Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 maq. 11-12
  • Ho Thusa le ho Sireletsa ba Banyenyane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa le ho Sireletsa ba Banyenyane
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thibelo
  • Ho Ima ha Bacha—Koluoa ea Lefatše Lohle
    Tsoha!—2004
  • Ho Tobana le Mathata a ho ba ’Mè U sa le Mocha
    Tsoha!—2004
  • Bo-’mè ba sa Nyaloang ba ka Sebetsana ka Katleho le Boemo Boo ba Leng ho Bona Joang?
    Tsoha!—1994
  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 maq. 11-12

Ho Thusa le ho Sireletsa ba Banyenyane

HO UTLOISA bohloko haholo ha ngoanana—e ntse e le ngoana—a ima empa a sa nyaloa. Leha ho le joalo, ho ima ha bacha ho atile, hape ho ama motho e mong le e mong ka tsela e itseng. Koluoa ea ho ima ha bacha ke bopaki bo bong ba hore taelo ea Molimo e nepile: “Balehelang bohlola.”—1 Bakorinthe 6:18.

Leha ho le joalo, nako le nako ngoanana ea rutiloeng litsela tsa Molimo o khetha ho hlokomoloha kapa ho lahla seo a se tsebang. O kopanela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate ebe o iphumana a imme. Bakreste ba ’nete ba itšoara joang? Haeba mocha ea tsoileng tseleng a bontša pako, batsoali ba hae le litho tse ling tsa Phutheho ea Bokreste ba lokela ho mo thusa le ho mo tšehetsa ka lerato.

Nahana hape ka Nicole. Batsoali ba hae ba ne ba mo hōlisitse hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka hona, e ile ea e-ba ntho e bohloko haholo ha a ima a sa nyaloa. Leha ho le joalo, Nicole oa hopola, “Bakreste-’moho le ’na ba ne ba ee ba tle lapeng ’me ba leke ho nkhothatsa hore ke ithute Bibele le ho lula ke le haufi le Jehova.”

Che, Lipaki Tsa Jehova ha li amohele boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Empa lia hlokomela hore ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, bafosi ba ka ‘fetoha.’ (Baroma 12:2) Li na le tumelo e tiileng ea hore Molimo o tšoarela bafosi. (Baefese 1:7) Hape lia hlokomela hore esita le haeba ngoana e le oa matšeo, ha ho na phoso eo eena a e entseng. Ka hona, ho e-na le ho khesa ngoana ea joalo, litho tsa phutheho ea Bokreste li mo bontša lerato le bonolo, kutloelo-bohloko le mosa joalokaha li ne li tla bontša ngoana leha e le ofe e mong har’a tsona.—Bakolose 3:12.

’Mè e mong ea sa nyaloang o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka potlako o ile a arabela molaetseng oa Bibele ’me a etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. O re ka Lipaki: “Kaofela li ile tsa mpontša thahasello ea sebele ’na le bana ba ka. Li ile tsa mpha lijo le liaparo ha ho hlokahala, hammoho le ho nthusa ka lichelete. Ha ke tšoaneleha hore ke ee tšebeletsong ea tšimo le Lipaki Tsa Jehova, li ile tsa sala le ngoana oa ka. Li ile tsa etsa sohle seo li ka se khonang ho nthusa hore ke hlaolele lerato la sebele ho Jehova.”

Thibelo

Leha ho le joalo, ho molemo ho thusa bacha hore ba qobe mathata a joalo li sa tloha. Ka hona, Lipaki Tsa Jehova li leka ho fa bana ba tsona mofuthu le lerato ka lapeng. Ho e-na le ho sebelisa mekhoa ea ho ba tšosa—ka AIDS kapa hona hore ba tla ima—Lipaki li leka ho kenya lerato la sebele la Jehova Molimo le melao ea hae lipelong tsa bana ba bona. (Pesaleme ea 119:97) Li lumela hore bana ba hloka ho fuoa boitsebiso bo nepahetseng ka ho kopanela liphate. Ntho ea bohlokoa haholoanyane, li lumela hore ho tloha boseeng, bana ba hloka ho rutoa melao-motheo ea boitšoaro e fanoang ka Bibeleng. (2 Timothea 3:15) Thupelo e hlophisitsoeng hantle e fanoa Liholong Tsa ’Muso tsa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, batsoali ba Lipaki ba boetse ba khothalletsoa hore ba ithute Bibele le bana ba bona. Sengoliloeng se kang buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, se hatisitsoe hore se thuse batsoali hore ba fe bana ba bona tataiso ntlheng ea boitšoaro.a

Ho latela litekanyetso tsa Bibele tse tiileng ka boitšoaro ho fapane le maikutlo a boitšoaro bo bobe bo atileng lefatšeng ka bophara. Empa ke eona tsela feela e ka pholosang limilione tsa banana ba banyenyane masisa-pelong a ho ima lilemong tsa bocha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Bakreste ba ’nete ba tšoara bacha bao e seng e le bo-’mè ka mosa le ka ho ba nahanela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela