“Letsatsi le Thabisang ka ho Fetisisa Bophelong ba Rōna”
LECHATO ke ketsahalo e thabisang. Banyalani ba bangata ba ’nile ba re: “E bile letsatsi le thabisang ka ho fetisisa bophelong ba rōna.” Empa e ka boela ea e-ba letsatsi le hlokang lintho tse ngata ka ho fetisisa. Khatello ea maikutlo le mokhathala oo monyali le monyaluoa le malapa abo bona ba bang le tsona li ka ba matla ka lebaka la liqeto tsohle le litokisetso tseo ba tlamehang ho li etsa, hammoho le batho ba bangata bao monyali le monyaluoa ba tlang ho kopana le bona letsatsing leo.
Lechato le tšoaea qalo ea bophelo bo bocha ba banyalani. Empa hase bona feela ba tla ameha. Hangata litho tsa lelapa li ferekana maikutlo kaha ho kena lenyalong ha morali, mora, kapa ngoan’abo motho ka tloaelo ho bolela hore moratuoa oa bona o il’o lula sebakeng se seng.
Mekhoa ea machato e fapana ho ea ka linaha, ’me ho ke ke ha etsahala hore e tšohloe kaofela sehloohong sena. Lihlooho tsena li tla lebisa tlhokomelo tloaelong e atileng linaheng tsa Bophirimela le linaheng tse tšoanang le tsona. Libakeng tseo, ho chata ho ka hloka chelete e ngata haholo. Ba bang ba sebelisa bokhothokhotho ba chelete letsatsing la lechato, ho kopanyelletsa ho hira holo kapa reschorente eo ho tla ketekeloa ho eona le ho lokisetsa lijo. Ho hakanngoa hore Italy, ka karolelano litšenyehelo tsa lechato li ka feta chelete e kaalo ka R90 000. Japane teng, joaloka libakeng tse ling, chelete e ka ba e fetang eo. Hangata hase monyali le monyaluoa ba lefellang litšenyehelo. Li lefelloa ke batsoali ba bona.
Machato ke khoebo e khōlō. Lifeme tse ngata li buella khopolo ea ho ba le lechato le “phethahetseng,” moo ho seng letho le haellang. Etsoe li fana ka maikutlo a ho re “lena ke letsatsi le thabisang ka ho fetisisa bophelong ba lōna!” Ka hona, li buella lisebelisoa le litšebeletso tse ngata tseo li reng ke tsa “bohlokoa” bakeng sa ho etsa hore letsatsi la hao la lechato e be le “phethahetseng.” E ka ’na ea e-ba limemo tse ikhethang, mose “oa litoro” haesitana le mese ea baetsana le li-tuxedo kapa lisutu tse tšoanang bakeng sa baetsana ba banna. Ho boetse ho na le lipalesa, likoloi tsa limousine, mohlomong le reschorente eo ho tla ketekeloa ho eona, motho ea nkang lifoto, bente le lintho tse ling. Lethathamo la lintho tsohle tse ka ’nang tsa batloa ke monyali le monyaluoa, hammoho le litšenyehelo tsa tsona li ka hlokisa bo-ntate ba bangata botsitso.
Lichabeng tse ngata, ho lebisoa tlhokomelo moketeng oa moetlo. Ho na le tsela e tsitsitseng eo lintho li lokelang ho etsoa ka eona, ’me ho lebeletsoe hore monyali le monyaluoa ba lumellane le eona. E, ho na le lintho tse ngata tse lokelang ho hopoloa, empa ho na le nako e lekanyelitsoeng feela ea ho li hlophisa kaofela.
Na ke tebello e thabisang kapa ke e nyahamisang? Ho sa tsotellehe hore na karabo ea hao ke efe, ho nahana ka lintho tsohle tse amehang bakeng sa lechato ho phahamisa lipotso tse ’maloa. Matsatsing aa ho kena lenyalong ho bolela eng? Na ka sebele hore e tle e be motho o chatile “hantle” ho tla hlokahala lintho tsee tsohle? Mathata a fapa-fapaneng a sebele le a maikutlo a ka hlōloa joang?
Ho sa tsotellehe khatello eohle e bang teng, ba bangata ba atlehile ho rera lintho tsa bona tsa lechato ’me ba thabela ketsahalo eo. Liphihlelo tsa bona li ka ’na tsa thusa ba bang ba lokisetsang ketsahalo ena. Hape, ho na le melao-motheo ea Bibele e ka thusang ha ho etsoa litokisetso tsa lechato, e le hore letsatsi leo e ka ba le monate, le thabisang le le hahang bohle.