Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 6/8 leq. 11
  • ‘U Lokela ho Ikutloa U le Motlotlo ka Sena’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘U Lokela ho Ikutloa U le Motlotlo ka Sena’
  • Tsoha!—2005
Tsoha!—2005
g05 6/8 leq. 11

‘U Lokela ho Ikutloa U le Motlotlo ka Sena’

Bahlanka ba ’nete ba Molimo ba hlokomela bohlokoa ba ho ba ba tšepahalang. Lerato la bona ho ’Mōpi oa bona le ba susumelletsa ho ba joalo. Ka mohlala, nahana ka taba ea Lázaro. Nakong e fetileng ha a ne a sebetsa hoteleng e ’ngoe Huatulco, Mexico, o ile a thola R420 e neng e oele moo ho amohelloang baeti. O ile a potlakela ho isa chelete eo ho mookameli ea neng a le mosebetsing. Hamorao o ile a thola mokotlana oa chelete kamoreng ea ho hlapela. O ile a o isa deskeng ea ho amohella baeti, e leng ho ileng ha thabisa motho ea lahlehetsoeng le hoja a ne a maketse.

Liketso tsena li ile tsa fihla litsebeng tsa mookameli e moholo, ea ileng a botsa Lázaro hore na o ile a susumetsoa ke eng ho khutlisa chelete eo le mokotlana oa chelete. Lázaro o ile a arabela ka hore litekanyetso tsa Bibele tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng li ile tsa mo thibela ho inkela ntho eo e seng ea hae. Lengolong le bontšang kananelo, mookameli e moholo o ile a bolella Lázaro hore: “Kajeno ho thata ho fumana batho ba bolokang litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro. Re babatsa boikemisetso ba hao. U iponahalitse u le monna ea hlomphehang, mohlala ho batho bao u sebetsang le bona. Uena le lelapa la hao le lokela ho ikutloa le le motlotlo ka sena.” Lázaro o ile a khethoa e le mosebetsi ea hloahloa khoeling eo.

Basebetsi-’moho ba bang ba ne ba nahana hore Lázaro o entse phoso ka ho khutlisa lintho tseo. Empa ka mor’a ho bona tsela eo mohiri oa bona a ileng a itšoara ka eona, ba ile ba lebohela Lázaro ka ho boloka litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro.

Bibele e khothalletsa balateli ba tšepahalang ba Jesu hore ba ‘sebetse se molemo ho bohle’ le ho “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Bagalata 6:10; Baheberu 13:18) Kantle ho pelaelo, ho bonahatsa botšepehi joaloka Bakreste ho tlisa tlotliso ho Molimo ea ‘lokileng le ea khabane’ oa Bibele, Jehova.—Deuteronoma 32:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela