Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 2/8 leq. 32
  • “Ke Kōpa Thuso Hle! Ke Tšepile Lōna Feela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Kōpa Thuso Hle! Ke Tšepile Lōna Feela”
  • Tsoha!—2002
Tsoha!—2002
g02 2/8 leq. 32

“Ke Kōpa Thuso Hle! Ke Tšepile Lōna Feela”

MANTSOE A KA HOLIMO KE A NENG A QETELLA lengolo le eang ofising ea Lipaki tsa Jehova le ngotsoeng ke ngaka ea Kaunas Medical University e Lithuania. Ngaka eo e ile ea hlalosa:

“Ha ke le mosebetsing, ke ile ka qala ho bala buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke ile ka etsa qeto ea ho sebelisa boitsebiso ba eona lihloohong tsa ka tse ling, empa ho ile ha etsahala ho hong, buka eo e ile ea nyamela. Ho bonahala ho e-na le motho ea e nkileng. Sena se nkutloisa bohloko haholo—haholo ha ke nahana hore ke lahlehetsoe ke letlotlo le lekaalo. Ke kōpa le be mosa ho nthomella buka e ’ngoe.

“Ke hloka buka ena haholo hobane ke etela likolo le ho sebetsana le bacha, ’me buka ena e nthusa ho araba lipotso tse ngata tsa bona. Ha le ka nthomella e ’ngoe, ke tla e boloka ha ka ’me ke tla e hlokomela haholo. Buka ena e fupere ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo, ’me ke nahana hore ke lona lebaka le entseng hore motho e mong a e nke. Mehleng ena e thata, ho hlokahala hore re fumane matla kae-kae. Ke kōpa thuso hle! Ke tšepile lōna feela.”

Buka ea Bacha Baa Botsa e tšohla lipotso tse ngata tseo bacha ba ipotsang tsona, tse kang: “Nka Etsa Joang Hore Batsoali ba ka ba Mphe Tokoloho e Eketsehileng?,” “Na ke Lokela ho Tloha Lapeng?,” “Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?,” “Ke Lokela ho Khetha Mosebetsi Ofe?,” “Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?” le “Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?” Lihlooho tse ka holimo ke tse ’maloa feela tsa likhaolo tsa buka ena. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankana se ka tlaase le ho se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela