Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 8/8 leq. 15
  • Mosamaria ea Molemo oa mehleng ea Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosamaria ea Molemo oa mehleng ea Kajeno
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Thuto ea ho ba Mosa
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Ho Rata Moahisani ho ka Etsahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani oa ’Makhonthe
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 8/8 leq. 15

Mosamaria ea Molemo oa mehleng ea Kajeno

KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO

Bongata ba rōna re kile ra utloela ka pale ea Bibele ea monna e mong ea neng a e-na le moea oa boahelani eo hangata a bitsoang Mosamaria ea Molemo. (Luka 10:29-37) Papisong ena, Jesu Kreste o ile a bontša hore na monna enoa oa Mosamaria o ile a nka mehato e ikhethang hakae ha a bontša lerato ho moahelani oa hae ea neng a hloka thuso. Na Basamaria ba molemo joalo ba sa le teng kajeno? Nahana ka tlaleho e latelang e tsoang Mexico.

Betuel le lelapa la hae ba ne ba khutla leetong la bona, ba le lik’hilomithara tse ’maloa pele ba fihla hae ha ba bona kotsi e tšabehang ea koloi tseleng e khōlō. Ba ile ba ema hore ba thuse. E mong oa bakhanni ba amehileng, eo e leng ngaka, o ile a ba kōpa hore ba ise mosali oa hae oa moimana le baralinyana ba hae ba babeli sepetleleng se haufi. Ba ile ba etsa joalo, ’me Betuel a khutlela sebakeng sa kotsi ho ea bona hore na a ka thusa ka eng hape.

Betuel oa pheta: “Mapolesa a paterolang tseleng e khōlō a ne a se a fihlile, ’me ngaka e ne e lokela ho tšoaroa ho ea botsoa lipotso kaha ho ne ho e-na le motho ea hlokahetseng. Ha ngaka e mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke e thusa, ke ile ka hlalosa hore re Lipaki Tsa Jehova ’me re ithutile Bibeleng hore re lokela ho rata baahelani ba rōna. Ke ile ka e bolella hore e se ke ea tšoenyeha ka mosali le bana, kaha re ne re tla ba hlokomela. E sekisitse meokho, e ile ea mpha lintho tsohle tsa bohlokoa tsa eona hore ke li boloke hantle.”

Betuel le ba lelapa la hae ba ile ba amohela lelapa la monna eo lapeng la bona ’me ba ba hlokomela ka matsatsi a ’maloa. Betuel o ile a sebelisa monyetla oo ho qalisa thuto ea Bibele le bona. Ha ngaka e lokolloa, e ile ea leboha haholo le ho tsota Lipaki Tsa Jehova. E ile ea tšepisa hore e tla tsoela pele e ithuta Bibele ha e se e khutletse hae, eaba ea re ha mosali oa eona a ka ba le ngoana oa moshanyana, e tla mo rehella ka Betuel. Betuel o tsoela pele: “Lilemo tse peli hamorao, re ile ra ba le tokelo ea ho ba chakela. Ke ile ka makala ha ke fumana hore ba ne ba ithuta Bibele, ’me mora oa bona e monyenyane o ne a bitsoa Betuel!”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Betuel

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela