Phoso ke Efe ka Papali ea Chelete?
“Baahi ba ka bang 290 000 ba Australia ba na le bothata ba papali ea chelete ’me ka selemo ba lahleheloa ke hoo e ka bang lidolara tse libilione tse 3 [liranta tse limilione tse likete tse 35]. Bona ke bothata bo boholo bo sa ameng batho ba nang le bothata ba papali ea chelete feela, empa bo ama le batho ba bang ba ka bang limilione tse 1,5 ka mokhoa o tobileng ka lebaka la ho oa licheleteng, tlhalo, ho ipolaea le nako e lahlehang mosebetsing.”—Tona-khōlō ea Australia J. Howard, 1999.
JOHN, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ile a ba le bothata ba papali ea chelete.a O ile a fallela Australia, moo a ileng a nyala Linda eo le eena a neng a e-na le bothata ba papali ea chelete. Temallo ea John e ile ea tota. O re: “Ke ile ka tsoela pele ho tloha ho rekeng litekete tsa lothari ho ea ho becheng lipere le ho bapala papali ea chelete lik’hasinong. Ke ile ka qetella ke becha hoo e ka bang letsatsi le chabang le le likelang. Ka linako tse ling ke ne ke becha ka moputso oa ka oohle ho fihlela ke se na chelete ea ho lefella ntlo kapa ea ho fepa lelapa. Esita leha ke ne ke hapa chelete e ngata, ke ne ke tsoela pele ho becha. Ke ne ke hoheloa ke thabo eo ke neng ke e fumana ha ke hapa.”
Batho ba tšoanang le John ba bangata. Ho bonahala lichaba tsohle li tšoeroe ke feberu ea ho becha. Makasine ea USA Today e boletse hore pakeng tsa 1976 le 1997, ho ile ha e-ba le keketseho e makatsang ea karolo ea 3 200 lekholong ea chelete e fumanoeng papaling ea chelete e lumeletsoeng ka molao United States.
Koranta ea Canada, The Globe and Mail, e re: “Pele papali ea chelete e ne e nkoa e le ketso ea ho hloka mekhoa le e mpe sechabeng. Kajeno e nkoa e le boithabiso bo amohelehang sechabeng.” Ha e hlalosa lebaka leo boikutlo ba sechaba bo fetohileng ka lona, koranta ena e tsoela pele ho re: “Lebaka le etsang hore maikutlo a batho a fetohe mabapi le papali ea chelete ke letšolo la lipapatso tse bitsang chelete e ngata le tse nkang nako e telele tseo boholo ba tsona li tšehetsoang ke ’muso ka tsela e e-song ho bonoe historing ea Canada.” Boiteko ba ho hōlisa papali ea chelete bo bile le phello efe lichabeng tse ling?
Seoa sa Bothata ba Papali ea Chelete
Ho ea ka khakanyo e fanoeng ke Sekolo sa Bongaka sa Harvard Lefapheng la Lintho Tse Lemaletsoeng, ka 1996 ho ne ho e-na le “Maamerika a limilione tse 7,5 ao e neng e le batho ba baholo, a neng a e-na le bothata ba papali ea chelete ’me a mang a e lemaletse” ’me a eketsehileng a “limilione tse 7,9 e le bacha ba Maamerika ba nang le bothata ba papali ea chelete le ba e lemaletseng.” Lipalo-palo tsena li ne li kopanyelelitsoe tlalehong e neng e bokeletsoe ke Komisi ea Tsa Thuto ka Tšusumetso ea Papali ea Chelete Sechabeng (NGISC), e ileng ea fuoa Lekhotla la Sechaba la United States. Tlaleho eo e ile ea bolela hore ho ka etsahala hore ebe palo ea batho ba nang le mathata a papali ea chelete Amerika e phahame haholo ho feta palo e tlalehiloeng.
Ka lebaka la ho felloa ke mosebetsi, ho fokolloa ke bophelo, ho lefuoa ha meputso ea batho ba sa sebetseng, le litšenyehelo tsa mananeo a ho hlokomela ba nang le bothata ba papali ea chelete, ho hakanngoa hore bothata ba papali ea chelete bo qosa baahi ba United States chelete e ka etsang lidolara tse limilione tse likete selemo se seng le se seng. Leha ho le joalo, lipalo tsena ha li bolele letho ha ho bapisoa le bothata ba papali ea chelete—boima boo malapa a bang ka tlas’a bona, metsoalle le basebetsi-’moho, bo fellang ka ho utsoa, ho qhekella, ho ipolaea, pefo ka lapeng le ho hlekefetsoa ha bana. Phuputso e ’ngoe ea Australia e fumane hore batho ba ka bang leshome ba angoa ka ho toba ke motho ka mong ea nang le bothata ba papali ea chelete. Tlaleho e fanoeng ke Lekhotla la Lipatlisiso la Sechaba United States e re hoo e ka bang “karolo ea 50 lekholong ea balekane ba lenyalo le karolo ea 10 lekholong ea bana e hlekefetsoa ke batho ba lemaletseng papali ea chelete.”
Temallo e Tšoaetsanoang
Joaloka mafu a mang, bothata ba papali ea chelete bo bonahala bo nama ho tloha ho batsoali ho fetela baneng. Tlaleho ea NGISC e re: “Ho bonahala bana bao batsoali ba bona e leng makhoba a papali ea chelete ho le bonolo haholoanyane hore ba amehe boitšoarong ba botlokotsebe joaloka ho tsuba, ho noa joala le ho sebelisa lithethefatsi le ho ba kotsing ea ho ba le bothata ba papali ea chelete kapa ho e lemalla.” Tlaleho eo e tsoela pele ho re “batho ba lilemong tsa bocha ba kotsing e khōlō ea ho ba le bothata ba papali ea chelete le ho e lemalla ho feta batho ba baholo.”
Dr. Howard J. Shaffer, eo e leng molaoli oa Sekolo sa Bongaka sa Harvard Lefapheng la Phuputso ea Lintho Tse Lemaletsoeng, o re: “Ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore papali ea chelete e sa lumelloang ka molao e ata haholo har’a bacha ho feta e lumeletsoeng ka molao.” Ha a bua ka monyetla oa hore batho ba lemaletseng papali ea chelete ba ka sebelisa theknoloji ea Internet hampe, o re: “Joalokaha ho tsuba mofuta o matla haholoanyane oa k’hok’heine ho fetotse mokhoa oa ho tsuba k’hok’heine e tloaelehileng, ke nahana hore thepa ea elektronike e tla fetola tsela eo papali ea chelete e bapaloang ka eona hona joale.”
Hangata khoebo ea papali ea chelete e hlalosoa e le boithabiso bo se nang kotsi. Empa bakeng sa bacha, papali ea chelete e ka lemalloa joaloka sethethefatsi leha e le sefe se seng molaong ’me e ka fetola motho senokoane. Lipatlisisong tse ileng tsa etsoa United Kingdom ho fumanoe hore har’a bacha ba bapalang papali ea chelete, “ba etsang karolo ea 46 lekholong ba ne ba utsoetsa malapa a habo bona” e le hore ba ka tšehetsa temallo ea bona.
Ho sa tsotellehe bopaki bo fanoeng, mokhatlo o mong o nang le tšusumetso le o buellang papali ea chelete o re: “Palo e khōlō ea Maamerika a thabelang papali ea chelete ha e na leha e le bothatanyana feela.” Esita le haeba u nahana hore ho bapala papali ea chelete ha ho u kenye likolotong kapa ha ho ame bophelo ba hao ba ’mele, u nahana hore ho ama bophelo ba hao ba moea joang? Na ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha u lokela ho tlohela papali ea chelete? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lebokose le reng “Na Ebe ke na le Bothata ba Papali ea Chelete?” leqepheng la 4 le la 5.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Na Ebe ke na le Bothata ba Papali ea Chelete?
Ho ea ka American Psychiatric Association, lintlha tsena tse latelang tse leqepheng la 5 li ka sebetsa e le tataiso bakeng sa ho lemoha hore na motho o lemaletse papali ea chelete (ka linako tse ling ho ka boleloa hore ke lekhoba la papali ea chelete). Litsebi tse ngata li lumela hore haeba u e-na le matšoao ana a latelang, u na le bothata ba papali ea chelete, ’me haeba u e-na le le leng la matšoao ana u kotsing ea ho ba le bothata ba papali ea chelete.
Ho inehela U behile tlhokomelo eohle ea hao papaling ea chelete—u batla ho feta har’a liphihlelo tsa papali ea chelete tseo u bileng le tsona nakong e fetileng, u loha leano le latelang la ho leka letsoho, kapa u nahana ka litsela tsa ho fumana chelete ea ho becha.
Ho Mamella Tloaelo Ho hlokahala hore u beche ka chelete e eketsehileng e le hore u ka fumana thabo eo u e batlang.
Ho ikhula U hloka botsitso kapa u khopiseha habonolo ha u tlameha ho fokotsa kapa ho khaotsa ho bapala papali ea chelete.
Ho baleha Ho bapala ha hao papali ea chelete ke tsela ea ho baleha mathata kapa ea ho itokolla maikutlong a ho hloka thuso, boikutlong bo molato, matšoenyehong kapa ho imeloeng kelellong.
Ho lelekisa Ka mor’a hore u lahleheloe ke chelete papaling ea chelete, hangata u khutla hape letsatsing le leng e le hore u ka boela ua fumana chelete ea hao. Boitšoaro bona bo tsejoa ka hore ke ho lelekisa chelete e lahlehileng.
Ho bua leshano U thetsa ba lelapa la hao, litsebi, kapa batho ba bang ka morero oa ho ba patela hore ua ameha papaling ea chelete.
Ho tsoa taolong U lekile ka makhetlo-khetlo ho tlohela ho bapala papali ea chelete, ho ho laola, kapa ho fokotsa ho bapala papali ea chelete.
Ho tlōla molao U entse litlōlo tsa molao, tse kang bomenemene, ho utsoa, kapa boqhekelli, e le hore u ka tsoela pele u bapala papali ea chelete.
Ho beha botsoalle ba bohlokoa kotsing U behile botsoalle ba bohlokoa kotsing kapa u bo qhalile, ua khaotsa ho ithuta kapa ua tlohela mosebetsi oo u ithutelang oona, kapa ua felloa ke mosebetsi ka lebaka la papali ea chelete.
Ho itšetleha ka batho ba bang hore ba u thuse U itšetlehile ka batho ba bang hore ba u fe chelete e le hore u ka tsoa likolotong tse bakiloeng ke papali ea chelete.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Source: National Opinion Research Center at the University of Chicago, Gemini Research, and The Lewin Group.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Molaetsa oa ’Nete Lipapatsong Tsa Lothari
Tlaleho ea Univesithi ea Duke e ileng ea romeloa Komising ea Tsa Thuto ka Tšusumetso ea Papali ea Chelete Sechabeng, e ne e re: “Ho khothalletsa lothari . . . ho ka nkoa e le thuto ea bohlokoa, ho ruta hore papali ea chelete ke tšebetso e mosa kapa esita le e khabane.” Ha e le hantle, lipapatso tsa lothari li na le tšusumetso efe sechabeng? Tlaleho eo e re: “Ho re molaetsa oa lipapatso tsa lothari o fokolisa boitšoaro hase ho feteletsa lintho—kaha motho o lokela ho khetha nomoro e nepahetseng e le hore a ka atleha. ‘Thuto’ ena e khelohileng e ntšetsoang pele ke mekhatlo ea lilothari e ka ’na ea e-ba le tšusumetso e fapaneng ea ho fokotsa phaello ea chelete e fumanoang ke ’muso selemo le selemo, ka ho theola khōlo ea moruo. Ka ho khetheha, haeba ho buelloa ha lothari ho felisa takatso e matla ea ho sebetsa, ho boloka chelete, ho kenngoa ha chelete mererong ea thuto le thupelo, qetellong moruo oa naha o ke ke oa beha litholoana. Leha ho le joalo, ho lebella mohlolo hase thuto eo ka tloaelo re e rutang bana ba rōna e le hore ba atlehe.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ha Ntlo e ’Ngoe le e ’Ngoe e le K’hasino
Ka karoloana ea chelete ea ho haha mehaho e mecha ea papali ea chelete, mekhatlo ea papali ea chelete e se e qala ho sebelisa mecha ea boitsebiso e ka fetolang ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e nang le k’homphieutha e hokahantsoeng le Internet hore e be k’hasino. Bohareng ba lilemo tsa bo-1990 ho ne ho e-na le mecha e ka bang 25 ea papali ea chelete ho Internet. Ka 2001 ho ne ho e-na le mecha e fetang 1 200 ’me phaello ea chelete e tsoang mecheng ea papali ea chelete e fumanoang ke ’muso selemo le selemo e eketseha habeli ka selemo. Ka 1997 mecha ena ea papali ea chelete e ile ea fumana lidolara tse limilione tse 300. Ka 1998 e ile ea fumana chelete e eketsehileng e ka bang lidolara tse limilione tse 650. Ka 2000, mecha ea Internet ea papali ea chelete e ile ea fumana lidolara tse limilione tse likete tse 2,2, ’me ho ea ka tlaleho ea litaba ea Reuters ho lebeletsoe hore ka selemo sa 2003 palo eo e “eketsehe ho fihlela ho lidolara tse libilione tse 6,4 [lidolara tse limilione tse likete tse 6,4].”
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bothata ba papali ea chelete bo bakela batho litlokotsi tse akarelletsang malapa a se nang chelete ea lijo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Papali ea chelete har’a bacha e eketseha ka tekanyo e tšosang
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Bana bao batsoali ba bona e leng makhoba a papali ea chelete ba kotsing e khōlō ea hore le bona ba lemalle papali ea chelete