Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 maq. 30-31
  • Ho Sokolloa ha Batšoaruoa Literonkong Tsa Mexico

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sokolloa ha Batšoaruoa Literonkong Tsa Mexico
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Batšoaruoa ba Fetoha Basebeletsi ba Bakreste
  • Thoriso e Tsoang ho ba Boholong
Tsoha!—2005
g05 10/8 maq. 30-31

Ho Sokolloa ha Batšoaruoa Literonkong Tsa Mexico

Ka Mongoli oa Tsoha! Mexico

KA LINAKO tse ling ho sokolloa ho fanoa e le lebaka la ho hlahleloa ha batlōli ba molao chankaneng. Leha ho le joalo, ho kenya motho teronkong ka bohona ho ke ke ha sokolla motšoaruoa. Motho o lokela ho ipolella hore o batla ho fetoha, ka mor’a moo a bake e le kannete bakeng sa phoso e fetileng, ’me a be le takatso ea ho batla ho itšoara ka tsela e fapaneng. Literonkong tse ngata ho pholletsa le lefatše, thuto ea Bibele e etsoang ke Lipaki Tsa Jehova e ’nile ea atleha ho sokolla batšoaruoa. A re shebeng lenaneo la tsona Mexico.

Lipaki Tsa Jehova li etela literonko tse 150 Mexico, li fana ka lenaneo la ho bala Bibele le ho ithuta mekhoa e metle ea boitšoaro le lithuto tsa Bibele. Ka mohlala, chankaneng ea linokoane tse kotsi e Ciudad Juárez, Chihuahua, basebeletsi ba Lipaki Tsa Jehova kamehla ba bolela batšoaruoeng ba ka bang 1 200. Batšoaruoa baa ba hlompha ebile baa ba sireletsa maemong a kotsi. Ka lekhetlo le leng, ha ho ne ho tsoha morusu teronkong eo, ba bang ba batšoaruoa ba kotsi ka ho fetisisa ba ile ba kokobetsa mokhopi hore Lipaki li ka tsoa moo li sireletsehile.

Tokollo ea Tsoha! ea May 8, 2001, e neng e e-na le sehlooho se reng “Na Boitšoaro ba Batšoaruoa bo ka Fetoloa?” e ile ea hapa tlhokomelo ea batšoaruoa le ba boholong teronkong ka tsela e tšoanang. Chankaneng ea linokoane tse kotsi San Luis Río Colorado, Sonora, Lipaki tse 12 li ile tsa aba limakasine tse 2 149.

Ha ho fumanoa batho ba nang le thahasello ea sebele Bibeleng, Lipaki Tsa Jehova li khutlela moo beke e ’ngoe le e ’ngoe ho ea tšoara tlelase e rutang ka Bibele le ho ea tšoara litšebeletso tsa bolumeli. Lenaneo lee la thuto ea Bibele le atlehile hakae ho fetoleng bophelo ba batšoaruoa?

Batšoaruoa ba Fetoha Basebeletsi ba Bakreste

Jorge o ne a se a qalile bophelo ba bonokoane le pele a e-ba lilemo li 20. Ka mor’a hore a hoehle lilemo tse 13 chankaneng ea linokoane tse kotsi e Islas Marías, o ile a lokolloa. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana o ile a boela bonokoaneng ba ho rekisa lithethefatsi. E le rasethunya ea hireloang ho bolaea, o ile a ithuta ho latela litaelo tsa ho bolaea ’me o ile a qetella a bolaile batho ba 32. Ha a le teronkong hape, o ile a tsebisoa ke babuelli ba hae ba molao hore baokameli ba hae ba pele ba linokoane ba ne ba ikemiselitse ho mo lefella chelete e ngata ho mo lokolla. Baokameli bana ba linokoane ba ne ba batla a tsoe teronkong e le hore ba ka mo laela hore a e’o bolaea motho e mong hape. Empa mothating ona Jorge o ne a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O ne a se a tsoetse pele moeeng hoo a neng a se a kolobelitsoe ’me e se e le ’moleli oa nako e tletseng, kapa mosebeletsi oa pula-maliboho teronkong. Na o ne a tla amohela tokoloho ebe o sebeletsa baokameli ba linokoane hape kapa o ne a tla lula teronkong ’me a sebeletse Jehova? Jorge o ile a araba: “Ke khetha ho lula teronkong ’me ke patalle lintho tse mpe tseo ke li entseng. Hona joale ke sebeletsa Jehova Molimo, Morena ’Musi.” Jorge o ile a lula a tšepahala ho Molimo ’me o ile a shoa a e-na le tšepo ea tsoho. Metsoalle ea hae moeeng e bua tjena ka eena, “O ‘ne a tseba ’nete ’me ’nete e ile ea mo lokolla.’”—Johanne 8:32.

David, ea ahloletsoeng lilemo tse 110 teronkong ka lebaka la polao, ho koetela, le bosholu, o kentsoe karolong ea linokoane tse kotsi e nang le tšireletso e matla. Leha ho le joalo, ka lebaka la liphetoho tse tsotehang boitšoarong ba hae ho tloha ha a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o ile a fuoa tumello e khethehileng ea ho ea sebokeng ka ntle ho sebaka sena a tsamaea le molebeli. Bophelo ba hae bo fetohile ho latela se hlokoang ke Bibele, hoo hona joale a kopanelang mosebetsing oa ho bolela ’me o khanna lithuto tse robeli tsa Bibele le batšoaruoa ba bang ka teronkong. Lelapa la habo le khahliloe haholo ke liphetoho tseo a li entseng hoo le eang ho eena bakeng sa ho ithuta Bibele. David o re, “Ha ke khathale ho leboha Jehova ka ho mpha tokoloho ea moea.”

Ka lebaka la lenaneo la thuto ea Bibele le etsoang ke Lipaki Tsa Jehova, batšoaruoa ba 175 ba sokolohileng literonkong tse 79 Mexico ba tšoanelehela mosebetsi oa ho bolela ’me ba 80 ho bona ba kolobelitsoe. Ba khanna lithuto tsa Bibele tse 703 le batšoaruoa ba bang. Ho phaella moo, batšoaruoa ba ka bang 900 ba ba teng libokeng tsa Bokreste tse tšoareloang literonkong.

Thoriso e Tsoang ho ba Boholong

Ba boholong literonkong ba hlokomela mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ka mohlala, ba boholong chankaneng ea linokoane tse kotsi Tekax, Yucatán, ba ile ba li fa lengolo le thoholetsang “tšehetso [ea tsona] e se nang boithati le ea ho thusa” batšoaruoa ba bang selemong sa 2002.

Ha Lipaki li qala lenaneo la thuto ea Bibele ka lekhetlo la pele teronkong ena, liboka tsa tsona li ne li tšoaroa moo ho neng ho lebetse balebeli ba bangata ka thata. Empa ka mor’a nako e itseng, ha botho ba batšoaruoa bo ntlafala, sehlopha seo se ile sa hapa balebeli ’me ba se hlompha, ho fihlela ha ho se ho behoa molebeli a le mong ho se lebela.

Chankana ea linokoane tse kotsi e Ciudad Juárez e na le Holo ea eona ea ’Muso. Ho ile ha fanoa ka tumello ea ho nka thepa ea mohaho ho ea fetola liforeimi tsa tšepe tse neng li sa sebelisoe ho ba sebaka sa borapeli. Batšoaruoa ba 13 ba kolobelitsoeng le lithuto tsa bona tsa Bibele tse teronkong ba ile ba etsa mosebetsi oohle oa kaho. Holo eo e na le tsamaiso ea molumo, ntloana, litulo tse tšoanang le tsa theatera ’me e nka batho ba 100. Batho ba ka bang 50 ba kopanela kamehla libokeng tse hlano tsa beke le beke.

Ka sebele, ho sokoloha ha batšoaruoa ke ntho e ka finyelloang ka thuto ea Bibele. Feela joalokaha Manase oa Bibeleng—morena oa Juda ea ileng a etsa bobe bo boholo ’me e ne e le motšoaruoa Babylona—a ile a baka ’me a rapella tšoarelo, kajeno batšoaruoa ba ka fetola botho ba bona ’me ea e-ba batho ba tšabang Molimo.—2 Likronike 33:12, 13.

[Setšoantšo se leqepheng la 30, 31]

Kolobetso teronkong

[Setšoantšo se leqepheng la 30, 31]

Basebeletsi ba nako e tletseng le barupeli ba bona Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho teronkong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela