Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 2/8 maq. 14-17
  • Qoaha—Pitsi e Hlaha ea Afrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qoaha—Pitsi e Hlaha ea Afrika
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Mechato ’me li Botsoalle
  • Ho Loanela ho Phela
  • Ho Hōlisa Lelapa
  • Li Hlaha Empa Lia Tsoteha
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Etela Liphoofolo Tse Hlaha Afrika—Li Teng Bakeng sa Ka—Na li Tla ba Teng Bakeng sa Bana ba Ka?
    Tsoha!—1987
  • Phallo ea Khohola-koqo
    Tsoha!—2003
  • Thuto 2
    Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 2/8 maq. 14-17

Qoaha—Pitsi e Hlaha ea Afrika

KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA

LIQOAHA tse likete li matha ka bolokolohi makhulong a Afrika. Maphako a tsona a mechato a ea koana le koana ha melala ea tsona e moetse o teteaneng e ntse e e-ea pele le morao ho latela morethetho oa tsela e matla eo li tsamaeang ka eona. Molumo oa litlhako tsa tsona tse tilang lefatše le omeletseng o utloahala lithoteng. Leru le lefubelu la lerōle le qobang ka mor’a tsona le ka bonoa sebaka sa lik’hilomithara tse ngata. Li matha li lokolohile, li le hlaha, li sa utloe ho e-na le letho le li thibang.

Joalokaha eka li bona pontšo e itseng e sa bonahaleng, li qala ho fokotsa lebelo ebe lia ema. Ka meno a tsona a matla, a teteaneng, li fula joang bo omeletseng. Mohlape ona ke malala-a-laotsoe, nako le nako oa qamaka, oa mamela le ho fofonela. Kaha ho tsamaisoa ke moea, ho puruma ha tau e hōle ho fihla litsebeng tsa tsona, ’me lia tšoha. Li tseba molumo oo hantle. Li qahamisitse litsebe, joang bo leketla melomong ea tsona, liqoaha li sheba lehlakoreng leo mororo o hlahang ho lona. Ha li utloa hore e sa le hōle, li inama hape ’me li tsoela pele ho fula.

Ha mocheso oa letsatsi o e-ba matla, li qalella ho tsamaea. Lekhetlong lena lipitsi tsena tse hlaha li huloa ke monko oa metsi ’me li leba nōkeng. Li le ka holim’a nōka, lia ema ’me li sheba tlaase metsing ana a masootho a phallang butle, li ntse li kurutla le ho tila lerōleng. Lia tsila-tsila, lia lemoha hore ho ka ’na ha e-ba le kotsi ka nōkeng ka moo le hoja ho se letho le sisinyehang. Empa li nyoriloe haholo ’me tse ling li qala ho itšohlomeletsa pele. Joale ka potlako li mathela nōkeng. Ka bonngoe, li noa ho fihlela li kholoa, joale lia furalla li khutlela thoteng e sabaletseng.

Mantsiboea, mohlape o kena o sa potlaka ka har’a joang bo bolelele. O kupelitsoe ke moriti o bofubelu bo loileng ba ho likela ha letsatsi, mohlape ona o ba botle bo hlollang, bo bōptjoang ke botle ba lithota tsa Afrika.

Li Mechato ’me li Botsoalle

Mokhoa oa letsatsi le letsatsi oa liqoaha ha o fetohe. Ho batla ha tsona lijo le metsi ho etsa hore li lule li tsamaea. Ha li fula thoteng e bulehileng, liqoaha li bonahala li hloekile li bile li nonne, letlalo la tsona le mechato le otlolohile hantle ’meleng ea tsona e mesifa-sifa. Mechato ea liqoaha e ikhethile, ’me joalokaha ba bang ba bolela, ha ho na e ’meli e tšoanang hantle. Mechato ea tsona e bophatšoa bo hlollang, ea ikhetha ha li le ka har’a liphoofolo tse ling tsa naha. Leha ho le joalo, ponahalo ea tsona ea hlolla ’me e tšoanela eona pōpo e hlaha ea Afrika.

Ka tlhaho, liqoaha li na le botsoalle haholo. Liphoofolo tsena li bōpa botsoalle bo matla bo ka bang teng bophelo bohle ba tsona. Le hoja mohlape o moholo oa tsona o ka ba le liphoofolo tse likete tse ’maloa, o aroloa ka lihlopha tsa malapa a manyenyane a nang le pitsi ea poho le tse tšehali. Lelapa lena le lenyenyane le boloka taolo ka hore ka tieo le arole litho tsa lona ho latela boemo ba tsona. E ka sehloohong e tšehali ke eona e laolang lelapa hore na le tsamaea hokae. E etella pele, e setsoe morao ke tse ling tse tšehali le lipetsana tsa tsona tse kolokang ho ea ka boemo ba tsona. Leha ho le joalo, qetellong pitsi ea poho ke eona e laolang. Haeba e batla hore lelapa la eona le nke tsela e ’ngoe, e atamela e tšehali e etellang pele ’me e e qhoae hore e nke tsela e ’ngoe.

Liqoaha li rata ho hloekisoa, ’me ho tloaelehile ho li bona li ikhohla le ho ngoaeana maphakong, mahetleng le mekokotlong. Ho hloekisana ha tsona ho bonahala ho matlafatsa kamano ea liphoofolo tsena ’me sena se qala ha lipetsana li sa le matsatsi a ’maloa feela li hlahile. Haeba ho se setho sa lelapa se teng ho hloekisa e ’ngoe, qoaha e hlohloneloang e thusoa ke ho ipitika lepoqong kapa ho ikhohla sefateng, seolong sa bohloa kapa nthong leha e le efe e emeng.

Ho Loanela ho Phela

Bophelo ba qoaha bo tletse likotsi. Litau, lintja tse hlaha, mafiritšoane, mangau le likoena kaofela li nka phoofolo ena e boima ba lik’hilograma tse 250 e le phofu e ntle. Qoaha e ka matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 55 ka hora, empa ka linako tse ling e hlahuoa lesumatha ke libatana tse e tsometsang le ho tla ka lenyele. Litau lia e tsometsa, likoena li ipata metsing a seretse, ’me mangau a li lalla lefifing.

Boitšireletso ba liqoaha bo itšetlehile ka ho falimeha ha tsona le tsela eo mohlape oa tsona o tla arabela ka eona. Le hoja boholo ba tsona li robala bosiu, kamehla ho na le tse sa robalang, tse mametseng le ho lebela. Haeba qoaha e bona sebatana se atamela, e etsa molumo o lemosang mohlape kaofela. Hangata, ha ho e-na le e kulang mohlapeng kapa e tsofetseng ’me e ke ke ea potlaka, liqoaha tse ling li tsamaea butle ka boomo kapa li eme ho fihlela ena e tsamaeang butle e fihla mohlapeng hape. Haeba mohlape o e-ba kotsing, ka sebete pitsi ea poho e ema lipakeng tsa sebatana le lipitsi tse tšehali, e lome le hona ho raha sera e le ho fa mohlape monyetla oa ho baleha.

Bonngoe bo joalo ba lelapa bo bonahetse ketsahalong e bileng teng Thoteng ea Serengeti e Afrika, kamoo e ileng ea bonoa ke setsebi sa tlhaho, Hugo van Lawick. Ha a pheta kamoo sehlopha sa lintja tse hlaha se ileng sa qala ho lelekisa mohlape oa liqoaha kateng, o re lintja tseo li ile tsa khona ho qolla qoaha e le ’ngoe e tšehali ka har’a mohlape, petsana ea eona le e ’ngoe e neng e le selemo feela. Ha mohlape oohle oa liqoaha o baleha ka lebelo, qoaha ena e tšehali le petsana ea eona e selemo li ile tsa loantša lintja tsena ka sebete. Ka potlako, lintja tseo li ile tsa e-ba bohale le ho feta, ’me qoaha ena le petsana ea eona li ile tsa qala ho khathala. Lefu le ne le nkha linkong tsa tsona. Van Lawick o hopola pono eo e neng e bonahala e se na tšepo: “Ka tšohanyetso, ke ile ka utloa ho reketla fatše ’me eare ha ke phahamisa mahlo, ka makala ha ke bona liqoaha tse leshome li tla ka lebelo le tšabehang. Ho e-s’o ee kae, mohlape ona o ne o lika-likelitse qoaha ena e tšehali le lipetsana tsa eona tse peli, ’me sehlopha seo kaofela sa khutlela moo tseo tse leshome li neng li hlahile hona teng. Lintja li ile tsa li lelekisa sebaka sa lijarete [limithara] tse ka bang 50 kapa ho feta, empa li ne li sitoa ho kenella ka har’a mohlape oo ’me ka potlako tsa tela.”

Ho Hōlisa Lelapa

Qoaha e tšehali e sireletsa petsana ea eona e sa tsoa tsoaloa ’me qalong e e arola mohlapeng. Nakong ea kamano ena e haufi-ufi ha li sa le ka thōko ho mohlape, petsana e ba le maqhama a tiileng le ’m’a eona. Petsana ena e tšoara ka hlooho mechato e ikhethang e mephatšoa ea ’m’a eona. Ka mor’a moo, e tla tseba ho lla ha ’m’a eona, monko oa ’m’a eona le mechato ea ’m’a eona ’me e ke ke ea latela qoaha leha e le efe feela e tšehali.

