Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 2/8 maq. 16-17
  • Mohlolo oa Selemo le Selemo oa Namaqualand

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlolo oa Selemo le Selemo oa Namaqualand
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2004
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Tsoha!—2004
g04 2/8 maq. 16-17

Mohlolo oa Selemo le Selemo oa Namaqualand

KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

Lipalesa tse mebala-bala li namme le thota ho ea fihla moo mahlo a fellang teng. Hangata baeti ba sitoa ho itšoara ke thabo ha ba bona mohlolo ona oa selemo le selemo oa Namaqualand ka pel’a mahlo a bona. A hloletsoe, mohahlauli e mong o re: “Qalong, lipalesa tsena li shebahala joaloka seretse se chesang se ntseng se tšikhunya butle mapetsong, se tlatsa likoti le likotjana ka ’mala o hlakileng oa lamunu.”

Leha ho le joalo, ke’ng se etsang hore phetoho ee ea lipalesa e bang teng nakong ea selemo e be e hlollang hakaale? Namaqualand ke naha e pharaletseng, e sebataolo, sekhutlong se ka leboea-bophirimela, Afrika Boroa. Ho elella ka leboea, ka nģ’ane ho lithaba, Nōka ea Senqu e sehile moeli o ka leboea oa sebaka sena. Namaqualand, e leng sebaka se seholo ho feta Switzerland (e ka bang boholo ba lisekoere-maele tse 20 000 [lisekoere-k’hilomithara tse 50 000]), e nametse karolong e ka boroa ka lik’hilomithara tse ka bang 200, e nkile sebaka se fetang halofo ho leba Cape Town. Boholo ba nako selemong, motšehare thempereichara ea sebaka sena se letsoatlare, e nyolohela likhatong tse 40 tsa Celsius, ebe bosiu e theohela ka tlas’a ntlha ea khoamo ka likhato tse ka bang robeli tsa Celsius. Kaha ho batla ho se metsi naheng ea Namaqualand, ntle le a seng makae a hlahang tlas’a lefatše a letsoai, e ka bonahala e se naha e ipiletsang—ntle leha e le nakong ea mohlolo oa selemo le selemo!

Ho tloha mathoasong a August ho fihlela bohareng ba September, selemo se seng le se seng hang ka mor’a lipula, thota ena ea Namaqualand e lulang e omeletse, e fetoha sebaka se setle se tletseng lithunthung hohle. Naha eohle e ropoha lipalesa tse mebala-bala tse ’mala oa lamunu, o mosehla, o mopinki, o mosoeu, o bofubelu bo botšo, o moputsoa le o pherese. Kaha selemo se seng le se seng ketsahalo ena e nka libeke li se kae feela, baeti ba tsoang lefatšeng lohle ba labalabela ho tla fepa mahlo a bona ka lipalesa tsena tse bongata bo hlollang.

Sephiri sa botle bona bo hlollang ke ho na ha pula e khotsofatsang, e lateloang ke ho chaba ho lekaneng ha letsatsi. Joale, e mong le e mong o lakatsa hore ho se ke ha mpa ha hlaha moea o chesang oa bochabela, kaha o ka tlabola lipalesanyana tsena tse tetemang tse mebala-bala ’me tsa pona hang-hang.

Sebaka sena se tsotehang sa Namaqualand se boetse se tlokomisoa ke peō e nonneng e hlahang lipaleseng tsena. Leha ho le joalo, peō e ngata ha e mele selemo se seng le se seng—e mela le ho hlahisa botle ba eona maemong a itseng feela a boemo ba leholimo. Le hoja lipeō tse ling li mela ka mor’a selemo, tse ling tsona lia itšoara nakong e ngata ea selemo, li letetse maemo a loketseng hore li mele. Moeti e mong oa hlalosa: “Lipeō tse ling li na le mokhoa oa tlhaho oa ho li sireletsa hore li se mele pele nako ea tsona e fihla. Ho e-na le hore ha li qala li utloa ho na ho le hong feela ha pula nakong eo ho ntseng ho chesa ebe li se li mela, lipeō tseo li mela feela ha ho pholile ebile ho le mongobo—e leng nako e loketseng hantle hore li ka hōla le ho mamella maemo a thata a sebaka sena.”

Ho itšetlehile ka pula e leka-lekaneng le ho se be teng ha moea o tlabolang, selemo se seng le se seng ho ba le pono e ikhethang, ka lilemo tse ling ho ba hotle ho feta lilemong tse ling. Buka e bitsoang Namaqualand—South African Wild Flower Guide, ea hlalosa: “Kaha mofuta o mong le o mong oa lipalesa o laoloa ke thempereichara e itseng hore o mele, ’me lipula tsa pele li ka ’na tsa qala ka April ho ea ho July (e leng likhoeli tse nang le thempereichara e sa tšoaneng), selemo se seng le se seng ho mela lipalesa tse fapaneng, ho itšetlehile ka hore na pula e qalile ho na neng.”

Ke lipalesa tsa mefuta e mengata hakaakang—mefuta e fetang 4 000, o mong le o mong o na le sebōpeho sa oona se ikhethang, ’mala le mokhoa oo o melang ka oona! Likarolong tse ling, re bona mefuta e ka bang 10 ho isa ho e 20 ea lipalesa sebakeng se boholo ba sekoere-mithara feela. Pono ena e hlollang ka botle e etsa hore setšoantšo se takiloeng ka mebala-bala ke motaki oa litšoantšo se bonahale e le lefeela. Esita le mantsoe a behiloeng ka bokheleke bo boholo ka ho fetisisa a utloahala a haella ho hlalosa pono ena e tsotehang ka botle ea Namaqualand.

Leha ho le joalo, bataki ba litšoantšo, liroki le lingoli, ba susumetsoa ke pono e hlollang joalo ea lipalesa. Seroki se seng sa Afrika Boroa, D. J. Opperman, ha se tebisa monahano, se re: “E ne e le letsatsing le leholo la ho jala peō lefatšeng, . . . ha ho tla lutla peō mokotleng oa Morena o tšetseng peō ea bohlokoa ka ho fetisisa.” Motho e mong ea nang le kananelo e khōlō o ile a ngola: “Ho ne ho bonahala eka mookoli o ile oa parola lehoatata lena ka lehare, oa tsamaea o hasa mebala-bala ea oona hohle.” Moeti e mong o ile a re: “Botle bo sa teneng joaloka bona bo etsa hore motho a ananele ho fana ho tsotehang ha ’Mōpi oa rōna Jehova le bohlale ba hae.”

Ho feta moo, pono ena e tsotehang ka botle ea mohlolo oa Namaqualand o bang teng selemo se seng le se seng, o re tiisetsa hore ’Mōpi a ka sebelisa oona mokhoa ona oa tlhaho ho tsosolosa Paradeise ea lefatše lohle—e le hore bahlanka ba hae ba tšepahalang le ba ananelang ba ka khotsofala ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:10, 11, 29) Joale phethahatsong e khōloanyane, “lehoatata le tla thaba, ’me lipalesa li tla thunya le naheng e letsoatlare.” (Esaia 35:1, Today’s English Version)

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Thota eohle e koahelang sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 20 000 e koahetsoe ke lithunthung

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela