Ho ba Motsoali a le Mong, Empa U se Mong
“Ha bana ba ka ba fihla hae ’me ba nkopa ka matsoho, ba bile ba mpolella hore baa nthata, eo e-ba ntho e monate ka ho fetisisa ea ho ba ’mè.”—DORIS, ’MÈ OA BANA BA BABELI EA SE NANG MOLEKANE.
BATSOALI ba se nang balekane ba ka fumana khothatso polelong ena e ka Bibeleng: “Bana ke tlhohonolofatso le mpho e tsoang ho MORENA.” (Pesaleme ea 127:3, Contemporary English Version) Bana ba hōlisetsoang malapeng a motsoali a le mong e ntse e le ba bohlokoa mahlong a Molimo. ’Mōpi oa rōna o lakatsa ho bona malapa a motsoali a le mong a atleha. Bibele e re ka eena: “O imolla moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali.” (Pesaleme ea 146:9) Batsoali ba se nang balekane ba ka kholiseha hore Molimo o ikemiselitse ho ba tšehetsa.
Ngoana o na le tokelo ea ho hōlisetsoa tikolohong e lerato le e sireletsehileng e tla mo nolofalletsa hore a hōle hantle ’meleng, maikutlong le moeeng. Ke boikarabelo le tokelo tsa motsoali e mong le e mong hore a sebelisoe ke Molimo ho koetlisa ngoana.
Batsoali ba bangata ba se nang balekane ba fumane hore baa atleha haeba ba rapela ka tieo, ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ba sa khaotse ba bile ba itšetlehile ka Jehova ka ho feletseng. Sena se lumellana le khothatso e fumanoang Pesalemeng ea 55:22: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”
Nako le nako bo-nkhono le bo-ntate-moholo, baholo ba phutheho le batsoali ba nang le phihlelo phuthehong ea Bokreste ba teng hore ba ka thusa malapa a motsoali a le mong hore a sebetsane le maemo a lekang. Ke ’nete hore litho tsa lelapa le barapeli-’moho ba ka thusa haholo boitekong ba batsoali ba se nang balekane, empa boikarabelo bo ka sehloohong boo ba bo filoeng ke Molimo bo ntse bo le mahetleng a batsoali ba ngoana.a
Ho thabisang ke hore batsoali ba bangata ba se nang balekane ba atlehile ho sebetsana le liphephetso tse ikhethang boemong ba bona ’me ba hōlisitse bana ba nang le boikarabelo, ba itšoereng hantle le ba tšabang Molimo. Tsoha! e buisane le ba ’maloa ba bona. Tse ling tsa lintho tseo batsoali bana ba tšoanang ka tsona ke tsena.
• Tsamaiso e nepahetseng ea lelapa. Batsoali ba atlehang ba se nang balekane ba leka ka matla ho ba ba hlophisehileng le ho sebetsa ka thata ho hokahanya mesebetsi ea lelapa. Ho rera ka tsela e nepahetseng le tlhophiso lia hlokahala. Bibele e re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”—Liproverbia 21:5.
• Boitlamo. Batsoali ba atlehang ba se nang balekane ba etsa bophelo ba lelapa e ’ngoe ea lintho tse tlang pele bophelong ba bona. Ba etelletsa pele litlhoko tsa bana ba bona ka pele ho tsa bona.—1 Timothea 5:8.
• Mokhoa o itekanetseng oa ho etsa lintho. Batsoali ba atlehang ba se nang balekane ha ba nyenyefatse mathata kapa hona ho a fetelletsa; ba batla tharollo. Ba amohela mathata le ho leka ho sebetsana le ’ona ntle le ho iqenehela kapa ho ba bohale.
• Puisano e ntle. Batsoali ba atlehang ba se nang balekane ba khothalletsa puisano. Ba khothalletsa hore ka lapeng ba bolellane maikutlo ka tsela e hlakileng le ka bolokolohi. Ntate e mong ea se nang molekane o buile tjena ka bana ba hae: “Ke bua le bona ha ho hlaha monyetla o mong le o mong. Re ba le ‘moqoqo o monate’ ha re pheha lijo tsa mantsiboea. Ke nakong eo joale ba hlileng ba mphetlelang lifuba.”
• Ho itlhokomela. Le hoja ba lula ba tšoarehile, batsoali ba atlehang ba se nang balekane baa hlokomela hore ke habohlokoa ho itlhokomela moeeng, maikutlong le nameng. Ethel, ’mè ea hlaliloeng ea nang le bana ba babeli oa hlalosa: “Ke leka ho itšiela nako. Ka mohlala, nakong eo motsoalle oa ka a rutang bana ’mino, ke fumana hora. Kea phomola ’me ha ke shebelle TV.”
• Boikutlo bo nepahetseng. Batsoali ba atlehang ba se nang balekane ba lula ba e-na le pono e nepahetseng ka ho hōlisa bana le ka bophelo ka kakaretso. Esita le maemong a sithabetsang ba bona lehlakore le letle. ’Mè e mong ea se nang molekane o re: “Ke fumane hore ho ba motsoali ea se nang molekane ha ho hlile ha ho hobe ka linako tsohle.”
Litlaleho Tsa ba Atlehileng
Na melao-motheo ee ea sebetsa? E, joalokaha ho ka bonoa litlalehong tse ngata tsa batsoali ba atlehileng ba se nang balekane. Gloria, ’mè ea hlaliloeng oa Engelane, ea sebetsang, ea boletsoeng sehloohong se qalang, o hōlisitse bara ba babeli le morali. Boraro ba bona ba hōlile ’me ke basebeletsi ba nako e tletseng ba Bakreste, ba nehetseng bophelo ba bona ho ruteng ba bang ka Bibele. Ha a botsoa hore na o atlehile joang, Gloria o hlalositse: “Bothata ba pele e ne e le ho loanela ho ba le thuto ea lelapa ea Bibele e thahasellisang kamehla. Ke ne ke batla hore bana ba lule ba thabile, ba sa khathatsehe kelellong, ba khotsofetse ebile ba sireletsehile hore ba se ke ba oela likotsing. Ke ile ka fumana mosebetsi oa bosiu. Sepheo sa ka e ne e le hore ke be le bana ba ka neng le neng ha ho khoneha. Pele ke ea mosebetsing, re ne re rapela re le lelapa ebe kea ba robatsa. ’Mangoane o ne a sala lapeng ha ke le mosebetsing.”
Gloria o ile a thusa bana ba hae joang hore ba behe lintho tsa bohlokoa pele bophelong? O tsoela pele: “Sepheo sa ka se seholo e ne e le ho etelletsa lintho tsa moea pele. Re ne re se na chelete e ngata, ’me ke ne ke sa patele bana sena. Eng le eng eo ke neng ke ba kōpa hore ba e etse le ’na ke ne ke e etsa, ’me kaofela ba ne ba ntšehetsa.” Ha a nahana ka tsela eo a ileng a boloka lelapa le momahane ka eona, Gloria o re: “Lekunutu e ne e le ho etsa lintho hammoho. Ho ne ho se ea ikoallang ka kamoreng ea hae. Re ne re pheha, re hloekisa le ho khabisa re le hammoho. Re ne re sa ikimetse ka mesebetsi. Kamehla ke ne ke etsa bonnete ba hore re boetse re ba le boithabiso.”
Carolyn, ’mè ea se nang molekane, oa moshanyana ea bitsoang Joseph, o thabisoa ke tsela eo Joseph a hōlang ka eona. Lekunutu la hae ke lefe? O re: “Re bala Bibele hammoho re le liphateng, ebe joale ke mo botsa lipotso ka seo a ithutileng sona. Ho phaella moo, re tšohla lirapa tse itseng tsa lingoliloeng tsa Bibele ebe rea li sebelisa. Sena se thusa Joseph ha a tobana le mathata, a kang a bo-’mampoli sekolong.” Carolyn oa lumela hore bophelo ba hae ho hang ha bo bonolo, empa ha a ikutloe eka o mong. O re: “Ke ntoa ea kamehla, empa ke lumela hore Jehova o hlile o nthusitse. Ke boetse ke fumana khothatso e ngata phuthehong ea Bokreste.”
Litlaleho tsa batsoali ba likete ba atlehileng ba se nang balekane, ba kang Gloria le Carolyn, li paka hore batsoali ba ka itšetleha ka melao-motheo ea Bibele e ipakileng e sebetsa tabeng ea ho hōlisa bana ba itšoereng hantle le ba matla moeeng. (Liproverbia 22:6) Katleho e ka finyelloa! Ho hōlisa bana u le mong ho hlahisa liphephetso tse ngata tse fanang ka menyetla ea ho hōla le ho arolelana lintho. Ho itšetleha ka Molimo ka ho feletseng le ho kholiseha hore o tla u thusa ke tsela e molemohali ea ho sebetsana le likhatello tsa ho ba motsoali ea se nang molekane.—Pesaleme ea 121:1-3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo malapa a motsoali a le mong a ka atlehang, bona Lekunutu la Thabo ea Lelapa, khaolo ea 9, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Thuto ea lelapa ea Bibele e thusitse bana ba bararo ba Gloria hore e be basebeletsi ba Bakreste ba nako e tletseng. Mona ke moo ba shebileng foto le lengolo le tsoang ho mora e moholo eo joale a seng a sebeletsa e le moromuoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Carolyn le mora oa hae, Joseph