Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 leq. 32
  • Ba ne ba Shebiloe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba ne ba Shebiloe
  • Tsoha!—2002
Tsoha!—2002
g02 4/8 leq. 32

Ba ne ba Shebiloe

BACHA ba babeli ba ile ba kena reschorenteng ho ea ja lijo tsa hoseng motsaneng o mong oa Ohio, U.S.A. Joalokaha ba tloaetse, pele ba e-ja ba ile ba inamisa lihlooho ’me ba rapella ka pelong.

Ka mor’a moo, mosali ea neng a ntse a ba shebile o ile a tla tafoleng ea bona ’me a nka pampiri e bontšang hore na lijo tsa bona ke bokae. O ile a re ho bona: “Lefatšeng lena leo re utloang lintho tse mpe tse ngata hakana ka bacha ba rōna, ho khatholla hakaakang ho bona bahlankana ba babeli ba nang le nako ea ho leboha Molimo ka lijo tsa bona! Ke kōpa ho lefella lijo tsa lōna.”

Bahlankana bana ba ne ba maketse empa ba ile ba khona ho leboha. Ka mor’a moo ba ile ba buisana hore ba ke ke ba tlohella hore mosali enoa a nahane hore ba ne ba rapela Molimo leha e le ofe. Ka hona, e mong oa bona o ile a ea ho mosali enoa, ’me ka mor’a ho mo leboha hape o ile a hlalosa hore ke Lipaki tsa Jehova.

Lipaki tsa Jehova li tloaetse ho ithuta Bibele le malapa a tsona. Batsoali ba bashemane bana ba ne ba entse seo. Se seng sa lingoliloeng tseo malapa a ithutang tsona ke Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Likhaolong tsa eona tse 19, buka ena e na le e buang ka thapelo e reng: “Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo.”

U ka kōpa buka ena e maqephe a 192 ea ho ithuta Bibele ka ho tlatsa setlankane se bontšitsoeng ’me u se romele atereseng e fanoeng kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng bukana ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele ka taba ea thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela