Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 3/8 maq. 22-23
  • Tamati—“Moroho” o Sebelisoang ka Litsela Tse Ngata Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tamati—“Moroho” o Sebelisoang ka Litsela Tse Ngata Haholo
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori e Thahasellisang
  • Mefuta ea Eona e Tsotehang le Botumo ba Eona
  • Litlhahiso le Maele a Bophelo bo Botle
  • E Natefisa Lijo Tsa Mefuta-futa
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
Tsoha!—2005
g05 3/8 maq. 22-23

Tamati—“Moroho” o Sebelisoang ka Litsela Tse Ngata Haholo

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

“KE NE ke tla etsa’ng kantle ho tamati!” ho rialo mosali e mong oa Motaliana. Ana ke maikutlo a liapehi tse se nang palo lefatšeng ka bophara. Ka sebele, tamati e hlahella lirisepeng tsa litso tse ngata. E lengoa majareteng a mangata ho feta sejo leha e le sefe se seng. Empa na ke tholoana kapa e oela merohong?

Ho latela thuto ea saense ea limela, tamati ke tholoana kaha e na le lithootse. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nahana ka eona e oela merohong, kaha hangata e jeoa le lijo tse ling. Sejo sena se hlabosang se na le histori e hlollang.

Histori e Thahasellisang

Mexico, Maaztec a ile a lema tamati a e lemela ho e ja. Bahlōli ba Maspanishe ba ile ba khutlela Spain le eona lekholong la bo16 la lilemo ’me ba alima lentsoe la Senahuatl le reng tomatl ba re ke tomate. Kapelenyana metse ea Maspanishe Italy, Afrika Leboea le Bochabela bo Hare e ne e thabela sejo sena se secha se hlabosang.

Hamorao hona lekholong leo la lilemo, tamati e ile ea fihla Europe ka leboea. Pele ho ne ho nahanoa hore e chefo ’me e ne e lemeloa ho khabisa jareteng. Le hoja e le semela sa mofuta oa litapole, seo makhasi a sona a nang le monko o matla ’me motloang oa sona o le chefu, tholoana ena e ipakile e se na kotsi ho hang.

E ka ’na eaba setla-bocha sena Europe se ne se le sesehla, kaha Mataliana a ne a se bitsa pomodoro (apole e tšehla). Manyesemane a ne a re ke tomate ’me hamorao a re ke tomato, empa polelo e reng “apole ea lerato” le eona e ile ea tuma. Ho tloha Europe tamati e ile ea nka leeto ho khutlela ka mose oane ho Atlantic ho ea Amerika Leboea, moo qetellong, e ileng ea fetoha sejo sa bohlokoa lekholong la bo19 la lilemo.

Mefuta ea Eona e Tsotehang le Botumo ba Eona

Botsa motho e mong hore na litamati li ’mala o joang, ’me ho ka etsahala hore karabo e be hore li “khubelu.” Empa na u ne u tseba hore ho ka ba le mefuta e mesehla, e ’mala oa lamunu, e mepinki, e pherese, e mesootho, e mesoeu, kapa e metala ’me e meng e bile e metsero? Hase mefuta eohle e chitja. E meng e sephara kapa e motopo kapa e sebōpeho se kang sa pere. Li ka ba nyenyane joaloka erekisi kapa tsa e-ba boholo ba feisi ea monna.

Sejo sena se ratoang se lengoa ho ea fihla ka leboea Iceland le ho ea fihla tlaase ka boroa New Zealand. Bahlahisi ba ka sehloohong ke United States le linaha tse ka boroa tsa Europe. Libakeng tse batang e lengoa ka maphepheng, ’me libakeng tse nang le komello ho lengoa semela sena ho sebelisoa mekhoa eo ho eona ho sa sebelisoeng mobu—ke hore motsoako oa menontša e se nang mobu.

Tamati e sa ntse e le thatohatsi ho batho ba itemelang feela. Ho bonolo ho e lema, ’me tse seng kae feela li beha tse lekaneng hore li ka fepa lelapa le lenyenyane. Haeba sebaka se haella, sheba libaka tse khethehileng tse pel’a ntlo moo ho ka lengoang lipalesa le ka mabokoseng a pel’a lifensetere.

Litlhahiso le Maele a Bophelo bo Botle

Lithempereichara tse batang li senya tatso ea litamati, kahoo u se ke ua li kenya ka sehatsetsing. Haeba u batla hore li butsoe kapele u ka li beha fensetereng e chabeloang ke letsatsi kapa ua li beha thempereichareng ea ka tlung ka sekotlolong se nang le tamati e butsoitseng kapa banana kapa ka mokotlaneng oa pampiri e sootho matsatsi a seng makae.

Tamati e molemo bophelong. E na le livithamine tsa A, C le E, hammoho le potassium le k’halsiamo le matsoai a mang. Bafuputsi ba sibolla hore e boetse ke mohloli o motle haholo oa lycopene, sehlapolli se matla, seo ho thoeng se fokotsa kotsi ea mafu a itseng, a kang kankere le lefu la pelo. Liphesente tse 93 ho ea ho tse 95 tsa tamati ke metsi, ’me batho ba amehileng ka boima ba ’mele ba tla thabela ho tseba hore e na le lik’halori tse fokolang haholo.

E Natefisa Lijo Tsa Mefuta-futa

Ha u reka tamati, u tla khetha ea mofuta ofe? Mofuta o tloaelehileng o mofubelu, o ikhethang o loketse lisalate, lisopho le mero. Tamati e nyenyane e khubeli, e ’mala oa lamunu, kapa e tšehla, e leng tse monate haholo kaha li na le tsoekere e ngata, li monate ha li jeoa li le tala. Haeba u etsa pizza kapa pasta, mohlomong tamati e motopo e sa butsoang haholo e ka ba eona e loketseng hantle. Tamati e tenya e se nang metsi a mangata ke eona e loketseng bakeng sa ho topeloa ka har’a mefuta e meng ea lijo kapa ho baka. Tamati e tala, eo ka linako tse ling e nang le metsero, e etsa lintho tse natefisang lijo tse lutlisang mathe. Ka sebele, tamati e natefisa lijo tse monate tsa mefuta-futa tse kang meroho, mahe, pasta, nama le tlhapi, le ho li fa ’mala. Haeba u ke ke ua fumana tamati e foreshe, ha ho pelaelo hore mabenkeleng a haufinyane u tla fumana tamati e ka makotikoting.

Seapehi se seng le se seng se na le lirisepe tsa sona tsa tamati, empa litlhahiso tse ’maloa tseo u ka ratang ho li leka ke tsena.

1. Etsa sehlatsoa-pelo sa kapelenyana se khahlang mahlo ka ho ala lilae tsa tamati, chisi ea mozzarella le avocado. Fafatsa oli ea mohloaare le pepere e ntšo ebe u khabisa ka mahlaku a basil.

2. Etsa Greek salad ka ho khabella tamati, komkomere le chisi e tšoeu le mohloaare o motšo le eie e khubelu. Noka ka letsoai le pepere, ebe u e tsamaisa le motsoako oa oli ea mohloaare le lero la sirilamunu.

3. Etsa Mexican salsa ka ho khabela tamati hasesaane, eie, pelepele e tala le coriander, ebe o li tsoaka ka lero la lime.

4. Iketsetse moro oa tamati o latsoehang bakeng sa pasta ka ho tšela tamati e khabetsoeng ea lekotikoti ka paneng, bohashana ba tsoekere (kapa tamati-soso), oli ea mohloaare, konofolo e sitsoeng, mahlaku a seng makae a kang a basil, a omisitsoeng a lifate tse lulang li le tala kapa a oregano le linoko tse ling. Bilisa motsoako oo, ’me u o tlohele o tjoatle metsotso e 20 ho fihlela o tiea. O tšele holim’a pasta e butsoitseng ’me e tlhotliloe metsi.

Tamati e sebelisoang ka litsela tse ngata ke feela mohlala o le mong oa lijo tsa mefuta-futa tseo re li etselitsoeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela