Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 10/8 maq. 16-18
  • Na ke Lokela ho Iketsa Li-tattoo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Iketsa Li-tattoo?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha li Ratoa Hakaale?
  • Tsebo ea Boholo-holo ea ho Etsa Li-tattoo
  • Likotsi Bophelong
  • Ba Bang ba Tla Nahana Eng?
  • Bibele e Re’ng ka Li-tattoo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Ikhabisa—Ho Hlokahala Kahlolo e Molemo
    Tsoha!—2000
  • Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Na ke Lokela ho li Latela?
    Tsoha!—1994
  • Lifeshene tse Ratoang ka ho Feteletseng—Li Khahlisa ka Eng?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 10/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Iketsa Li-tattoo?

“Li-tattoo tse ling li ntle. Li entsoe ka bokhabane bo boholo.”—Jalene.a

“Lilemo tse peli kaofela ke li qetile ke lora ke se ke e-na le tattoo ea ka ea pele.”—Michelle.

LI-TATTOO li fumaneha hohle—kapa ho bonahala eka ho joalo. Likhalala tsa ’mino oa rock, libapali tse hlaheletseng, limotlelara tsa feshene le likhalala tsa libaesekopo li ikhantša ka tsona. Bacha ba bangata ba latetse mohlala oa bona, ’me ba motlōtlō ho hlahisa li-tattoo tsa bona mahetleng, matsohong, thekeng le maqaqailaneng. Andrew o re: “Li-tattoo ke ntho ea tsoelo-pele. Ho ba le eona kapa ho se be le eona ke khetho ea motho.”

World Book Encyclopedia e re: “Ho iketsa tattoo ke ho ingola ntho e itseng e fetohang karolo ea ’mele. Ho etsoa ka ho phunya masoba a masesaane letlalong ka thupa e nchocho, lesapo, kapa nale e ntseng e qopetsoa mebaleng ea tlhaho.”

Le hoja ho se bonolo ho bokella lipalo-palo, mohloli o mong o hakanyetsa hore karolo ea 25 lekholong ea bana bohle ba lilemong tse 15 ho ea ho tse 25 United States e na le li-tattoo. Sandy o re: “Ke ntho eo batho ba ratang ho e etsa.” Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba khahloa ke li-tattoo?

Ke Hobane’ng ha li Ratoa Hakaale?

Ho ba bang, tattoo ke tsela e ’ngoe ea ho bontša lerato haholo. Michelle oa pheta: “Abuti oa ka o ne a ngotse lebitso la kharebe ea hae leqaqailaneng.” Joale bothata? “Hona joale ha a sa ratana le eena.” Ho latela makasine ea Teen, “lingaka li hakanyetsa hore karolo e fetang 30 lekholong ea batho ba batlang ho ntša li-tattoo tseo ba li entseng ke bacha ba banana ba seng ba batla ho tlosa mabitso a bashanyana bao ba kileng ba ratana le bona.”

Bacha ba bang ba nka li-tattoo e le ntho e entsoeng ka bokhabane bo boholo. Ba bang ba li nka e le letšoao la hore baa itaola. Josie o itse: “Ke laola bophelo ba ka,” a ba a phaella ka hore ho iketsa tattoo e bile “eona feela qeto eo nkileng ka iketsetsa eona bophelong.” Ho iketsa li-tattoo ho etsa hore bacha ba bang ba ikutloe ba e-na le taolo tabeng ea ponahalo ea bona. Li-tattoo e ka boela ea e-ba pontšo ea borabele kapa ea ho phela bophelo bo sa tloaelehang. Ka hona, li-tattoo tse ling ke tsa mantsoe kapa litšoantšo tse sa hloekang kapa mapetjo a qholotsang.

Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore boholo ba bacha bana bo mpile ba ea le khongoana holimo. Empa na taba ea hore ho bonahala e mong le e mong a iketsa tattoo e bolela hore le uena u lokela ho ba le eona?

Tsebo ea Boholo-holo ea ho Etsa Li-tattoo

Ho etsa li-tattoo hase ntho ea morao tjena. Ho ’nile ha fumanoa litopo tse nang le li-tattoo tsa Baegepeta le tsa Balybia tse ileng tsa tlotsoa ka linōko hore li se bole, ’me e le tse balloang makholong a lilemo pele ho mehla ea Kreste. Litopo tse joalo tse nang le li-tattoo li ’nile tsa fumanoa le Amerika Boroa. Bongata ba litšoantšo tse nang le li-tattoo li ne li amana ka ho toba le borapeli ba melimo ea bohetene. Ho latela mofuputsi Steve Gilbert, “tattoo e tsejoang ea pele-pele eo e leng setšoantšo sa ho hong, e emela molimo Bes ho e-na le ntho e se nang sebōpeho. Litšomong tsa Baegepeta, Bes e ne e le molimo oa boitšoaro bo litšila oa meketjana e lerata.”

Ka ho hlakileng, Molao oa Moshe o ne o hanela batho ba Molimo ho iketsa li-tattoo. Levitike 19:28 e itse: “Le se ke la iphatsa ’meleng ka lebaka la moea o shoeleng, ’me le se ke la iketsa mokhora [tattoo]. Ke ’na Jehova.” Barapeli ba bohetene, ba kang Baegepeta, ba ne ba ikentse li-tattoo tsa mabitso kapa letšoao la melingoana ea bona lifubeng kapa liphakeng. Ka ho phela tumellanong le molao oa Jehova o thibelang ho iketsa li-tattoo, Baiseraele ba ne ba tla hlahella ba fapane le lichaba tse ling.—Deuteronoma 14:1, 2.

Le hoja kajeno Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, thibelo e behiloeng ho iketseng li-tattoo e etsa hore motho a nahane ka ho teba. (Baefese 2:15; Bakolose 2:14, 15) Haeba u Mokreste, ka sebele u ke ke ua rata ho ingola ’mele—esita le haeba e le ka nakoana—haeba e le ntho e hopotsang motho borapeli ba bohetene kapa ba bohata.—2 Bakorinthe 6:15-18.

Likotsi Bophelong

Hape u lokela ho nahana ka tsela eo bophelo ba hao bo tla ameha ka eona. Dr. Robert Tomsick, motlatsi oa moprofesa oa letlalo, o re: “Seo u se etsang ke ho phunya letlalo le ho tšela ntho e nang le ’mala o itseng moo. Le hoja nalete e kena hanyenyane feela letlalong, neng le neng ha u phunya letlalo, u ba kotsing ea ho tšoaetsoa ke baktheria kapa likokoana-hloko. Ke nahana hore hangata [ho iketsa tattoo] ke ntho e kotsi.” Dr. Tomsick o tsoela pele: “Hang ha ’mala o se o le teng, esita le haeba motho a sa fumane tšoaetso, kamehla o kotsing ea ho hlōloa ke lintho tse itseng, ho ruruha letlalo le ho kulisoa ke lintho tse ling tse ka etsang hore letlalo le retele, le ruruhe, le be le khoo le ho hlohlona.”

Ho sa tsotellehe taba ea hore li-tattoo li entsoe ka morero oa hore li se ke tsa tloha letlalong, ho sebelisoa mekhoa e fapaneng ho leka ho li tlosa: Ho sebelisoa mahlaseli ho li tlosa (ho chesa tattoo), ho e tlosa ka ho buuoa (ho libolotsa tattoo), ho hohla (ho hohla letlalo ka borashe ba tšepe ho tlosa letlalo le ka holimo le le ka tlaase), ho inela ka letsoaing (ho sebelisa motsoako oa letsoai ho ngobetsa letlalo le entsoeng tattoo) le ho etsa lebali (ho tlosa tattoo ka motsoako oa asiti ebe ho etsoa lebali moo e neng e le hona teng). Mekhoa ena e bitsa chelete e ngata ebile e ka ba bohloko. Makasine ea Teen e re: “Ho tlosa tattoo ka mahlaseli ho bohloko ho feta ha motho a qala ho etsa tattoo.”

Ba Bang ba Tla Nahana Eng?

Hape u lokela ho nahana ka botebo hore na ba bang ba ka ’na ba ikutloa joang ha ba bona u e-na le tattoo, etsoe ba bangata ha ba e rate. (1 Bakorinthe 10:29-33) Li, mosali e mong oa Taiwan o ile a nkeha ka potlako ’me a iketsa tattoo a le lilemo li 16. Hona joale o lilemo li 21 ’me o sebetsa ofising. Li oa lumela: “Tsela eo basebetsi-’moho le ’na ba shebang tattoo ena ka eona e ea ntšoenya.” Theodore Dalrymple oa Brithani eo e leng mosebetsi oa bophelo bo botle ba kelello o re ho batho ba bangata, li-tattoo “hangata li nkoa e le letšoao la hore motho . . . o oela sehlopheng sa batho ba mabifi, ba sehlōhō, ba kotsi sechabeng le litlokotsebe.”

Sehlooho se seng makasineng ea American Demographics le sona se itse: “Ho hlakile hore boholo ba Maamerika ba nka ho le kotsi ho ba le mokhabiso o pepeneneng. [Bacha] ba etsang karolo ea mashome a robeli a metso e mehlano lekholong ba lumellana le polelo e reng ‘batho ba nang le li-tattoo tse pepeneneng . . . ba lokela ho elelloa hore mokhoa oo oa ho itlhalosa ha bona o ka ’na oa ba behela litšitiso tse itseng mosebetsing oa boipheliso kapa likamanong tsa bona le ba bang.’”

Hape nahana hore na ho khetha ho ba le tattoo ho tla tšoanela kapa ho tla theola seriti sa boipolelo ba hao ba hore u Mokreste. Na e ka ba ‘sesosa sa ho khopisa’ ba bang? (2 Bakorinthe 6:3) Ke ’nete hore bacha ba bang ba entse li-tattoo libakeng tse patehileng ’meleng. Mohlomong le batsoali ba bona ha ba tsebe ka li-tattoo tsena tse patiloeng. Empa hlokomela! Haeba u ka tlameha ho ea ngakeng ka tšohanyetso, kapa mohlomong ha u hlapa feela tjee shaoareng sekolong, lekunutu la hao le ka ’na la utulloa! Ho molemo ho “itšoara ka botšepehi linthong tsohle,” ho qoba booatla ba thetso.—Baheberu 13:18.

Joaloka lifeshene tse ling, li-tattoo le tsona li ka ’na tsa tsoa fesheneng ka mor’a nako. Ka sebele, na ho na le seaparo—ebang ke bokate, hempe, mose kapa lieta—seo u se ratang hoo u ka itlamang hore u tla se apara bophelo bohle ba hao? Le letho! Litaele, moseho le mebala lia fetoha. Empa ho fapana le seaparo, li-tattoo tsona ho thata ho li tlosa. Ho feta moo, ntho e “fesheneng” hona joale ha u le lilemo li 16 e ka ’na ea se hlole e u khahla ha u le lilemo li 30.

Ba bangata ba ’nile ba ikoahlaela ho iketsa lintho tse sa tloheng ’meleng. Amy oa pheta: “Ke ile ka iketsa tattoo pele ke ithuta ka Jehova. Ke leka ho lula ke e patile. Ha ba bang ba ka e bona ka phoso ka phuthehong, ke hlajoa ke lihlong.” Thuto? Nahana pele u iketsa tattoo. U se ke ua etsa qeto eo ka moso u ka ’nang ua ikoahlaela eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Hangata li-tattoo li amahanngoa le batho ba phelang bophelo ba borabele

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ka mor’a nako, ba bangata ba ikoahlaela hore ebe ba ikentse li-tattoo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Nahana pele u iketsa tattoo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela