Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 2/8 leq. 32
  • E Tlile le Moea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Tlile le Moea
  • Tsoha!—2003
Tsoha!—2003
g03 2/8 leq. 32

E Tlile le Moea

Mohlankana e mong o ne a tsamaea seterateng Mumbai, India, ha moea o matla o fefolela pampitšana maotong a hae. E ne e le pampitšana ea Kingdom News No. 36, e nang le sehlooho se reng “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?” Sehlooho sena se ile sa hapa thahasello ea hae. Hang-hang o ile a nka pampitšana ena ’me a e bala kaofela. O ile a ba le thahasello ’me kaha o ne a batla ho tseba ho eketsehileng, a kōpa Bibele le lingoliloeng tse ling.

Pampitšana eo e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova e na le litaba tse matlafatsang tumelo. E hlalosa ka ho hlaka hore mathata ao re thulanang le ’ona, ho kopanyelletsa le ho kula, bofutsana le ntoa, li bakoa ke “meharo, ho se tšepane le boithati—e leng litšobotsi tse ke keng tsa tlosoa feela ke phuputso ea saense, theknoloji kapa lipolotiki.” Pampitšana eo e ile ea boela ea bontša hore nakong e tlang e haufi, Molimo o tla felisa bokhopo bohle lefatšeng lena.

Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka litšepiso tsa Bibele ka bokamoso? Lipaki Tsa Jehova li ruta batho ba limilione Bibele mahaeng a bona, li sebelisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse akarelletsang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Bukana ena e arabela lipotso tse kang: Molimo ke mang? Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? ’Muso oa Molimo ke eng? Bibele e ka ntlafatsa bophelo ba hao ba lelapa joang?

Haeba u ka rata ha Lipaki Tsa Jehova li u etela hore li u thuse ho utloisisa seo Molimo a tla se etsa nakong e tlang e haufi, li tla thabela ho etsa joalo ’me li tla u fa boitsebiso bo eketsehileng ka ’Muso oa Molimo. Ka kōpo tlatsa setlankane se ka tlaase e le hore li tle li u thuse.

□ Ka kōpo ntlisetseng bukana e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela