Lebaka Leo ka Lona Lerato la Sebele le Fumanehang ka Thata
Keletso litabeng tsa marato e bapala bana. Litsebi le baeletsi ba fana ka tataiso. Mananeo a thelevishene a atisa ho tšohla taba ena.
INTHANETENG, Mecha ea Boitsebiso e mengata e ipolela kamoo e fanang ka leseli la hore na lerato le ka fumanoa joang. U ka ’na ua bolelloa hore u tla utulla “makunutu a thahasellisang le a hlollang” u be u ithute ho itseng ho “litsebi tsa ho kopanya batho,” “litsebi tsa likamano” hammoho le ho “lingaka tsa marato,” ho se ho sa thoe letho ka seo u ka se fumanang ho lingaka tse phekolang mathata a kelello, litsebi tsa kelello hammoho le litsebi tsa linaleli.
Libuka le limakasine tse ngata li rekoa ka lebaka la ho bua ka litaba tsa lerato, tseo tse ling tsa tsona li fanang ka litšepiso tse ke keng tsa etsahala. Ka mohlala, buka e ’ngoe e re e tla u bontša “mokhoa oa ho etsa hore motho leha e le mang a ratane le uena.” E ’ngoe e re e tla u bolella hore na u ka fumana “molekane oa makhonthe joang ka khoeli e le ’ngoe feela.” Ebe khoeli e telele haholo? Joale e ’ngoe eona e utulla hore na u ka etsa joang hore “ka metsotso e 90 kapa e ka tlaase ho moo,” u be u atlehile ho etsa hore motho a u rate ’me e be lerato la ka ho sa feleng.
Boholo ba likeletso tsena boa lefelloa. ’Me hangata batho ba lefa habeli. Ba lefa chelete ea ho fumana keletso. Ka mor’a moo, ha tataiso eo ba e filoeng e sa sebetse, joalokaha hangata ho e-ba joalo, ba boetse ba lefa ka ho utloa bohloko maikutlong haeba lintho li sa tsamaee kamoo ba neng ba lebeletse kateng.
Leha ho le joalo, ho na le mohloli o le mong oa keletso eo ha e sebelisoa, le ka mohla e sa hlōleheng. Ho feta moo, e bua ka taba ena ka botšepehi, e sa tšepise batho mehlolo kapa lintho tseo e seng linnete. Le hoja e le khale e ngotsoe, keletso ea eona ha e felloe ke nako. Mongoli oa eona o bohlale boo ho seng bo tšoanang le bona ’me o lerato ka tsela e ke keng ea bapisoa. Mohlomong u se u ntse u e-na le mpho ena e ikhethang—e leng Bibele e Halalelang. Ho sa tsotellehe hore na maemo kapa semelo sa rōna ke sefe, Bibele e re ruta seo re lokelang ho se tseba ka lerato. ’Me keletso ea eona ha e lefelloe.
Na Bibele e tla etsa hore re be le likamano tse ntle le motho e mong le e mong? Che. Batho ba bang ba ke ke ba re phutholohela, ho sa tsotellehe hore na re iteka ka matla hakae. Hape lerato la ’nete le ke ke la qobelloa motho. (Sefela sa Lifela 8:4) Leha ho le joalo, ha re sebelisa tataiso ea Bibele, re tla eketsa menyetla ea ho ba le likamano tse lerato le ba bang, le hoja sena se ka nka nako le ho hloka boiteko bo matla. Karolo ena ea lerato e tla tšohloa sehloohong se latelang, empa pele ho moo, hlokomela hore na ke hobane’ng ha mehleng ena lerato le fumaneha ka thata hakana.
Lerato “le Tla Fola”
Boprofeteng ba hae bo boholo ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ka nepo Jesu o ile a bolela esale pele ka maemo le mekhoa e teng mehleng ena ea rōna. O ile a re lefatše le ne le tla ba le tlōlo ea molao le lintoa—e leng lintho tse fapaneng le lerato! O ile a boela a re “ba bangata . . . ba tla ekana ’me ba tla hloeana,” a ba a re “lerato la ba bangata le tla fola.” (Matheu 24:3-12) Na ua lumela hore kajeno lefatšeng batho ha ba sa le mofuthu, le hore ha ho sa na lerato la ’nete esita le ka malapeng?
Ho phaella mantsoeng a Jesu, moapostola Pauluse o ile a fana ka boitsebiso bo qaqileng ka batho ba “matsatsing a ho qetela.” O ile a ngola hore batho e ne e tla ba “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) Mekhoa ena e mebe e atile linaheng tse ngata.
Ak’u ipotse: Na u hoheloa ke batho ba ikakasang, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng le ba ka u etselletsang kapa ba u eka? Na u khahloa ke baithati, ba ratang chelete kapa menyaka? Kaha baithati ba lumella hore meharo le lintho tseo ba li ratang e be tsona tse ka sehloohong le tse susumetsang likamano tseo ba nang le tsona le ba bang, ho ka etsahala hore thahasello leha e le efe eo ba e bontšang batho ke ea boithati. Ka bohlale, Mangolo a fana ka keletso ena: “Bana u ba furalle.”—2 Timothea 3:5.
Hlokomela hape polelo e reng batho ba matsatsing a ho qetela e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho” kapa joalokaha phetolelo e ’ngoe e bolela, e tla ba “ba se nang lerato le tloaelehileng bakeng sa malapa a bona.” Ka masoabi, bana ba ntseng ba eketseha ba hōlela malapeng a joalo. Hangata bana bana ba ithuta ka lerato likoranteng, seea-le-moeeng le thelevisheneng. Empa na mecha ee ea litaba e fana ka maikutlo a nepahetseng a lerato, a tla hle a hlahise likamano tse ntle?
Na ke Lerato la Lipaleng Kapa ke la Sebele?
Ho ea bohōleng bo itseng, boholo ba rōna re susumetsoa ke mecha ea litaba. Mofuputsi e mong o ngotse: “Ho tloha ha re sa le banyenyane, indasteri ea boithabiso e ’nile ea re foqa boitsebiso bo bongata-ngata ba lipaleng hammoho le maikutlo ao ho leng thata ho a ntša a mabapi le ho kopanela liphate, lerato le maikutlo a lerato—libaesekopong le thelevisheneng, libukeng le limakasineng, seea-le-moeeng le ’minong, papatsong esita le litabeng.” Hape o ile a hlalosa: “Tsela eo mecha ea litaba e hlahisang ho kopanela liphate ka eona, lerato le maikutlo a lona, e bōpa tsela eo re nahanang ka eona kapa e haha maikutlo ao e seng a sebele ao boholo ba rōna ho seng bonolo ho a ntša ka ho feletseng mohopolong. E etsa hore re se khotsofalle balekane ba rōna hammoho le rōna ka borōna.”
Ke seoelo libuka, libaesekopo le lipina li hlalosang lerato ka tsela e nepahetseng. Etsoe sepheo sa tsona ke ho thabisa batho, eseng ho ba ruta. Ka hona, bangoli ba qapa le ho tsoaka lintho tseo e seng tsa sebele le maikutlo a lerato e le hore ba fumane chelete. Leha ho le joalo, ka masoabi ho bonolo ho ferekanya lipale tse joalo le ntho ea sebele. Ka hona, hangata batho baa soetseha ha likamano tsa bona li sa tšoane le tseo ba li balileng lipaleng. Re ka khetholla pale ho ntho ea sebele joang, haesita le lerato la lipaleng ha le bapisoa le la sebele? Nahana ka boitsebiso bo latelang bo tšohlang mahlakore ka bobeli.
Lerato la Lipaleng ha le Bapisoa le la ’Nete
Ebang ke libukeng, libaesekopong kapa litšoantšisong, lipale tsa lerato li ka ’na tsa fapana, empa mokhoa, kapa motheo oa tsona oona o mong. Makasine ea Writer e re: “Boholo ba lipale tse ngoloang tsa marato li na le motheo o tšoanang. Ho na le lebaka la seo. Ho sa tsotellehe hore na pale e hlahisoa joang kapa ke ea neng, ’nete ke hore motheo e ba o tšoanang kaha o ipakile o atleha ho babali, e leng motheo oa hore, mohlankana o iphumanela kharebe/kharebe ea mo phonyoha/mohlankana o e fumana hape.” A re ke re shebeleng haufi mokhoa ona o ratoang oa ho ngola lipale.
Mohlankana o iphumanela kharebe: Khosana ea koete e kopana le kharebe ea seponono ’me baa ratana. Sengoli se atlehileng se eletsa batho ba batlang ho ngola lipale tsa marato hore “babali ba lokela ho hlakeloa hang feela ha [baratani] ba kopana hore e mong o etselitsoe e mong.”
Khopolo ea hore batho ba ka ratana hang feela ha ba bonana e fana ka maikutlo a hore lerato la sebele ke feela boikutlo bo matla bo aparelang motho ha a kopana le motho eo e hlileng e leng eena ea mo tšoanetseng—maikutlo a hore lerato le joalo le iketsahalla feela ’me ha le hloke boiteko bo bokaalo kapa hona ho tseba motho e mong pele. Empa lerato la sebele hase feela tsela eo motho a ikutloang ka eona. Ke ’nete hore ho ameha maikutlo, empa lerato ke tlamo e tebileng eo motho a bang le eona e akarelletsang melao-motheo le boitšoaro ’me ha le khaotse ho hōla, hafeela le hlokomeloa le ho bolokoa hantle.—Bakolose 3:14.
Ho feta moo, ho nka nako ho tseba motho e mong. Ho nahana hore hang ha u bona motho e se e le ha u fumane molekane ea tšoanelehang ho itšoanela feela le lipale tse iqapetsoeng ’me hangata ho fella ka masoabi. Ho phaella moo, ha u potlakela ho etsa qeto ea hore u fumane lerato la sebele, u ka ’na ua foufatsa kelello ea hao hore e se bone bopaki ba hore ha e le hantle ha ho joalo. Ho khetha molekane ea tšoanelehang ho hloka ho fetang feela boikutlo bo matlahali ba lerato bo aparelang motho ke ho nkeha maikutlo. Ka hona, nka nako. Ka sebele, lipatlisiso tse ngata li bontšitse hore ho khetha molekane ea fosahetseng ho ka etsa hore motho a se ke a sebetsa hantle mosebetsing, ha mo ama hampe maikutlong le ’meleng, esita le ho fokotsa lilemo tsa ho phela ha hae.
Kharebe e phonyoha mohlankana: Mohlomphehi e mong ea khopo o koetela kharebe ena e ntle ’me o baleha qhobosheaneng. Khosana e kena mosebetsing oa ho batla kharebe o behang bophelo ba eona kotsing. Mosali e mong eo e leng ’muelli oa Bangoli ba Lipale Tsa Marato ba Amerika o re: “Morero o ka sehloohong oa pale ea lerato e lokela ho ba oa batho ba babeli ba ratanang ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata hore kamano ea bona e atlehe.” Libukeng tse ngata kamano eo e tla atleha—seo babali baa se tseba. Litšitiso tseo hangata e leng tse hlahang ka thōko lia hlōloa.
Bophelong ba sebele hangata ho ba le litšitiso tse hlahang ka thōko le tse bang teng pakeng tsa batho ba babeli. Li ka ’na tsa ama chelete, mosebetsi, beng ka bona le metsoalle. Mathata a boetse a hlaha ha e mong a sa finyelle seo e mong a se lebeletseng. Lipaleng, mefokolo e atisa ho ba e fokolang, empa bophelong ba sebele hase kamehla ho leng joalo. Ho feta moo, ntle le hore re etse boiteko, lerato la sebele le ke ke la etsa hore re fete bothebelele litekong kapa mathateng a bakoang ke ho ba le maikutlo a sa tšoaneng, limelo tse sa tšoaneng, lintho tseo re li ratang tse sa tšoaneng le botho bo sa tšoaneng. Ho e-na le moo, lerato le akarelletsa tšebelisano-’moho, boikokobetso, bonolo, mamello le tiisetso—litšobotsi tseo e seng hangata li itlelang feela kapa habonolo.—1 Bakorinthe 13:4-7.
Mohlankana o fumana kharebe ea hae hape: Khosana e pholosa seponono sa eona ’me e lelekela mohlomphehi eane ka ntle ho naha. Baratani baa nyalana ’me ka mor’a moo ba phela ba thabile ho ea ho ile. Mohlophisi oa libuka tsa marato o eletsa ba batlang ho ngola lipale tsa lerato: “Ho hlokahala sephetho sa batho ba qetellang ba thabile ho ea ho ile. . . . ’Mali o lokela ho khotsofala hore banyalani ba ’moho ’me ba thabile.” Ke seoelo libuka tsa marato li hlahisang bophelo ba ka mor’a lenyalo. Nakong eo, e ka ’na eaba ho se lumellane hammoho le liphephetso le mathata a mangata-ngata li tla be li tsukutlile kamano ea bona ho bona hore na e tiile hakae. Joalokaha lipalo-palo tsa ba hlalanang li bontša, ka mor’a nako manyalo a mangata a sitoa ho tšoarella.
Ka sebele lerato la lipaleng tsa libuka le batla le le bonolo; athe lerato la sebele lona lea sebeletsoa. Ho utloisisa phapang e teng pakeng tsa mefuta ena e ’meli ea lerato ho tla u thusa hore u se lebelle lintho tse bontšang ho hloka tsebo, tseo e seng tsa sebele. Ho tla boela ho u thuse hore u se itlame ka ntho eo hamorao u tla ikoahlaela eona. Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na u ka hlaolela lerato la sebele le se nang boithati joang le hore na u ka ba motho ea ratehang joang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Batho ba sa rateng ba bang ha ba ratoe
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
Lerato la lipaleng le batla le le bonolo; athe lerato la sebele lea sebeletsoa
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Banna le Basali ba Hlahelletseng Lipaleng Tsa Marato
United States, libuka tsa marato selemo le selemo li kenya chelete e kaalo ka lidolara tse limilione tse likete (liranta tse limilione tse likete li 6,5). Hoo e ka bang halofo ea libuka tse rekisoang naheng eo ke tsa marato. Ho latela lipalo-palo tse hatisitsoeng ke Bangoli ba Lipale Tsa Marato ba Amerika, litšobotsi tse tharo tse ka sehloohong tseo babali, bao liphesente tse 90 tsa bona e leng basali, ba li lebeletseng ho banna ba hlahelletseng lipaleng tsena tsa marato, ke hore e be banna ba mesifa e hahehileng hantle, e be likoete tse bileng li leng bohlale. Litšobotsi tse tharo tse ka sehloohong tse lebeletsoeng ho basali ba hlahelletseng ke hore ba be bohlale, ba be le botho bo tiileng ’me e be ba hohelang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]
Ke seoelo mecha ea litaba e ka hlahisang lerato kamoo le hlileng le leng kateng