Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/06 leq. 32
  • “Ka Sebele ea Babatseha!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ka Sebele ea Babatseha!”
  • Tsoha!—2006
Tsoha!—2006
g 2/06 leq. 32

“Ka Sebele ea Babatseha!”

◼ Tichere e ’ngoe ea jeokrafi Brazil e ile ea hlolloa ke bohlokoa ba thuto bo fuperoeng ke Tsoha! E ngotse: “Makasine ena e mpha thuto e eketsehileng ho feta libuka tse ling tse reretsoeng hore re rute ka tsona. Le hoja ke e-na le bolumeli bo fapaneng, ke lumellana le melao-motheo e buelloang ke Tsoha!”

Leha ho le joalo, tichere ena e ile ea hlokomela hore Tsoha! ke e ’ngoe ea lingoliloeng tse ngata tseo Lipaki Tsa Jehova li li hatisang. E ngotse: “Morutoana e mong sehlopheng sa botšelela o ile a nkalima bukana e reng ‘Bona Naha e Ntle.’ Ke ne ke hloletsoe ke boitsebiso bo ka har’a eona. Ka sebele ea babatseha! Ho bona ka leihlo la moea liketsahalo le moo li etsahetseng teng ho hlakisa taba le ho feta, haholo-holo bakeng sa bacha.”

E ile a phaella: “Lingoliloeng tsa lōna li fumaneha hohle: ka beseng, barutoaneng, esita le bathong ba fotseng bankeng. Hoa nthabisa ho bona hore li fihla bathong ba li hlokang ba libakeng tseo ho leng thata hore boitsebiso bo molemo bo fihle ho tsona. Rea le lebohela ka mosebetsi oa lōna o tsotehang.”

‘Bona Naha e Ntle’ e fumaneha ka lipuo tse 80. E na le limmapa tse ngata tse mebala-bala le litšoantšo tse bontšang libaka tse sa tšoaneng tsa mehleng ea Bibele, haholo-holo Naha e Tšepisitsoeng linakong tse sa tšoaneng. U ka kōpa bukana ena e maqephe a 36 ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse bukana ea ‘Bona Naha e Ntle.’

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

Brochure covers: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela