Jakobo 4:8.

Na u kile ua ipotsa hore na ho rapela ho hlile ho na le molemo o mokae? Mocha e mong oa Mokreste o re: “Ke ne ke tla ikutloa ke atametse haufi haholoanyane le Molimo haeba a ne a ka bua le ’na kapa a nthomella molaetsa.” Kaha Jehova ha a re arabe ka lentsoe le utloahalang ha re rapela, thapelo e re thusa joang? Sena se tla tšohloa tokollong e tlang.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Likarabo tsa lipotso tse leqepheng la 12

1. Jehova. E bolela “O Etsa Hore ho be Teng.”

2. Lerato, matla, toka le bohlale.

3. O ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notsi, Jesu, hore a re shoele.

4. Eseng ka ho ameha ka litlhoko tsa rōna feela empa ka ho thahasella thato ea Molimo le ho e etsa.

5. Re lokela ho ikokobetsa, ho bontša tlhompho, le ho hloka boithati.

[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]

Ho ithuta ka Molimo pōpong le Bibeleng ho tla etsa hore re mo tsebe ha molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela