Malapa a Motsoali a le Mong a Ntse a Eketseha
“Ka masiu a mangata ke ne ke atisa ho rapela Molimo ka meokho ke re ho eena: ‘Ha ke tsebe hore na ke lokela ho etsa’ng hosane.’”—GLORIA, ’MÈ OA BANA BA BARARO EA SE NANG MOLEKANE.
LICHABENG tse ngata kajeno, malapa a motsoali a le mong e se e le kobo-anela ’me ha ho bonahale eka a tla fela.a Ha mokhoa o tloaelehileng oa bophelo ba lelapa ba monna, mosali le bana o nkeloa sebaka ke mekhoa e meng, litsebi tsa lipalo-palo tsa baahi le litsebi litabeng tsa kahisano likarolong tse ngata tsa lefatše lia ipotsa hore na lebaka ke lefe.
Liprofesa litabeng tsa kahisano Simon Duncan le Rosalind Edwards li bontša hore “ho etsahala liphetoho tse nkang nako e telele tokisetsong ea lelapa le likamanong tsa banna le basali.” Hobane’ng? Bashebelli ba bang ba re sena se bakoa ke tsela eo batho ba khethang ho phela ka eona maemong a moruo, a setso le a kahisano.
A re ke re hlahlobeng tse ling tsa liphetoho tsena, hammoho le lintho tseo batho ba li khethang. Likhatello tsa bophelo ke eona ntho e ka sehloohong e amang bophelo ba batho. Maemo a ba potolohileng a ba ama ka linako tsohle. Nako eo pele ba neng ba e qeta ba etsa mesebetsi ea lelapa, hona joale ba e qeta ba butse Internet, ba shebeletse TV, ba bua mohaleng, ba le koloing, ba le tseleng.
Likhatello tsa moruo le tsona li baka mahlomola. Lintho tsa kajeno tse nolofalletsang batho bophelo li hloka chelete e ngata, kahoo batsoali ba eketsehileng baa sebetsa. Ho ba karolo ea batho ba lulang ba fallela libakeng tse ling ho entse hore litho tse ngata tsa malapa li lule le ho sebetsa hōle le ba habo tsona ba ka li tšehetsang ’me maemong a mang li le hōle le balekane ba tsona. Linaheng tse ngata boithabiso bo ratoang bo mpefatsa lintho le ho feta, kaha hangata morero oa bona ke ho senya likamano tse etsang hore batho e be ba tsitsitseng, tse kang lenyalo le lelapa.b
Bo-’mè ba Kajeno ba se Nang Balekane
’Mè ea se nang molekane kajeno ha a sa tšoana le ngoanana ea sa nyaloang oa mehleng ea khale ea neng a phela ka liphallelo. Ho ba ’mè ea sa nyaloang ha e sa le sekhobo se sekaalo ’me ho bile ho tlotlisoa ke likhalala. Ho phaella moo, basali ba bangata ba rutehile haholoanyane ’me ba khona ho iphelisa—kahoo ha ho sa hlokahala hore motho a nyaloe hore e tle e be ’mè ea sireletsehileng licheleteng.
Bo-’mè ba bang ba se nang balekane, haholo-holo ba hōlisitsoeng ke batsoali ba hlalaneng, ba lula ba sa nyaloa hobane ba sa batle hore bana ba bona ba utloe bohloko ba ho bona ha motsoali e mong a ba tlohela. Basali ba bang e ba bo-’mè ba se nang balekane hobane ba lahluoe, eseng ka boikhethelo. Mokhatlo o bitsoang Joseph Rowntree Foundation oa Brithani o re: “Hangata ho ba motsoali a le mong hase khetho e etsoang ka boithati kapa ea ka boomo, ebile hase hore bana ba malapa a motsoali a le mong ba hlokomolohiloe ebile ha ba lauoe.”
Ho ntse ho le joalo, batho ba amehile ka ho ata ha malapa a motsoali a le mong hobane batsoali ba se nang balekane le bana ba bona ba ka ’na ba e-ba le khatello ea maikutlo, ea e-ba ba hlokang le ba khesoang sechabeng. Batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ebe ho ka etsahala hore motsoali a le mong a hōlise bana ka katleho. A mang a mathata a khethehileng ao malapa a motsoali a le mong a tobanang le ’ona ke afe? Mokreste a ka sebetsana ka katleho le bothata ba ho hōlisa bana e le motsoali a le mong joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi litabeng tsa kahisano li bontša hore palo ea bo-’mè ba se nang balekane ‘e feta ea bo-ntate ba se nang balekane ka tsela e tšosang.’ Kahoo, lihlooho tsena li bua haholo-holo ka bo-’mè ba se nang balekane. Leha ho le joalo, melao-motheo e tšohloang e sebetsa ka ho tšoanang le ho bo-ntate ba se nang balekane.
b Bakeng sa ho fumana boitsebiso bo tšohlang liphephetso tse akaretsang tsa ho ba ’mè, bona sehlooho se reng, “Na Mosali e Lokela ho ba ea Ikhethang Hore e be ’Mè?” tokollong ea Tsoha! ea April 8, 2002.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Litlhaloso Tse Ling
Lefatšeng ka bophara ho sebelisoa mantsoe a sa tšoaneng ho hlalosa bo-’mè ba hōlisang bana ba le bang. Linaheng tse ling poleloana “’mè ea se nang molekane” e sebelisoa ho hlalosa bo-’mè ba e-s’o ka ba nyaloa, ha linaheng tse ling “’mè eo e leng motsoali a le mong” e le poleloana e akarelletsang bo-’mè ka kakaretso ba hōlisang bana ho se na banna bao ba lulang le bona. E ka ’na eaba bo-’mè ba joalo ba hlaliloe, ba arohane le banna ba bona, kapa ke bahlolohali, kapa haesale ha ba e-s’o nyaloe.
Letotong la lihlooho tsena, re sebelisa mantsoe “motsoali a le mong” le “’mè ea se nang molekane” ho hlalosa batsoali ba hōlisang bana ba se na balekane.
[Lebokose/’Mapa o leqepheng la 4, 5]
HO BA MOTSOALI A LE MONG—MOKHOA O NTSENG O E-JA SETSI LINAHENG TSE NGATA
United States: “Pakeng tsa 1970 le 2000, palo ea bo-’mè ba se nang balekane e eketsehile ho tloha ho ba limilione tse 3 ho ea ho tse 10; ha ka nako e tšoanang palo ea bo-ntate ba se nang balekane le eona e eketsehile ho tloha ho ba 393 000 ho ea ho ba limilione tse 2.”—U.S. Census Bureau.
Mexico: Ho latela koranta ea La Jornada, karolo ea 27 lekholong ea baimana naheng eo ke bo-’mè ba ka tlaase ho lilemo tse 20.
Ireland: Palo ea malapa a motsoali a le mong e eketsehile ho tloha karolong ea 5,7 lekholong ka 1981 ho ea ho 7,9 ka 1991. “Ho qhalana ha manyalo e sa ntse e le sesosa se ka sehloohong se etsang hore ho be le bo-’mè ba se nang balekane.”—Single Mothers in an International Context, 1997.
Brithani: “Ka lekhetlo la pele, palo ea malapa a motsoali a le mong e fetile karolo ea 25 lekholong, e leng ho bontšang keketseho e khōlō palong ea bo-’mè ba e-song ho ka ba nyaloa le keketseho e khōlō ea ba hlalanang, lilemong tse 30 tse fetileng.”—The Times, London, March 2, 2000.
Fora: “Ho tloha bofelong ba bo-1970, palo ea malapa a motsoali a le mong e eketsehile ka karolo e fetang 50 lekholong.”—Single Mothers in an International Context, 1997.
Jeremane: “Palo ea batsoali ba se nang balekane e imenne habeli lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng. Hoo e ka bang malapa ’ohle a motsoali a le mong . . . a tsamaisoa ke ’mè.”—Single Mothers in an International Context, 1997.
Japane: ‘Malapa a ’mè eo e leng motsoali a le mong a ’nile a eketseha ho tloha ka bo-1970.’ Ka 1997, karolo ea 17 lekholong ea malapa ’ohle e ne e tsamaisoa ke bo-’mè ba se nang balekane.—Single Mothers in an International Context, 1997; The World’s Women 2000: Trends and Statistics.
Greece: “Ho tloha ka 1980, palo ea bo-’mè ba sa nyaloang [Greece] e eketsehile ka karolo ea 29,8 lekholong. ’Me ho latela boitsebiso bo fanoeng ke European Union, ka 1997 bana ba matšeo ba ne ba etsa karolo ea 3,3 lekholong, ha ka 1980 e ne e le feela karolo ea 1,1 lekholong.”—Koranta ea Ta Nea, Athene, ea la 4 September, 1998.
Australia: Hoo e ka bang ngoana a le mong ho ba bane o phela le motsoali a le mong feela. Hangata sena se bakoa ke ho qhalana ha lenyalo la batsoali kapa kamano ea bona. Ho hakanyelitsoe hore nakong ea lilemo tse 25, malapa a motsoali a le mong a tla eketseha ka palo e pakeng tsa karolo ea 30 le ea 66 lekholong.—Australian Bureau of Statistics.