“Jehova, U Mphumane!”
Joalokaha ho boletse Nelly Lenz
“Na le Lipaki Tsa Jehova?,” ke ile ka botsa banna ba babeli ba neng ba etetse lapeng. Ba ile ba arabela: “E, re tsona.” Ka thabo ke ile ka re, “Le ’na ke eona!” Ke ne ke le lilemo li 13 feela ’me ke ne ke sa ee libokeng Holong ea ’Muso. Batsoali ba ka e ne e se Lipaki Tsa Jehova. Joale ke hobane’ng ha ke ile ka ipitsa Paki?
HOJA e ne e se ka Lipaki Tsa Jehova, mohlomong nka be ke sa ka ka tsoaloa. ’Mè e ile ea e-ba moimana oa ka ha a ntse a lula Montreal, Quebec, Canada. O ne a le lilemo li 17 feela ka nako eo. Lelapa labo le ile la mo qobella hore a ntše mpa. O ile a lumela.
’Mè o ile a kōpa letsatsi mosebetsing hore a e’o ntša mpa. Ho bonahala mookameli oa hae, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, a ile a fumana hore na ke hobane’ng ha ’Mè a ikōpa mosebetsing. Ka bokhutšoanyane, o ile a hlalosetsa ’Mè hore na bophelo ke mpho ea bohlokoa hakae. (Pesaleme ea 139:13-16) Ha a le tseleng e lebang tleleniking, ’Mè o ile a nahanisisa ka seo mookameli oa hae a mo boleletseng sona. O ile a etsa qeto ea ho se ntše mpa eo. Ka mor’a hore ke hlahe ka 1964, ’Mè o ile a nkisa lehaeng la likhutsana.
Ho Tseba ’Nete ea Bibele ka Lekhetlo la Pele
Ha ke le lilemo tse ka bang peli, ’Mè le monna oa hae e mocha ba ile ba ntata lehaeng la likhutsana. Ha re ntse re lula Sainte-Marguerite-du-Lac-Masson, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me ba ea le libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, ka potlako re ile ra fallela Boisbriand ’me batsoali ba ka ba ile ba khaotsa ho ithuta.
Lilemo tse ’maloa hamorao, ba ile ba qala ho ithuta hape. Ke ne ke mamela e le hore nka utloa se boleloang ka tšepo ea Bibele ea lefatše la paradeise. (Luka 23:43) Ke ile ka rata Jehova haholo.
Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ’Mè o ile a mpolella hore ba khaolitse ho ithuta le Lipaki ’me ha re sa tla hlola re e-ea Holong ea ’Muso. Qalong ke ne ke thabile. Joaloka ngoana oa lilemo tse robeli, ka linako tse ling ke ne ke utloa liboka li le telele haholo. Leha ho le joalo, mantsiboeeng ao, ke ne ke ratile ho bua le Jehova ka thapelo, ’me ke ile ka tšoenngoa ke hore a ka ’na a se ke a ’mamela.
Motšehare oa mantsiboea oa Sontaha se latelang, ke ile ka bona baahelani ba rōna bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova ba ea sebokeng, Holong ea ’Muso. Ke ile ka qala ho lla le ho botsa Molimo, “Ke hobane’ng ha bana ba bona ba ea libokeng empa ’na ke sa ee?” Leha ho le joalo, mantsoe a Pesaleme ea 33:18 a ne a tla ipaka e le ’nete: “Bonang! Leihlo la Jehova le ho ba mo tšabang, ho ba letetseng mosa oa hae o lerato.”
Ho Khutlela Holong ea ’Muso
Ka mor’a libeke tse tharo, ke ile ka etela baahelani ba rōna ’me ka bolella ’mè oa teng, Lilianne, hore ke batla ho ea libokeng. Lilianne o ile a ntlhalosetsa hore sena ha se bonolo kaha ’Mè o ne a sa batle ho utloa letho ka Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ke ile ka phehella. Eaba o ea le ’na lapeng ’me o kōpa ’Mè hore na nka ea le bona libokeng na. Ho makaleng ha ka, ’Mè o ile a lumela. O ile a re liboka li tla nthuta mekhoa e metle. Kahoo, ke ne ke e ea sebokeng Sontaha se seng le se seng.
Ka lilemo tse ka bang tharo ke ile ka ea libokeng tsa phutheho. Empa ha ke e-ba le lilemo tse 11, batsoali ba ka ba ile ba hlalana, eaba ’na le ’Mè rea falla. Ke ile ka boela ka lahleheloa ke monyetla oa ho kopana le Lipaki Tsa Jehova ka ho feletseng.
Ho Kopana le Tsona ke sa Lebella
Ka letsatsi le leng ke ne ke lutse litepising tse ka pel’a ntlo ea lapeng ha Lipaki tse peli—Eddie Besson le Don Fisher—ba fihla ’me ba botsa hore na batsoali ba ka ba teng. Ha ke re ha ba eo, banna bao a ile a furalla ba tsamaea. Empa ke ile ka ba mathela, ’me ra ba le moqoqo oo ke o hlalositseng qalong.
Hoa utloahala hore banna bao ba ne ba makaletse ho utloa ke ipitsa Paki ea Jehova. Ke ile ka hlalosa boemo ba ka ’me ka ba kōpa hore ba khutle hona mantsiboeeng ao. Ha ke bolella ’Mè hore Lipaki lia tla, o ile a halefa haholo ’me a re a ke ke a li lumella hore li kene ha hae. Ha e le hantle, o ile a rera ho tsamaea pele li fihla. Ke ile ka lla ’me ka kōpa ’Mè hore a lule. Nakong eo a reng oa tsamaea, ho ile ha kokotoa monyako, ’me e ne e le Eddie Besson. Le ka inahanela thabo ea ka ha ’Mè a amohela thuto ea Bibele!
Qetellong, ke ne nka khona ho ea libokeng tsa phutheho hape! Leha ho le joalo, le pele selemo se fela, ’Mè o ile a boela a khaotsa ho bala. Lekhetlong lena o ile a nkhanela ho kopana le Lipaki ’me a lahla lingoliloeng tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova tseo a neng a kopana le tsona. Empa ke ile ka khona ho pata Bibele, buka ea lipina, meqolo e ’meli ea Molula-Qhooa, libuka tse peli tsa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova, le buka e nang le sehlooho se reng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.a Ha ke ne ke bala la ho qetela, ke ile ka botsa Eddie Besson hore na ke etse eng, kaha ke ne ke rata Jehova haholo. O ile a nkhothalletsa hore ke bale ke le mong ’me ke rapele hangata. O ile a nkholisa hore Jehova o tla ntlhokomela. Ke ne ke le lilemo li 14 feela ka nako eo.
Ho Itšoarela “Liboka”
Ho tloha ka nako eo, Sontaha se seng le se seng ke ne ke ea ka kamoreng ea ka ’me ke etse eka ke libokeng. Ke ne ke bina pina e reng “Talima Moputsong!” ha ke qala le ha ke qeta hobane e ne e le eona feela pina ea ’Muso eo ke e hopolang. Le kajeno lena, ke sitoa ho bina pina ena ke sa lle. Hape ke ne ke bala sehlooho sa Molula-Qhooa meqolong eo ke neng ke e-na le eona. Ke ne ke qetella “liboka” tsa ka ka thapelo. Ka tsela ena, le hoja ke ne ke se ke sa kopanele le Lipaki, ke ne ke utloa Jehova a le haufi le ’na.
Ha ke tšoara selemo sa bo17, ’na le ’Mè re ile ra fallela Montreal. Lilemo tseo li ne li le thata kaha ke ne ke sa fumane lerato lapeng.
Ho Fumanoa!
Ka letsatsi le leng ’Mè o ile a amohela buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ha a e fuoa ke Lipaki Tsa Jehova. Ha ke fihla hae, ke ile ka e bona tafoleng ’me ka qala ho e sheba. Ha ke bona hore e sebelisitse lebitso la Molimo, Jehova, ke ile ka qala ho lla ’me ka rapella ka pelong, “Jehova, u mphumane!”
Ke ne ke batla ho kopana le bara le barali beso ba Bakreste. Empa ke ne ke tla ba fumana joang? ’Mè o ile a re o nahana hore moahelani oa rōna ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka hona, ha ke e-ea mosebetsing, ke ile ka pota le ha moahelani ’me ka kokota. Monna ea neng a ntse a tšoeroe ke boroko o ile a bula monyako. O ile a makala hakaakang ha ke mo bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova le hore ke batla ho kolobetsoa! O ile a lokisetsa hore morali’abo rōna e mong ea bitsoang Josée Miron a ithute Bibele le ’na. Empa ’Mè o ile a boela a hana ha ke ithuta Bibele. O ile a re ke lokela ho ema ho fihlela ke e-ba lilemo li 18 pele nka ba Paki.
Na Nka Tela Tsohle Molemong oa Bophelo ba Lelapa?
Mohiri oa ka o ile a hlokomela hore boemo ba ka lapeng bo ne bo mpefala. O ne a ’mema hangata hore ke qete nako le eena le mosali oa hae mafelong a beke. Kaha ke ne ke rata lipere, hangata re ne re ee re li palame re tsamaee hammoho. Ke ile ka utloa eka ke bona batsoali ba ka.
Ka letsatsi le leng mohiri oa ka o ile a mpolella hore eena le mosali oa hae ba nthata haholo ’me ba batla hore ke tl’o lula le bona. O ne a mpha ntho eo e leng khale ke e batla—lelapa le lerato. Empa e ne e tla ba feela ha nka khaotsa ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba mpha beke e le ’ngoe hore ke inahane, empa le letsatsi ke ne ke sa le hloke. Ke ile ka ba araba hona hoo. Ho ne ho se mohla Jehova a kileng a ntahla, ’me le ’na ke ne nke ke ka mo lahla.
Ho Sebeletsa Molimo
Ka lebaka la mathata ao ke neng ke e-na le ’ona lapeng, ke ile ka ea lula le Ntate ea neng a se a hlalane le ’Mè. O ile a nkhothalletsa hore ke tsoele pele ho ithuta, ’me ka la 17 December, 1983, ha ke le lilemo li 19, ke ile ka kolobetsoa. Ke ne ke thabile haholo ha ke bona Eddie Besson mohla ke neng ke kolobetsoa. Joale ho ne ho se khoao ka kelellong ea hae hore ke fela ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova!
Leha ho le joalo, boitšoaro ba Ntate bo ile ba fetoha ka mor’a hore ke kolobetsoe. Neng le neng ha a ne a mpona ke rapela, o ne a buela holimo a be a nkotle ka lintho! O ile a boela a hatella taba ea hore ke hahamalle thuto e phahameng e leng se neng se tla sitisa pakane ea ka ea ho ba pula-maliboho, e leng ho ba moevangeli oa kamehla. Qetellong o ile a ntebela lapeng. O ile a mpha cheke ea lidolara tse 100 tsa Canada ’me a re nakong eo ke e chenchang, ke tla tseba hore Jehova ha aa ka a ntlhokomela.
Ka la 1 September, 1986, ke ile ka ba pula-maliboho ’me le kajeno ke sa na le cheke eo, ha ke e-s’o ka ke e chencha! Ka linako tse ling ho ne ho le thata ho bula-maliboho ke se na koloi libakeng tsa mahaeng. Empa litho tsa phutheho li ne li ntšehetsa haholo li bile li nthusa.
Ka mor’a nako ke ile ka kopana le monna ea mosa oa Mokreste ea bitsoang Ruben Lenz. Re ile ra nyalana ka 1989. Hona joale Ruben ke moholo phuthehong ea Milton, Ontario, Canada, moo re ileng ra lula teng ho tloha ka 2002. Lenyalo la rōna ke e ’ngoe ea litlhohonolofatso tse khōlō ka ho fetisisa tseo Jehova a mputsitseng ka tsona. Ke ile ka tsoela pele ke le pula-maliboho ho fihlela ha ngoana oa rōna oa pele, Erika, a hlaha ka 1993. Lilemo tse tharo hamorao re ile ra ba le mora ea bitsoang Mika. Ka mor’a lilemo tse ngata tseo ke li qetileng ka bolutu, Jehova Molimo o mputsitse haholo ka lelapa le mo ratang ka tsela e tšoanang le eo ke mo ratang ka eona.
Le hoja nako le nako ke ne ke ile ka aroloa le batho ba Jehova ha ke sa hōla, ha ho mohla ke ileng ka khaotsa ho beha tšepo ea ka ho Molimo le ho itšoarella tšepong ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng. (Johanne 3:36) Ke leboha hakaakang hore ebe Jehova o “mphumane!”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke palame pere ea mohiri oa ka
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Nelly Lenz le monna oa hae, Ruben, le bana ba bona, Erika le Mika