Ho Fana ka Bopaki bo Botle Sekolong
Ka Mongoli oa Tsoha! Mexico
HA Daniel, mocha ea lilemo li 17, a ne a qala selemo sekolong se secha, o ne a ikemiselitse ho itsebahatsa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho barutoana-’moho le eena ba bacha. Monyetla o joalo o ile oa hlaha ha tichere ea Senyesemane e kōpa tlelase ea bona hore e e’o buisana le motho ea tsoang naheng e ’ngoe eo puo ea hae e leng Senyesemane. Mosebetsi ona o ne o ba hloka hore ba ee libakeng tseo bahahlauli ba ratang ho ea ho tsona Mexico City, ba buisane le bona ’me seo ba se rekotileng ba tle le sona tlelaseng.
Daniel o ile a etsa qeto ea ho ea buisana le moromuoa ea buang Senyesemane ea sebetsang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, Mexico, ’me ka nako e tšoanang, o ile a nka video ka Senyesemane e hlalosang sebaka seo ka bokhutšoanyane. Hape o ile a lokisetsa ho bontša libukana tse sa tšoaneng ka lipuo tsa matsoalloa a moo tse hatisoang Mexico, hammoho le Molula-Qhooa le Tsoha! ka lipuo tse ling. Joale Daniel o ile a kōpa tichere ea hae ea Senyesemane hore e mo lumelle hore a bontše tlelase video eo le libukana.
Barutoana-’moho le eena le tichere ba ne ba hloletsoe ke mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova Mexico. Bamameli ba Daniel ba ile ba khahloa le ho feta ke boiteko ba Lipaki ba ho finyella matsoalloa a Mexico.
Ka mor’a hore Daniel a qete metsotso e 25 a bontša tlelase mosebetsi oa hae, oo a ileng a fumana limaraka tse ka holimo-limo ka oona, o ile a fa bohle Molula-Qhooa le Tsoha!, hammoho le buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ba bangata ba ile ba amohela lingoliloeng, ’me sena se butse monyetla oa ho qoqa le ba bang ka ho eketsehileng ka Bibele. Daniel o re: “Ke leboha Jehova hore ebe ke ile ka khona ho tlotlisa lebitso la hae ka mosebetsi o bonolo oa sekolo.”