Lipetsana tse sa tsoa tsoaloa ha li hlahe li e-na le mechato e bophatšoa bo tšoanang le ba batsoali ba tsona. Mechato ea tsona e ba bosootho bo bofubelu ’me ha e ntse e hōla ke hona e tla fetoha ho ba metšo. Mohlapeng o moholo, lipetsana tsa malapa ka ho fapana li ba hammoho le ho bapala kaofela. Lia lelekisana, li thale le ho matha ka har’a tse khōlō tseo ka linako tse ling li bapalang le tsona. Li matha ka maoto a tsona a tetemang, lipetsana li iketsetsa papali ea ho lelekisa linonyana le liphoofolo tse ling tse nyenyane. Liqoaha tse nyenyane, tse nang le maoto a malelele, a masesaane, ka mahlo a tsona a matšoana a litolo, le letlalo la tsona le khanyang, le bonolo, ke liphoofotsoana tse ntle ’me ha li khathatse mahlo.

Li Hlaha Empa Lia Tsoteha

Kajeno, mehlape e meholo ea liqoaha e ntse e ka bonoa e matha e le hlaha ’me e lokolohile makhulong a sabaletseng, a matle a Afrika. Ke pono e hlollang.

Ke mang ea ka hanang hore qoaha, ka mechato ea eona e bophatšoa bo ikhethang, ka ho itella ha eona lelapa, le ka bohlaha le ho lokoloha ha eona, ke phoofolo e khahlehang le e tsotehang? Ho tseba phoofolo e joalo ho araba potso e ileng ea botsoa lilemo tse likete tse fetileng: “Ke mang ea lokolotseng qoaha?” (Jobo 39:5) Karabo e hlakile. Ke Moqapi oa lintho tsohle tse phelang, Jehova Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Ke Hobane’ng ha Liqoaha li le Mechato?

Ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba thatafalloa ke ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha liqoaha li le mechato. Ba bang ba ’nile ba nahana hore mosebetsi oa eona ke ho fana ka temoso. Leha ho le joalo, ho hlakile hore litau le libatana tse ling ho hang ha li tšosoe ke mechato ea liqoaha.

Ba bang ba ’nile ba fana ka maikutlo a hore mechato ena e molemong oa ho hohela tse tona kapa tse tšehali. Leha ho le joalo, kaha liqoaha tsohle li na le mechato ’me ha ea itšetleha ka hore na ke e tona kapa e tšehali, ho bonahala lena e se lona lebaka.

Khopolo-taba e ’ngoe ke ea hore bophatšoa ba mechato eo bo molemong oa ho fokotsa mocheso o bakoang ke letsatsi le chesang la Afrika. Empa joale ke hobane’ng ha liphoofolo tse ling li se na mechato?

Khopolo-taba e ’ngoe e atileng ke ea hore liqoaha li na le mechato molemong oa ho ikhakanya. Bo-rasaense ba sibolotse hore mocheso o matla oa masabasabeng a Afrika o fela o fetola le hona ho fifatsa ponahalo ea liqoaha, e leng ho etsang hore ho be thata ho li bona ha li sa le hōle. Leha ho le joalo, ho ikhakanya hoo ha tsona ha li sa le hōle ha ho thuse letho kaha litau, e leng tsona lira tse ka sehloohong tsa liqoaha, li li hlasela feela ha li le haufi.

Hape ho ’nile ha boleloa hore nakong ea ha li matha ka serukhu, ’mele e mechato ea liqoaha tse mathang e ferekanya litau tse letšolong, e li sitisa ho korola phoofolo e le ’ngoe ka nako. Leha ho le joalo, ’nete ke hore thuto ea bophelo ba liphoofolo tse hlaha e totobalitse hore litau li na le bokhoni li bile lia atleha ho tsomeng liqoaha joalo feela kaha li tsoma liphoofolo tse ling.

Ho ferekanyang taba ena le ho feta ke ’nete ea hore mechato ea liqoaha ka linako tse ling e ka ipaka e le lemena la tsona. Bosiu khanyeng ea khoeli masabasabeng, mechato e mephatšoa ea qoaha e etsa hore e bonahale ho feta liphoofolo tse ling tse seng mebala-bala. Kaha ka tloaelo litau li tsoma bosiu, sena se bolela hore qoaha ke eona e ka mosing ho feta tse ling.

Ka lebaka lena, mechato ea qoaha ha e le hantle e tsoa hokae? Kutloisiso ea sena e fumanoa mantsoeng ana a hlakileng: ‘Letsoho la Jehova le entse sena.’ (Jobo 12:9) E, ’Mōpi o entse libōpuoa tsa lefatše ka litšobotsi le litšoaneleho tse ikhethang tseo le hoja batho ba sa li utloisise ka ho feletseng, e leng tsa bohlokoa bophelong ba tsona. Tlholeho e babatsehang ea lintho tse phelang e boetse e phetha morero o mong. E tlisetsa batho thabo, nyakallo le khotsofalo. Ka sebele, botle ba pōpo bo susumelelitse ba bangata kajeno hore ba ikutloe ka tsela e tšoanang le eo Davida a ileng a ikutloa ka eona nakong e fetileng: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela