Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 8/8 leq. 32
  • “E Nthusa ho Mamella Tlas’a Teko”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “E Nthusa ho Mamella Tlas’a Teko”
  • Tsoha!—2004
Tsoha!—2004
g04 8/8 leq. 32

“E Nthusa ho Mamella Tlas’a Teko”

Ke kamoo ’mali e mong oa Connecticut, U.S.A., a hlalositseng buka ea Atamela ho Jehova. O re: “Letsatsi le leng le le leng ke ithuta karoloana ea eona. Matsatsing ao ho tepella maikutlong ho etsang hore ke thatafalloe le ke ho hema feela, thuto e khutšoanyane e nthusa ho mamella tlas’a teko.”

O tsoela pele: “Setšoantšo sa molisa ea mosa leqepheng la 69 se ile sa nthabisa pelo. ’Me ke ile ka ananela ntlha e leqepheng la 28, serapeng sa 8, ka phihlelo ea Moshe sehlahleng se tukang, ha ‘esita le sebaka se haufi le moo se ileng sa fetoha se halalelang ka lebaka la kamano ea sona le Jehova!’ Haeba Jehova a ka etsa hore le mobu o halalele, joale mohlomong ho na le tšeponyana bakeng sa ka. Monahano ona o nthusitse haholo hobane ke sebetsana le ho tepella maikutlong ho lulang ho ntšoenya.”

Re lumela hore u tla rua molemo haeba u bala buka ena e sekoahelo sa pampiri e maqephe a 320, e reng Atamela ho Jehova. U ka kōpa kopi ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase ’me o se romele atereseng e fanoeng kapa ho e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Atamela ho Jehova.

Bontša hore na ka puo efe.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela