Libato Tsa Mohlolo Afrika
Setsiketsing se bolelele ba lik’hilomithara tse 2 000 se iphaphathileng ka moeli o ka bophirimela oa Lehoatata la Namibia, ka boroa-bochabela Afrika, ho na le libato tse itjalileng tsa libataolo tse bophara ba limithara tse peli ho ea ho tse leshome tse tletseng lehlabathe. Sebato ka seng se lika-likelitsoe ke joang bo bolelele. Ho baeti ba bang, libato tsena li ba hopotsa ha motho a tsoile litlapeli kapa li ba hopotsa matheba a etsoang ke lerotholi le leholo la pula ha le oela fatše. Batho ba moo ba na le tumelo ea hore libato tsena li na le matla a itseng a mehlolo. Meloko e meng e lumela hore sebato ka seng se lika-likelitse lebitla la Moroa ea ileng a shoa ho tse ling tsa lintoa tse ileng tsa ba teng pakeng tsa Baroa le bo-ralikolone lilemong tse makholo tse fetileng.
Bo-rasaense le bona ba ’nile ba leka ho fumana tlhaloso ea libato tsena. Ka 1978, babatlisisi ba bang ba ile ba tšoaea libato tsena bohareng ka lithupa tsa tšepe, khopolo e le hore libato tsena li tla ritsa neng-neng. Lilemo tse 22 hamorao, libato tsena li ne li ntse li eme nģa e le ’ngoe. Koranta ea London ea The Daily Telegraph e tlaleha hore ho ’nile ha e-ba le likhopolo-taba tse ngata mabapi le tšimoloho ea libato tsena, ho akarelletsa hore li bakiloe ke “bohloa ha bo ntse bo sebetsa, kapa ke chefo ea limela tse kotsi tsa sebaka seo, kapa hore e bile ka lebaka la tšilafalo e bakiloeng ke liminerale tse nang le mahlaseli a kotsi, esita le hore e ka ’na eaba li bakiloe ke ha limpshe li ntse li ipitika lerōleng.” Moprofesa oa thuto ea bophelo ba limela, Gretel van Rooyen, oa Univesithi ea Pretoria, Afrika Boroa, o ile a etsa lipatlisiso ho leka ho utloisisa libato tsena. Oa tlaleha: “Re ile ra etsa liteko ka khopolo-taba ka ’ngoe ho bona hore na li nepahetse, ’me kaofela ha tsona li ne li fosahetse.”
Mohlomong ntho ea bohlokoa e bile ha bafuputsi ba fumana hore ha joang bo pota-potileng libato tsena bo lengoa mobung o nkiloeng ka har’a libato, boa pona. Empa ha bo lengoa mobung oo bo metseng ho ’ona o pota-potileng libato tsena, boa phela, e leng ho pakang hore mobu ona o fapane. Le hoja liteko tsa pele tse entsoeng mobung ona li sitiloe ho fana ka tlhaloso, Van Rooyen o tšepa hore ha o hlahlojoa ka sesebelisoa se bitsoang mass spectrometre, ho ka ’na ha fumanoa boitsebiso bo itseng. Oa ipotsa hore na ebe mobu o ka har’a libato o na le chefo e itseng na. Van Rooyen o re ho New Scientist: “Bothata ke hore leha re ka fumana hore e teng, e ntse e tla ba qaka hore na e bile teng joang moo.” Hajoale ho setseng ke hore libato tsena li sa le har’a e meng ea mehlolo e hlollang lefatšeng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]
Courtesy of Austin Stevens