Pono ea Bibele
Na re Hloka Thuto ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale Hore re be le Tumelo?
Ka 1873 moruti oa Lenyesemane, Samuel Manning o ile a ngola tjena ka Jerusalema: “Ba hapehile hoo ba se nang boiphapanyo, bahahlauli ba ile ba bokana moo ba e-tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše. Marako a helehang, literata tse litšila bo nyonyehang le lithako li thahaselloa haholo le ho hlomphuoa ke batho ba limilione ho feta sebaka leha e le sefe se thahasellisang lefatšeng.”
NAHA e Halalelang e ’nile ea hohela batho bonyane ho tloha mehleng ea Moemphera oa Moroma Constantine.a Ka lilemo tse ka bang 1 500, bahahlauli ba ’nile ba tla ka bongata ba batla ho ba le kamano ea bolumeli le Naha ena e Halalelang. Empa ho makatsang ke hore ha ea ba ho fihlela mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo moo litsebi li ileng tsa qala ho tsamaea le bahahlauli bana, ka tsela eo tsa betla tsela ea mehla ea ho epolloa ha lintho tsa khale tsa Bibele—ho ithuta ka mesebetsi ea matsoho, batho, libaka le lipuo tsa boholo-holo tsa Naha e Halalelang.
Se fumanoeng ke litsebi tsa ho epolloa ha lintho tsa khale se entse hore lintho tse ngata tsa mehleng ea Bibele li utloisisoe haholo. Hape, tlaleho ea lintho tsa khale tse epolotsoeng e ’nile ea lumellana hangata le histori ea Bibele. Empa na tsebo e joalo ea hlokahala bakeng sa tumelo ea Bakreste? Ho araba potso ena, a re lebiseng tlhokomelo sebakeng seo ho epolotsoeng lintho tse ngata tsa khale ho sona—motse oa Jerusalema le tempele ea oona.
‘Lejoe le ke ke la Tloheloa Holim’a Lejoe le Leng’
Letsatsing la la 11 Nisane k’halendareng ea Sejuda, nakong ea selemo ka 33 C.E., Jesu Kreste o ile a tloha tempeleng ea Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, a e-na le ba bang ba barutuoa ba hae. Ha ba e-ea Thabeng ea Mehloaare, e mong oa barutuoa ba hae o ile a re: “Mosuoe, bona! hore na ke majoe a mofuta ofe le mehaho ea mofuta ofe!”—Mareka 13:1.
Bajuda bana ba tšepahalang ba ne ba rata Molimo le tempele ea hae ka ho tebileng. Ba ne ba le motlotlo ka mehaho ena e majabajaba le seo e ’nileng ea se emela ka lilemo tse makholo a 15. Karabo ea Jesu ho barutuoa ba hae e bile e makatsang: “Na u bona mehaho ee e meholo? Ho hang ha ho lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.”—Mareka 13:2.
Kaha joale Mesia ea tšepisitsoeng o ne a fihlile, Molimo o ne a ka lumella hore tempele ea hae e heletsoe joang? Ke feela ka thuso ea moea o halalelang butle-butle barutuoa ba Jesu ba neng ba tla utloisisa ka ho feletseng hore na o ne a bolela eng. Leha ho le joalo, mantsoe a Jesu a amana kae le ho epolloa ha lintho tsa khale tsa Bibele?
“Motse” o Mocha
Ka Pentekonta ea 33 C.E., sechaba sa Bajuda se ile sa lahleheloa ke boemo bo amohelehang ka pel’a Molimo. (Matheu 21:43) Sena se ile sa nkeloa sebaka ke ho hong ho hoholoanyane—puso ea leholimo e tla tlisa litlhohonolofatso molokong oohle oa batho. (Matheu 10:7) Ho lumellana le boprofeta ba Jesu, Jerusalema le tempele ea eona e ile ea timetsoa ka 70 C.E. Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e tšehetsa tlaleho ea Bibele ka ketsahalo eo. Leha ho le joalo, tumelo ea Bakreste ha ea itšetleha ka hore na ho fumanoe lithako tsa tempele ea boholo-holo kapa che. Tumelo ea bona e likoloha ho Jerusalema e ’ngoe, feela eona ke motse oa mofuta o fapaneng.
Ka selemo sa 96 C.E., moapostola Johanne ea neng a ile a utloa boprofeta ba Jesu ka ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona, ’me a ile a phela ho fihlela bo phethahatsoa, o ile a fuoa pono e latelang: “Ka bona le motse o halalelang, Jerusalema e Mocha, o theoha leholimong ho Molimo.” Lentsoe le tsoang teroneng la re: “O tla lula le [moloko oa batho], ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:2-4.
“Motse” ona o entsoe ka Bakreste ba tšepahalang ba tla sebeletsa e le marena le Kreste leholimong. Kaofela ba bōpa puso ea leholimo—’Muso oa Molimo—o tla busa lefatše, o khutlisetse moloko oa batho phethehong nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete. (Matheu 6:10; 2 Petrose 3:13) Bakreste ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo, bao e neng e lokela ho ba karolo ea sehlopha seo, ba ile ba hlokomela hore ha ho letho leo ba neng ba e-na le lona tsamaisong ea lintho ea Sejuda le neng le ka bapisoa le tokelo ea ho busa le Kreste leholimong.
Ha moapostola Pauluse a ngola ka boemo ba hae ba pele bo neng bo phahame tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda, o ba buella kaofela: “Lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste. Ka lebaka leo, ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka.”—Bafilipi 3:7, 8.
Kaha moapostola Pauluse o ne a hlompha Molao oa Molimo haholo le tokisetso ea tempele, ka ho hlakileng mantsoe a hae ha a fane ka maikutlo a hore litokisetso tsena tsa Molimo li lokela ho khelloa fatše.b (Liketso 21:20-24) Pauluse o ne a mpa a bontša hore tokisetso ea Bokreste e ne e phahametse tsamaiso ea Sejuda.
Ha ho pelaelo hore Pauluse le Bakreste ba bang ba Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tsebo e khethehileng ea boitsebiso bo bongata bo hlollang ka tsamaiso ea lintho ea Sejuda. ’Me kaha thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale e koaholotse lintho tsa nakong e fetileng, tse ling tsa lintho tseo joale li ka utloisisoa ke Bakreste. Leha ho le joalo, hlokomela hore na Pauluse o ile a re mohlankana Timothea a lebise tlhokomelo ea hae hokae: “Nahanisisa ka lintho tsena [tse amanang le phutheho ea Bokreste]; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Timothea 4:15.
Thuto ea ho epolloa ha lintho tsa khale tsa Bibele e ekelitse kutloisiso ea rōna ka se etsahetseng mehleng ea Bibele ka tsela e babatsehang. Leha ho le joalo, Bakreste baa hlokomela hore tumelo ea bona ha ea itšetleha ka bopaki bo epolotsoeng ke batho, empa e itšetlehile ka Lentsoe la Molimo, Bibele.—1 Bathesalonika 2:13; 2 Timothea 3:16, 17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Constantine le ’mè oa hae Helena ba ne ba thahasella ho tseba libaka tse halalelang tsa Jerusalema. ’Mè oa hae eena o bile a etela Jerusalema. Ba bangata ba ile ba latela mohlala oa hae ka makholo a lilemo a latelang.
b Ka nako e telele, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Bajuda Jerusalema ba ile ba boloka litšobotsi tse sa tšoaneng tsa Molao oa Moshe, mohlomong e le ka mabaka a latelang. Molao o ne o tsoa ho Jehova. (Baroma 7:12, 14) O ne o thophothetse lipelong tsa Bajuda ho tloha ha ba hōla. (Liketso 21:20) E ne e le molao oa naha, ’me ho o hanyetsa ka tsela leha e le efe e ne e tla ba ho tlisetsa molaetsa oa Bokreste khanyetso ho sa hlokahale.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Ka holimo: Jerusalema ka 1920; chelete ea tšepe ea Roma e neng e sebelisoa ke Bajuda ka 43 C.E.; kharenate e thuntseng e entsoeng ka lenaka la tlou, mohlomong e tsoa tempeleng ea Solomone, lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Pages 2 and 16: Coin: Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority; pomegranate: Courtesy of Israel Museum, Jerusalem