Letsatsi la Bohlokoa ka ho Fetisisa Historing
Ke letsatsi leo Jesu Kreste a ileng a shoa ka lona. Ke hobane’ng ha lefu la Jesu e bile la bohlokoa hakaale? Ka mabaka a ’maloa.
Botšepehi ba Jesu ho isa lefung bo pakile hore motho a ka lula a tšepahala ho Molimo.
Lefu la Kreste le boetse le file ba bang molokong oa batho monyetla oa ho ba babusi hammoho le eena leholimong. Ho phaella moo, le buletse ba bangata monyetla oa ho thabela bophelo bo sa feleng paradeiseng lefatšeng.
Mantsiboeeng a pele a e-shoa, Jesu o ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang le veine e khubelu e le tse tšoantšetsang sehlabelo sa hae se lerato e le motho. O ile a bolella barutuoa ba hae: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Na u tla hopola ketsahalo ee ea bohlokoa?
Ka mofuthu Lipaki Tsa Jehova li u memela hore u be le tsona ha li keteka Sehopotso sa lefu la Jesu. Selemong sena, se tla ketekoa ka Laboraro la la 12 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. U ka ea Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang. Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno hore na nako le sebaka e tla ba life.