Leihlo la Ntsu
KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
BAAHI ba Spain ba hlalosa motho ea mahlo a nchocho ka hore o mahlo a ntsu (vista de águila). Majeremane le ’ona a na le maele a tšoanang (Adlerauge). Ka ho utloahalang, mahlo a ntsu a bonelang hōle a ’nile a sebelisoa e le maele ka lilemo tse makholo. Buka ea Jobo, e ngotsoeng lilemong tse fetang likete tse tharo tse fetileng, e re ka ntsu: “Mahlo a eona a talima hōle.”—Jobo 39:27, 29.
Ha e le hantle, ntsu e ka bonela hōle hakae? The Guinness Book of Animal Records ea hlalosa: “Tlas’a maemo a tloaelehileng ntsu (Aquila chrysaetos) e ka bona le ha ’mutlanyana o bohōle bo fetang [lik’hilomithara tse peli] o sisinyeha.” Ba bang ba hakanya hore ntsu e ka bonela hōle le ho feta moo!
Ke’ng se etsang hore ntsu e be le mahlo a nchocho hakaalo? Ntlha ea pele, ntsu e na le mahlo a mabeli a litolo, a nkileng karolo e khōlō ea hlooho. Book of British Birds e hlalosa hore mahlo a ntsu “ha e le hantle, a maholohali empa ha a boima hoo a e sitisang ho fofa.”
Ho feta moo, mahlo a ntsu a na le lisele tse amohelang khanya tse fetang tseo re nang le tsona ka makhetlo a mahlano—e leng lisele tse 1 000 000 sekoere-milimithareng ha li bapisoa le tsa rōna tse 200 000. Hoo e batlang e le sele e ’ngoe le e ’ngoe e hokahane le sele ea kutlo. Ka lebaka leo, mothapo oa mahlo oa ntsu, o tsamaisang melaetsa ho tloha leihlong ho e isa bokong, o na le mesifa e mengata ho feta ea batho ka makhetlo a mabeli. Ha ho makatse hore ebe liphoofolo tsena li bona mebala ka tsela e hlakileng! Ntlha ea ho qetela ke hore linonyana tse jang nama, joaloka linonyana tse ling, li na le mahlo a bohale hoo ekareng li ntse li shebile ntho e haufi mona ebe ka ho panya ha leihlo li se li shebile e ’ngoe e hōle. Mahlo a tsona a feta a rōna hōle le tabeng ena.
Ntsu e bona hantle haholo motšehare, empa bosiu e fetoa ke sephooko. Mahlo a linonyana tsena tsa bosiu tse jang nama a na le lisele tse ngata tse amohelang khanya leroothong le mahlo a maholo. Ka lebaka leo, bosiu li khona ho bona hantle ho re feta ka makhetlo a 100. Leha ho le joalo, maemong a sa tloaelehang a ha ho le lefifi la bonka-ntjana, liphooko li tlameha ho itšetleha ka ho feletseng ka litsebe tsa tsona tse lethoethoe hore li fumane phofu ea tsona.
Ke mang ea fang linonyana tsee lintho tse joalo? Molimo o ile a botsa Jobo: “Na ke ka taelo ea hao ntsu e fofelang holimo?” Ke ’nete hore ha ho motho ea ka inkelang tlotla ka pōpo ena e hlollang. Jobo eena o ile a lumela ka boikokobetso: “Kea tseba hore [Jehova] u khona ho etsa lintho tsohle.” (Jobo 39:27; 42:1, 2) Leihlo la ntsu ke bopaki bo bong bo eketsehileng ba bohlale ba ’Mōpi oa rōna.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ntsu
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Sephooko