Buka e Rorisoang ka ho Fetisisa ea Bacha
HLOOHO ea Sekolo sa Tigoni sa Banana se Limuru, Kenya, e ile ea ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova naheng eo, e kōpa libuka tsa Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. E itse: “Joalokaha le tseba, ho sebetsana le bacha e ka ba ntho e thata. Re na le libuka tsa lōna tse peli feela, ’me li ’nile tsa thusa matichere hammoho le barutoana. Li na le boitsebiso bo lekaneng ’me li ngotse lintho tseo re li hlokang hantle, rōna le bacha ba rōna.”
Joale hlooho eo ea sekolo e ile ea re: “Boto [ea sekolo] e ne e ka rata hore ho sebelisoe buka ena bakeng sa ho ruta banana ba sekolo sa rōna. E rata buka ena haholo. Batsoali le bona ba thabela haholo boiteko bohle bo ka etsoang ho thusa bana ba bona. Ha hajoale re nahana hore libuka tse 25 li tla lekana.”
Buka ea Bacha Baa Botsa e fatisisa mehopolo ea bacha hammoho le maikutlo a bona. E khothalletsa puisano e molemo litabeng tse kang: “Nka Etsa Joang Hore Batsoali ba ka ba Mphe Tokoloho e Eketsehileng?,” “Na ke Lokela ho Tloha Lapeng?,” “Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?,” “Ke Lokela ho Khetha Mosebetsi Ofe?,” “Ho Thoe’ng ka Likamano Tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?,” le “Nka Tseba Joang Haeba e le Lerato la Sebele?”
Tsena ke lihlooho tse ’maloa feela tse hlahang bukeng ena. Likhaolong tsa eona tse 39, buka ena e boetse e tšohla litaba tse ling tse ngata. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.