Seo Bacha ba Hlileng ba se Hlokang
Ka lilemo, babali ba banyenyane le ba baholo ka ho tšoanang ba ’nile ba re buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e fana ka seo bacha ba hlileng ba hlokang ho se tseba. Ngoanana e mong ea lilemong tse bohareng tsa bocha oa Sinaloa, Mexico, o ile a kōpela metsoalle ea hae libuka tse leshome. O itse le hoja eena e se Paki ea Jehova, o rata buka eo haholo, a hlalosa, “Ke le hlompha haholo.”
O itse: “Ke na le metsoalle e mengata e nang le lipotso tse ngata ka bophelo ba eona kajeno. Ke e bontšitse buka ena, ’me e e rata haholo. Buka ena e molemo ’me e na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mocha a ka ratang ho e tseba.” O ile a kōpa hore na a ka tlisetsoa libuka tseo pele likolo li koalloa phomolo ea hlabula.
Buka ea Bacha Baa Botsa e na le likhaolo tse 39. Tsona li akarelletsa: “Nka Etsa Joang Hore Batsoali ba ka ba Mphe Tokoloho e Eketsehileng?” “Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?” “Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?” le “Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?” U ka kōpa buka ena e maqephe a 320 ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.
Bontša hore na ka puo efe.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.