U Mengoa ka Mofuthu—Sebokeng sa Bohlokoa ka ho Fetisisa Selemong!
Ka Labone la la 24 March, 2005, ho tla ba le ketsahalo eo u ke keng ua rata hore e u fose. Leo ke letsatsi leo Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse tšeletseng lefatšeng ka bophara hammoho le metsoalle ea tsona e limilione li tla beng li bokane sebakeng ka seng ho ikhopotsa sejo sa ho qetela sa mantsiboea seo Jesu a bileng le sona le barutuoa ba hae. Tumellanong le litaelo tsa Jesu, bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu li tla fetisoa sebokeng se seng le se seng, ’me ho tla hlalosoa se boleloang ke mokete ona.—Mareka 14:22-24.
Ho batho ba bangata ketsahalo ena e tsejoa e le Selallo sa Morena, kapa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Lipaki Tsa Jehova li e bitsa Sehopotso sa lefu la Kreste. Ke khopotso ea bohlokoa ea sehlabelo seo Jesu Kreste a se entseng molemong oa moloko oa batho oa baetsalibe ha a e-shoa. (Johanne 3:16; 1 Johanne 2:2) Ka mor’a lijo tsena tsa hae tsa ho qetela, Jesu o ile a tšoaroa ’me hamorao a shoela thupeng joalokaha eka e ne e le moetsalibe ea tloaelehileng.—Johanne 19:17, 18.
U tla amoheloa ka mofuthu sebokeng sena se khethehileng, e leng sa bohlokoahali k’halendareng ea selemo le selemo ea Lipaki Tsa Jehova. Ka kōpo fumana hantle hore na nako e tla ba efe le sebaka, Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang.