Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 leq. 32
  • Ha Ngoana a E-shoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Ngoana a E-shoa
  • Tsoha!—2006
Tsoha!—2006
g 1/06 leq. 32

Ha Ngoana a E-shoa

◼ Lefu la ngoana ke ntho e sithabetsang ho ba phelang, haholo-holo ho batsoali. ’Mè e mong eo mora oa hae ea lilemo li 16 a ileng a cha kotsing e sehlōhō, o ile a tletleba: “Molimo ha a re lumelle hore ho shoe rōna ho e-na le hore ho shoe bana ba rōna, ebile ha a re lumelle hore re shoe le bona.”

Leha ho le joalo, o ne a ntse a e-na le tšepo, joalokaha a hlalosa: “Molimo o re boleletse ’nete ka lefu, ’me sena se etsa hore ’na le monna oa ka re se ke ra hlonama kapa ra lahleheloa ke likelello.” Oa lumela: “Hase Molimo oa rōna ea entseng sena ho mora oa rōna, ’me O rerile ho tsosetsa bafu lefatšeng la paradeise. Ka mahlo a rōna a kelello, re bona ha mora oa rōna a se a phela, a phetse hantle ’meleng ’me a bile a thabile, a le har’a metsoalle ea hae le ba lelapa.”

Leha ho le joalo, esita le ba nang le tšepo e tiileng ea hore Molimo o tla tsosa bafu ba hloka matšeliso, ho tšoana le ’mè enoa ea ananetseng matšeliso a tsoang metsoalleng ea hae e mengata. O ile a re: “Mehopolo e mengata ea Mangolo le liketso tse mosa tseo ba ileng ba re etsetsa tsona li tsoa bukaneng ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Re khothalletsa e mong le e mong ea re pota-potileng hore a e bale e le hore a ka re utloisisa haholoanyane le ho utloisisa ho sareloa hoo re tla tsoela pele re e-na le hona.”

Mohlomong uena kapa e mong eo u mo tsebang le tla fumana matšeliso ha le bala bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. U ka ’na ua kōpa bukana ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela