Bacha Baa Botsa . . .
Nka Laola Maikutlo a ka Joang?
“Ke halefela batsoali ba ka ebe ke bua lintho tseo ke sa ikemisetsang ho li bua. Ka mor’a moo ke leka ho ba qoba ho fihlela ha moea oa ka o kokobetse.—Kate, ea lilemo li 13.
“Ho se sireletsehe ke bothata bo boholo boo ke loanang le bona. Ka linako tse ling ke ikutloa ke ntse ke e-ba shoohlo feela.”—Ivan, ea lilemo li 19.
MAIKUTLO a matla haholo. A ama tsela eo u nahanang ka eona le eo u itšoarang ka eona. A ka u susumelletsa ho etsa botle le bobe. Ka linako tse ling, a ka ba a bonahala a u imela. Jacob ea lilemo li 20 o re: “Ha ho mohla nkileng ka ikutloa ke khotsofetse ke seo ke se etsang. Hangata ke sitoa ho finyella lintho tseo ke lebeletseng hore ke li finyelle. Ka linako tse ling kea lla, kapa ke utloe bohloko hoo ke bo ntšetsang ho ba haufi le ’na. Ho thata ho laola tsela eo ke ikutloang ka eona.”
Leha ho le joalo, ho tseba ho laola maikutlo a hao ke karolo ea ho ba motho e moholo ea butsoitseng, ea nang le boikarabelo. Hona joale litsebi tse ling li nahana hore ha motho a khona ho laola maikutlo a hae le ho sebelisana le batho, seo se molemo ho feta ho ba bohlale. Ka sebele, Bibele e nka ho tseba ho laola maikutlo e le ntho ea bohlokoa haholo. Ka mohlala, Liproverbia 25:28 e re: “Haeba u hlōleha ho laola khalefo ea hao, ha u ua sireletseha joaloka motse o se nang marako, o ka hlaselehang habonolo.” (Today’s English Version) Ke eng e etsang hore ho be thata hakaale ho laola maikutlo a motho?
Phephetso ho Bacha
Batho ba lilemo tsohle le ba litso tsohle ba loana ka thata ho laola maikutlo a bona. Leha ho le joalo, ntoa ena e ka ba thata ka ho khethehileng nakong eo mocha a kenang lilemong tsa ho ba motho e moholo. Buka e reng Changing Bodies, Changing Lives, e ngotsoeng ke Ruth Bell, e re: “Bacha ba bangata ba na le molubalube oa maikutlo a ferekaneng, neng-neng ba na le bohlanya ba bocha, neng-neng ba thabile, neng-neng ba tšohile. Batho ba bangata ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka ntho e le ’ngoe ka nako e tšoanang. . . . Hona joale motho a ka ikutloa tjena, ha motsotsong o latelang a se a ka ikutloa ka tsela e fapaneng ka ho feletseng.”
Joaloka mocha, u hloka phihlelo. (Liproverbia 1:4) Kahoo, ha u tobana le maemo a macha le liphephetso ka lekhetlo la pele, ke ntho e tloaelehileng hore u ikutloe u sa sireletseha ’me mohlomong u be u tsielehe. Ka lehlohonolo, ’Mōpi oa hao o utloisisa kamoo u ikutloang kateng. O tseba le ‘menahano [ea hao] e u hlokisang botsitso.’ (Pesaleme ea 139:23) O boletse melao-motheo e ka u thusang ka Lentsoeng la hae.
Mokhoa oa Bohlokoa oa ho Laola Maikutlo
Mokhoa o mong oa bohlokoa oa ho laola maikutlo a hao ke ho ithuta ho laola tsela eo u nahanang ka eona. Ho nahana lintho tse sa thabiseng ho ka u qeta matla ao u a hlokang a ho sebetsana le boemo. (Liproverbia 24:10) Empa u ka ithuta ho nahana ka tsela e nepahetseng joang ’me ka tsela eo u tsebe ho laola maikutlo a hao?
Tsela e ’ngoe ke ka ho qoba ho lula u nahana ka lintho tse mpe tse etsang hore u nyahame kapa u ikutloe u sa sireletseha. Ka ho latela keletso ea Bibele ea ho lebisa tlhokomelo linthong tse ‘tebileng’ le tse “lokileng,” u ka leleka maikutlo a fosahetseng ka a nepahetseng. (Bafilipi 4:8) Ho etsa sena ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo, empa ho ka finyelloa ha ho etsoa boiteko.
Nahana ka moroetsana e mong ea bitsoang Jasmine. O kile a tletleba: “Sohle seo ke tobanang le sona se nkemisa hlooho. Mosebetsi o mocha, boikarabelo bo bocha. Ke khathetse maikutlo. Ha ke na le nako ea ho khefutsa feela.” Hase ho makatsang hore mocha a ikutloe joalo ka linako tse ling, ’me sena se ka etsa hore mocha a ikutloe a sa sireletseha, a sa itšepe. Bibele e re bolella ka mohlankana e mong ea bitsoang Timothea, ea neng a tšoaneleha ka hohle-hohle bakeng sa boikarabelo boo a neng a bo filoe. Leha ho le joalo, ho bonahala eena a ne a loana le maikutlo a ho se tšoanelehe.—1 Timothea 4:11-16; 2 Timothea 1:6, 7.
E ka ’na eaba u ikutloa u sa itšepe ha u tobane le mosebetsi o mocha kapa oo u sa u tloaelang. U ka ’na ua ipolella, ‘Le ka mohla nke ke ka khona ho etsa sena.’ Empa u ka laola maikutlo a joalo a ho se itšepe ka ho qoba ho lula u e-na le maikutlo a fosahetseng. Tsepamisa kelello ea hao ho ithuteng ho phetha mosebetsi oo hantle. Botsa lipotso, u latele litaelo.—Liproverbia 1:5, 7.
Ha u tseba mosebetsi haholoanyane, ho se itšepe ho tla fokotseha. U se ke ua lula u nahana ka mefokolo ea hao, ua e lumella hore e u qete matla le ho u sitisa ho ikitlaetsa hore u ntlafatse. Ka nako e ’ngoe ha moapostola Pauluse a ne a nyatsuoa o ile a arabela: “Esita le haeba ke se kheleke puong, ka sebele ha ke joalo tsebong.” (2 Bakorinthe 10:10; 11:6) Ka ho tšoanang, u ka tiisa ho itšepa ha hao ka ho ananela hore ho na le lintho tseo u li tsebang le ka ho kōpa Molimo hore a u thuse ho sebetsana le bofokoli ba hao. Ka sebele Molimo a ka u thusa, joalokaha a ile a thusa batho nakong e fetileng.—Exoda 4:10.
Tsela e ’ngoe eo u ka laolang maikutlo a hao ka eona ke ho ipehela lipakane tse itekanetseng, tse finyellehang ’me u amohele moo u haelloang teng. Hape qoba ho ipapisa le ba bang ka tsela e sa lokelang. Ho Bagalata 6:4, Bibele e fana ka keletso e ntle ha e re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong, eseng ka ho ipapisa le motho e mong.”
Thiba Bohale
Ho laola bohale e ka ba phephetso e ’ngoe e boima. Joaloka Kate ea boletsoeng qalong, ka lebaka la bohale, bacha ba bangata ba bua le hona ho etsa lintho tse utloisang bohloko kapa tse kotsi.
Ho ke ke ha latoloa hore ke ha tlhaho ho halefa ka linako tse ling. Empa hopola ’molai oa pele, Kaine. Ha a ne a “tuka ke bohale,” Molimo o ile a mo lemosa hore bohale bo joalo bo ka mo lebisa sebeng se tebileng. O ile a botsa Kaine: “Na [sebe] u tla se laola?” (Genese 4:5-7) Kaine o ile a hlōleha ho mamela keletso ea Molimo, empa uena, ka thuso ea Molimo, u ka laola bohale ba hao ’me oa qoba ho etsa sebe!
Sena se boetse se ama ho laola seo u se nahanang. Ho Liproverbia 19:11, Bibele e re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” Ha motho a u halefisa, leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a itšoara joalo. Na motho eo o ne a leka ho u utloisa bohloko ka boomo? Na ho ka etsahala hore ebe o ile a etsa ntho a sa nahana kapa a sa tsebe? Ho mamella liphoso tsa ba bang ho bontša mohau oo Molimo a nang le oona, ’me ho ka u thusa hore u fokotse bohale ba hao.
Empa, ho thoe’ng haeba u halefile ka mabaka a utloahalang? Mangolo a re: “Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe.” (Baefese 4:26) Haeba ho hlokahala, buisana le motho ea u halefisitseng. (Matheu 5:23, 24) Kapa mohlomong ntho e molemo ke hore feela u lebale ka eona—u tlohele ho halefa ’me u tsoele pele ka bophelo.
Ho thahasellisang ke hore metsoalle ea hao e ka ba le tšusumetso tseleng eo u sebetsanang le bohale ba hao ka eona. Kahoo Bibele e ea laela: “U se ke ua ba le setsoalle le mang kapa mang ea ineheletseng bohale; ’me u se ke ua kena setsoalleng le motho ea tlakolohang ka bohale, e le hore u se ke ua tloaela litsela tsa hae eaba ka sebele u nkela moea oa hao leraba.”—Liproverbia 22:24, 25.
Ho ba har’a batho ba lekang ka matla ho laola bohale ba bona ho ka u thusa hore u ithibe. Liphutheho tsa Bokreste tsa Lipaki Tsa Jehova li na le batho ba bangata ba joalo ba hōlileng tsebong, bao bongata ba bona e leng batho ba hōlileng lilemong le ba nang le phihlelo ho u feta. Tloaelana le ba bang ba bona. Sheba hore na ba sebetsana le mathata joang. Ba ka ’na ba khona ho u fa “tataiso e bohlale” ha u tobane le mathata. (Liproverbia 24:6) Jacob, ea qotsitsoeng pejana o re: “Motsoalle ea hōlileng tsebong ea ka nkhopotsang Lentsoe la Molimo ke oa bohlokoa ka ho fetisisa. Ha ke hopola hore Jehova oa nthata ho sa tsotellehe ho se sireletsehe ha ka, ke khona ho laola maikutlo a ka ’me ke be le khutso.”
Mehato e Meng e Molemo
Buka e tsebahalang ea ho ikoetlisa e re: “Liphuputso tse se nang palo tse entsoeng li pakile hore tsela eo u itšisinyang ka eona e etsa hore lik’hemik’hale tse ’meleng li ame tsela eo u ikutloang ka eona. Boemo ba li-hormone le ba oksijene boa fetoha ho latela tsela eo u itšisinyang ka eona.” Ha ho pelaelo hore ho ikoetlisa ho molemo. Bibele e ea re bolella: “Boikoetliso ba ’mele bo na le molemo o itseng.” (1 Timothea 4:8, Today’s English Version) Ke hobane’ng ha u sa be le lenaneo la ho ikoetlisa kamehla ka tsela e itekanetseng? Seo se ka ba le liphello tse ntle tseleng eo u ikutloang ka eona. Ho ja ka tsela e nepahetseng le hona ho ka ba le melemo.
Nahana hape ka khetho ea hao ea ’mino le boithabiso. Phuputso e ileng ea tlalehoa ho The Harvard Mental Health Letter, e itse: “Ho shebella liketso tse mabifi . . . ho fehla maikutlo a bohale le boikutlo ba ho hlasela ba bang. . . . Batho ba shebellang lifilimi tse nang le pefo ba bile le menahano ea ho hlasela ba bang ’me ba ba le matšoao a bontšang ho phahama ha khatello ea mali.” Ka hona, etsa qeto e ntle ha ho tluoa tabeng ea seo u se mamelang le seo u se shebellang.—Pesaleme ea 1:1-3; 1 Bakorinthe 15:33.
Ka holim’a tsohle, tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho ithuta ho laola maikutlo a hao ke ea ho hlaolela setsoalle se haufi le ’Mōpi oa hao. O mema e mong le e mong oa rōna hore a bue le eena ka thapelo, a tšollele maikutlo a hae ho eena. Moapostola Pauluse o ile a khothatsa: “Le se ke la tšoenyeha ka letho. . . . Likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” Ruri u ka ba le matla a ho tobana le boemo leha e le bofe bophelong. Moapostola Pauluse o ile a phaella: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:6, 7, 13.
Malika e monyenyane o re: “Ke ithutile ho rapela, ke rapele, ke be ke rapele. Ho tseba hore Jehova oa tsotella ho nthusitse hore ke be le khotso e itseng ’me ke laole maikutlo a ka ka ho eketsehileng.” Ka thuso ea Molimo, le uena u ka ithuta ho laola maikutlo a hao.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Mokhoa o mong oa ho laola maikutlo a hao ke ho ithuta ho laola tsela eo u nahanang ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ho ba le botsoalle le ba hōlileng ho ka u ruta tsela ea ho sebetsana le maikutlo a hao