Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 16-17
  • Ke Tsela li Fofa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Tsela li Fofa!
  • Tsoha!—2006
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 16-17

Ke Tsela li Fofa!

E NE e batla e le mantsiboea, ’me ho ne ho e-na le moea o hlabang oa hoetla. Empa ho khutsa ho monate ho ile ha fela ka potlako ka lebaka la molumo o lerata oa sehlopha sa likhantši. Ka tšohanyetso, li ile tsa hlaha ka holim’a lihlooho tsa rōna—sehlopha sa tse ka bang 20 ’me li fofa li entse mokoloko oa sebōpeho sa V ha li qala ho fofa ka bokhabane ka mapheo a tsona a matla. Khantši e ’ngoe ka makhethe ’ohle e ea ka lehlakoreng le letšehali ’me e ea qetellong ea mola. Pono ena e hlollang e ile ea etsa hore ke batle ho tseba ho eketsehileng. Ke hobane’ng ha likhantši li fofa li entse mokoloko oa sebōpeho sa V? Hona li lebile hokae?

Khantši ke nonyana ea metsing, lesika la matata. Ho na le mefuta e ka bang 40 ea likhantši lefatšeng ka bophara, ’me li bonoa haholo Asia, Europe le Amerika Leboea. Mofuta o tsebahalang haholo ke oa Canada, ka melala e melelele e metšo e nang le bosoeu qoqothong. E tona e seng e hōlile ea mofuta o bitsoang khantši e hōlang bopotlopotlo ea Canada e ka ba boima ba lik’hilograma tse 8 ’me mapheo a eona ha a phukalalitsoe a ba limithara tse peli ka bolelele ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Likhantši tsena li qeta lehlabula la tsona li le hōle leboea Alaska le Canada leboea, ebe joale likhoeling tsa mariha li fallela boroa Mexico.

Ke habohlokoa haholo hore likhantši li falle ka nako e nepahetseng. Haeba li ka fihla leboea pele ho nako, metsi a tla be a ntse a bata haholo ’me limela li fokola. Ka hona, likhantši tsa mofuta oa Canada li tloaetse ho ea leboea ka nako eo ho qalang ho futhumala. Ha li fihla moo li eang, likhantši lia arohana ’me li tsamaea ka bobeli ka bobeli, ’me lelapa ka leng le batla sebaka seo le tla qhotsetsa litsuonyana ho sona.

Ho fofa ha likhantši li kolokile ka sebōpeho sa V ho li thusa hore li lule li bonana e le hore ha e li etelletseng pele e thinya, e eketsa lebelo, kapa e phahama, le tsona li etse joalo hang-hang. Ho feta moo, litsebi tse ling li lumela hore maqhubu a moea a etsoang ke likhantši tse ka pele mokolokong a etsa hore tse ka morao li fofe habobebe, ntle le ho sebelisa matla a mangata. Ho bonahala ka har’a sehlopha sa likhantši tse fallang ho e-na le malapa a mangata, ’me tse khōlō li etella pele ka ho fapanyetsana.

Hangata likhantši tsa Canada li sebelisa sebaka se le seng sa ho qhotsetsa litsuonyana selemo se seng le se seng. Ka tloaelo sehlaha se etsoa ka lintho tse tloaelehileng, tse kang lithupa, joang le boriba. Likhantši ha li nyale sethepu—li ba le molekane a le mong bophelo bohle ba tsona. Haeba e ’ngoe e ka shoa, e setseng e ka ’na ea amohela molekane e mong. Leha ho le joalo, hangata e itulela e le ’ngoe.

Sethole se behela mahe a mane ho ea ho a robeli, ’me se fuama matsatsi a 28. Batsoali ba sireletsa litsuonyana ka boitelo bohle. Ha bona kapa litsuonyana li e-ba kotsing, ba ba bohale bo tšosang. Ba ka sebelisa mapheo a bona ho otla lira ka matla a maholo.

Litsuonyana li qala ho buisana le batsoali li sa le ka leheng. Li ka thothometsa mantsoe ka molumo o hlabang (ho bolela hore li khotsofetse) kapa tsa lla ka tsela e bolelang hore li mathateng. Batsoali le bona ba sebelisa sello se sa tšoaneng ho bua le litsuonyana le ha ba buisana ka bobona. Ha e le hantle, bafuputsi ba fumane bonyane mefuta e 13 ea sello se sa tšoaneng se etsoang ke likhantši tsa Canada.

Ka sebele likhantši li fana ka bopaki ba hore li “bohlale ka tlhaho.” (Liproverbia 30:24) Tsena tsohle li isa thoriso ho Jehova Molimo, eena ea entseng lintho tsohle—ho akarelletsa le libōpuoa tse fofang tsa maholimo.—Pesaleme ea 104:24.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Na u ne u tseba?

● Hang ha litsuonyana li qhotsitsoe, tsona le batsoali ha li sa tla hlola li khutlela sehlaheng. Ka tloaelo malapa a ba hammoho.

● Ho boleloa hore likhantši tse hlooho e motopo li tšela Mount Everest ha li falla, e bophahamo ba limithara tse ka bang 8 900.

● Mefuta e meng ea likhantši e ka fofa lik’hilomithara tse 1 600 e sa phomole.

● Ha li fofa ka lebelo le lekanang le la ha li fofa li le ling, likhantši tse fofang li kolokile li upa mapheo makhetlo a tlaasana ’me pelo ea tsona ha e otle ka potlako joalokaha li fofa li le ling.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Top left: U.S. Fish & Wildlife Service, Washington, D.C./Duane C. Anderson

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Flying geese: © Tom Brakefield/CORBIS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela