Likarabo Tse Sebetsang Lipotsong Tseo U ’Nileng Ua li Botsa!
• Ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba sa nkutloisise?
• Ke hobane’ng ha Ntate le ’Mè ba ile ba arohana?
• Ke joang nka etsang metsoalle ea sebele?
• Ke hobane’ng ha ke tepella maikutlong hakana?
• Ke hobane’ng ha bana ba bang ba sa ntlohele?
• Ho thoe’ng ka likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo?
Buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ha e tšoane le libuka tse ling tse etselitsoeng bacha. Lihlooho tseo e li tšohlang li khethiloe ka lebaka la lipuisano tse bileng teng le bacha ba bangata lefatšeng ka bophara. ’Me likarabo tsa eona, tse thehiloeng Lentsoeng la Molimo, Bibele, e hlile li ea sebetsa! Lipotso tse ka holimo ke tse ling tsa tse arabeloang ke buka ena e maqephe a 320.
U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.