Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 7/8 leq. 32
  • “E Fihlile ka Nako e Tšoanetseng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “E Fihlile ka Nako e Tšoanetseng”
  • Tsoha!—2002
Tsoha!—2002
g02 7/8 leq. 32

“E Fihlile ka Nako e Tšoanetseng”

KE SEO monna ea tsoang motseng oa Abakaliki a ileng a se bua lengolong leo a neng a le ngoletse ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova Nigeria. O ne a bua ka bukana eo a neng a sa tsoa e fuoa ea Ha Eo U mo Ratang A E-shoa. O ile a hlalosa:

“Ke ile ka shoeloa ke mosali oa ka eo ke mo ratang, Tochi, ka mor’a hore a pepe ka la 18 June, 2000. Nako e fetang khoeli ka mor’a moo, ke ne ke ntse ke e-s’o hlaphoheloe bohlokong boo ke neng ke bo utloile, e leng boikutlong ba ho ba shoohlo, ho ikutloa ke se na thuso le ho se lumele hore ke hlahetsoe ke tlokotsi e sithabetsang hakaalo bophelong. Joale, ka July, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a mpha sengoliloeng sa lōna se reng Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Bukana eo e ile ea tšoana le setlhare ho ’na, ’me butle-butle ka qala ho leka ho khutlisetsa bophelo ba ka setloaeling—ka lebaka la keletso eo e fanang ka eona. Ka sebele e khutlisitse tšepo ea ka ’me e entse hore ke lemohe hore ka nģ’ane ho boemo bona bo sithabetsang ho na le tšepo.”

Mohlomong uena kapa motho e mong eo u mo tsebang le ka fumana matšeliso ka ho bala bukana ena e maqephe a 32. U ka kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona le ho se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa atereseng e nepahetseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Ka kōpo ntlisetseng bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela