Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 12/8 maq. 8-10
  • Ho Hloka Bolulo—Tharollo ke Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hloka Bolulo—Tharollo ke Efe?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo oa Qalong
  • Bokamoso ba Batho ba Hlokang Bolulo
  • Ho Hloka Bolulo—Ho Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
  • Bana ba se Nang Mahae—Na ho na le Tharollo?
    Tsoha!—1990
  • Ba se Nang Matlo Bothata ba Lefatše
    Tsoha!—1988
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 12/8 maq. 8-10

Ho Hloka Bolulo—Tharollo ke Efe?

“HA U fa motho tlhapi, u mo fepa letsatsi le le leng. Ha u mo ruta ho tšoasa tlhapi, u mo fepa bophelo bohle.” Polelo ena e bontša bonnete ba hore ho rarollela motho mathata ka nakoana ho ka ba le melemo e fokolang. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore batho ba rutoe ho itharollela mathata le ho iphumanela seo ba se hlokang. Ho hlokahala hore batho ba bangata ba rutoe litsebo tsa mosebetsi hore ba atlehe bophelong kapa ba be le pono e fapaneng ka ho feletseng ka bophelo le tsela eo ba phelang ka eona.

Lipaki Tsa Jehova li kholisehile hore tsela e molemohali ea ho thusa batho ba hlokang bolulo ke ho ba ruta tsela e molemohali ea ho phela. Hona ho bolela ho sebelisa keletso e molemohali e teng—e fanoang ke ’Mōpi oa motho. Na ho na le e mong ea tšoanelehang haholo ho fana ka keletso e joalo? Keletso ea hae e thusa batho ho qoba mathata a mangata a lebisang ho hlokeng bolulo. E boetse e thusa batho ba tšepahalang ba nang le bothata boo hore ba bo hlōle. Ke ’nete hore ho bala Bibele ka bohona ho ke ke ha etsa hore mathata ’ohle ao re tobanang le ’ona a nyamele. Leha ho le joalo, Bibele e ka thusa batho hore ba tlohele mekhoa e mebe e ba jellang chelete, hore ba fumane boitlhompho bo itseng, le ho phela bophelo bo batlang bo hlompheha haholoanyane.

Batho ba bangata ba lahlehetsoe ke matlo a bona ka lebaka la ho sebelisa lithethefatsi, bophelo ba bokebekoa, mathata a lichelete, kapa ho qhalana ha lelapa. Bibele e fana ka keletso e ntle litabeng tsena kaofela. Ho sebelisa keletso e joalo ho se ho thusitse batho ba limilione ho fetola pono ea bona ka bophelo—’me ho bile ha fetola le botho ba bona ka ho feletseng—hore bo be molemo. Ke ’nete hore ho sebelisoa ha keletso ea Mangolo ka bohona feela, ho ka ’na ha se ke ha rarolla mathata ’ohle a amanang le ho hloka bolulo. Ha hajoale, likoluoa tsa tlhaho, ho kula, bofutsana bo atileng, ho lemalla lintho tse itseng le tse ling, ke mathata ao hangata a hlokang mefuta e meng ea thuso. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li etsa sohle seo li ka se khonang ho thusa batho ba utloang bohloko ka lebaka la liphello tsa mahlomola a joalo, lia hlokomela hore ke Moetsi oa batho feela ea ka rarollang mathata ao ka ho sa feleng. Na o tla etsa joalo?

Morero oa Molimo oa Qalong

Ho na le lebaka le letle la ho tšepa hore ho hloka bolulo ho tla fela haufinyane. Motheong ofe? Nahana: Jehova Molimo o ile a lokisetsa batho ba pele ba babeli lehae le letle. Molimo o ile a ba beha paradeiseng moo ba neng ba e-na le sohle seo ba se hlokang. Hoja ba ile ba latela tataiso ea Moetsi oa bona, ba ka be ba ile ba atolosetsa Paradeise eo lefatšeng lohle. Bana ba bona ba ka be ba ile ba thabela chai le matlo a mabothobotho. Setho se seng le se seng sa lelapa la motho se ne se tla be se itšetlehile ka lerato le tšebelisano ea e mong le e mong. Oo e ne e le morero oa Molimo qalong. Ha a e-s’o fetole maikutlo a hae.—Pesaleme ea 37:9-11, 29.

Ho feta moo, ntho leha e le efe eo Molimo a e rerileng o tla e phetha, joang kapa joang. (Esaia 55:10, 11) Bibele e profeta hore ho tla fihla nako eo e mong le e mong a tlang ho ba le ntlo ea hae le lintho tse ling tse bonahalang tse ngata. Ke ’nete hore pele seo se etsahala, ho tla hlokahala hore batho bohle ba fetohe. Phetoho e joalo e tla tlisoa ke ho kenella ha Molimo litabeng tsa moloko oa batho. Ke seo Jesu a neng a se hopotse ha a ne a bolella barutuoa ba hae hore ba rapele: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.

Tlas’a puso e lokileng ea ’Muso oa Molimo, batho ba ikokobelitseng ba tla bona ho phethahala ha boprofeta bona bo matlafatsang: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je. . . . Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo.” (Esaia 65:21, 22) Ka mantsoe a bonolo, ha ho na motho ea tla hloka bolulo.

Lipaki Tsa Jehova li loanela ho fa batho thuso ea moea eo ba e hlokang hona joale. Li lakatsa ho fa ba bang tlhokomelo e lerato eo Jesu a e buelletseng. (Matheu 22:36-39) Ho ameha ho tšoanang ka ba bang, ho ba susumelletsa ho thusa ba lahlehetsoeng ke matlo a bona ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho.a

Ha e le hantle, Lipaki lia utloisisa hore ha ho bonolo ho thusa motho e mong le e mong. Jacek, oa Poland, ea lulang moo ho lokiselitsoeng batho ba se nang bolulo, o lumela sena mabapi le batho ba se nang bolulo: “Ba bang ba mabifi kapa ba tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi. Ba bang ba nyonya ha ho buuoa ka bolumeli, ba nahana hore Molimo ha a ba thahaselle. Empa ho na le ba arabelang hantle Lentsoeng la Molimo.” Ka mohlala, Jacek ka boeena, o ile a arabela hantle. O se a qalile ho ithuta ka ho eketsehileng hore na hantle-ntle Bibele e ruta eng.

Monna e mong ea se nang bolulo ea ileng a arabela hantle ke Roman, mokuli oa AIDS eo ho fihlela morao tjena a neng a phela seterateng. Oa hopola: “Ha ke fihla lehaeng la Litšebeletso Tsa Sechaba, ke ne ke sa tsebe hore Lipaki Tsa Jehova li kopanela haufi le moo. Li ile tsa qala moqoqo le ’na seterateng ’me tsa hlalosa hore mehoo ea batho ba kōpang thuso ba se nang bolulo, Molimo oa e hlokomela. Li ile tsa ’memela ho se seng sa liboka tsa tsona.”—Pesaleme ea 72:12, 13.

Seo a ileng a se utloa se ile sa mo ama joang? “Ke ile ka ithuta hore nka phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng le hore ke oa bohlokoa mahlong a Molimo. Kaha ke ne ke pota-potiloe ke metsoalle e mecha, e tsotellang, ke ile ka tlohela ho touta ka mathata a ka ’me ka qala ho fetola botho ba ka. Ka lebaka la lerato la ka ho Molimo, ke ile ka tlohela ho tsuba ’me ka thapelo ke ile ka mo tšepisa hore ke tla tsamaea tseleng ea ho loka.”

Roman o ile a tsoela pele hantle moeeng ’me kapele o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka thuso ea balumeli-’moho le eena le ba boholong, o ile a fumana bolulo bo loketseng. Ka thabo Roman o re: “Ke na le thabo e ke keng ea hlalosoa pelong ea ka. Ke haufi le Molimo ea lerato, ea tsosolositseng morero bophelong ba ka. O mphile lelapa le babatsehang la bara le barali babo rōna hape le lehae!”

Bokamoso ba Batho ba Hlokang Bolulo

Lipaki Tsa Jehova li loanela ho bontša baahelani bohle ba tsona kutloelo-bohloko, ho akarelletsa le ba se nang bolulo. Li labalabela ho arolelana le bona linnete tsa Bibele mabapi le bokamoso bo molemo—linnete tseo le hona joale li ka fetolang bophelo.—Johanne 8:32.

Bibele e re: “Se khopamisitsoeng se ke ke sa otlolloa.” (Moeklesia 1:15) E, ho sa tsotellehe sepheo se setle sa baithaopi le ba boholong, mathata a joalo a metseng ka metso a kang a ho hloka bolulo le bofutsana ho thata ho a fothola ka metso. Leha ho le joalo, Bibele ea re tiisetsa, hore haufinyane, tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, batho bohle ba ikokobelitseng ba tla thabela ho phela maemong a phethahetseng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, bona Tsoha! ea January 8, 1993, leqepheng la 13-20; October 22, 2001 (ea Senyesemane), leqepheng la 23-7; le August 8, 2003, leqepheng la 10-15.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

’Mè oa mophaphathehi oa Somalia o tšoere karete ea ho phaka lijo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Trygve Bolstad/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ka holim’a tsohle, ho hlokahala hore batho ba hlokang bolulo ba be le tšepo ka bokamoso

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Tlas’a ’Muso oa Molimo ha ho ea tla hloka bolulo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela