Bacha Baa Botsa . . .
Nka Phoka Joang Litaba Tsa ho Kopanela Liphate Sekolong?
“Bana ba bua ka ho kopanela liphate letsatsi le leng le le leng. Banana ba bile ba hoka-hoka bashanyana, ’me ba kopanela liphate hona sekolong.”—Eileen, 16.
“Sekolong, basodoma ba etsa manyala ka pel’a bana ba bang ’me ha ho le moo ho reng teke! ho bona.”—Michael, 15.a
NA LIITHUTI-’MOHO le uena li lula li bua ka ho kopanela liphate? Na tse ling ha li felle feela tabeng ea ho bua? Haeba ho joalo, u ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang le ea ngoanana e mong ea ileng a bapisa ho ba sekolong le ho “sebetsa moo ho nkoang litšoantšo tsa baesekopo e bontšang ho kopanela liphate pepenene.” Ha e le hantle, bacha ba bangata sekolong kamehla ba ba le menyetla e mengata ea ho kopanela liphate kapa ho bua ka hona.
U ka ’na ua utloa liithuti-’moho le uena li bua ka “ho koalla”—e leng lentsoe le bolelang ho kopanela liphate le motho ntle le ho ba le kamano e itseng le eena maikutlong. Ka linako tse ling bana ba koalla batho bao ba sa ba tsebeng le hakaalo. Maemong a mang ba kopana le batho bao ba ba tsebelletseng Inthaneteng ka morero oa ho tla kopanela liphate feela. Liketsahalong tsena kaofela ba koalla hobane ba sa batle ho itlama ka litaba tsa lerato. Danielle ea lilemo li 19 o re: “Ho bolela feela batho ba babeli ba khotsofatsang takatso ea bona.”
Ha ho makatse hore likolong tse ngata, ho bua ka ho koalla ke moqoqo o thahaselloang haholo. Ngoanana e mong ea lilemo li 17 o ile a ngola tjena koranteng ea sekolo: “Ka mor’a mafelo-beke a mang le a mang, liphaseje li tlala lerata feela la barutoana ba buang ka hore na mang o ne a koaletse mang, ’me metsoalle e bolellana e sa pate letho lintho tseo e li entseng.”
Haeba u leka ho phela ka litekanyetso tsa Bibele, ho ba har’a batho bao ho bonahalang ba bua feela ka ho kopanela liphate ho ka etsa hore u ikutloe u le mokhelo. ’Me haeba u sa kopanele moqoqong, ho ka ba bonolo hore ba o tlope litšeho. U lokela ho lebella sena ho ea bohōleng bo itseng, kaha Bibele e re ha ba bang ba sa utloisise tsela eo u etsang lintho ka eona, ba ka ’na ba ‘u nyefola.’ (1 Petrose 4:3, 4) Leha ho le joalo, ha ho na motho ea ratang ho songoa. Joale u ka phoka litaba tse amanang le ho kopanela liphate joang empa ka nako e tšoanang u ntse u ikutloa u le motlotlo? Pele ho tsohle, ke habohlokoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha teko ea ho kopanela liphate e le matla hakana.
Itsebe
Nakong ea ha u kena bocheng, ho ba le liphetoho tse etsahalang ka potlako ’meleng oa hao le maikutlong. Nakong ena, u ba le takatso e matla ea ho kopanela liphate. U se ke ua tšoenyeha, sena ke tlhaho. Ka hona, haeba u ikutloa u khahlehela haholo batho ba bong bo fapaneng sekolong, u se ke ua etsa qeto ea hore u tsoile tseleng kapa hore uena ha u motho oa ho lula u itšoere hantle. U ka lula u itšoere hantle haeba u batla!
Kantle ho ntoa ea ’mele eo bocha bo tlang le eona, ho na le ho hong hoo u lokelang ho ho hlokomela. Kaha ha rea phethahala, batho kaofela ba sekametse ho etseng se sebe. Esita le moapostola Pauluse o ile a lumela: “Lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” Pauluse o ile a re ho se phethahale ha hae ho etsa hore a ikutloe a le “sōtō.” (Baroma 7:23, 24) Empa o ile a hlōla ntoa, ’me le uena u ka e hlōla!
Ho Utloisisa Liithuti-’moho le Uena
Joalokaha ho boletsoe pejana, liithuti-’moho le uena li ka ’na tsa bua ka ho kopanela liphate nako ena kaofela kapa tsa ithorisa ka menyetla eo li bolelang hore li bile le eona ea ho kopanela liphate. U lokela ho ba hlokolosi ka tšusumetso ea tsona e sa hloekang. (1 Bakorinthe 15:33) Empa ha ua lokela ho nka liithuti-’moho le uena e le lira tsa hao. Hobane’ng?
Liithuti-’moho le uena li na le litakatso tseo u nang le tsona. Le tsona li ntse li sekametse ho etseng se sebe. Phapang feela ke hore ba bang ba tsona e ka ’na eaba ke “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” Kapa e ka ’na eaba ba tsoa malapeng ao litho tsa lelapa li se nang “lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:1-4) Ba bang e ka ’na eaba batsoali ba bona ha ba ba laee ka tsela e lerato le ho ba koetlisa hantle boitšoarong.—Baefese 6:4.
Ha li se na mohloli o phahameng oa bohlale oo uena u nang le oona—e leng Lentsoe la Molimo, Bibele—liithuti-’moho le uena li ka ’na tsa se ke tsa lemoha likotsi tse tla hlaha ka lebaka la ho inehela takatsong ea tsona. (Baroma 1:26, 27) Ho joalokaha eka batsoali ba bona ba ba file tumello ea ho khanna koloi e lebelohali ’mileng o nang le sephethephethe—empa ba sa ba ruta ho khanna. Ho khanna ho ka ’na ha ba tlisetsa thabo ea motsotsoana, empa joang kapa joang se latelang ke koluoa feela. Ka hona, u ka etsa eng haeba liithuti-’moho le uena li qala ho bua ka ho kopanela liphate u le teng kapa haeba li leka ho u hoka-hoka hore u kopanele boitšoarong bo litšila?
Hana Puo e Litšila
Haeba liithuti-’moho le uena li qala ho bua ka boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, u ka ’na ua ba tekong ea hore u mamele kapa hona ho kopanela moqoqong—e le hore feela u se hlahe u le mokhelo. Empa nahana hore na u tla be u ba fa maikutlo afe. Na thahasello ea hao moqoqong oa bona e tla senola hore na u motho oa mofuta ofe kapa hore na u batla ho ba motho oa mofuta ofe?
Joale u lokela ho etsa’ng haeba ha le ntse le qoqa moqoqo o se o fetohela tabeng ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate? Na u lokela ho ema ’me u tsamaee? Le joale! (Baefese 5:3, 4) Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Ka hona, ha u furalla moqoqo ona, ha ho bolele hore ha u na mekhoa e metle—u bontša hore u masene.
Ho hang ha ua lokela ho soabela ho tsamaea haeba moqoqo o le litšila. Ha ho potang hore ho na le meqoqo eo u ke keng ua soabela ho ema ’me u tsamaee, haholo-holo haeba u se na thahasello ea seo ho buuoang ka sona kapa u sa batle ho kopanela ho eona. Ka mohlala, ha re re sehlopha sa liithuti-’moho le uena se qala ho bua ka ho kopanela bosholung ba boqhobane. Na u ne u tla lula ebe u mamela morero oa bona? Haeba u etsa joalo, u ne u tla nkoa u le karolo ea bona. Ka hona, ka bohlale u ne u tla khetha ho tsamaea. Etsa se tšoanang ha moqoqo o fetohela boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Hangata u ka fumana tsela ea ho tloha empa u sa fane ka maikutlo a ho iketsa ea lokileng kapa hona ho mema ho songoa.
Ke ’nete hore hase kamehla ho tla ba bonolo ho tloha boemong bo joalo. Ka mohlala, bana ba lulang pel’a hao ka tlelaseng ba ka ’na ba leka ho u kenyelletsa moqoqong o buang ka ho kopanela liphate. Boemong bo joalo, ka tlhompho empa u tiile u ka ba bolella hore ba khaotse ho u khelosa. Haeba seo se sa sebetse, u ka etsa se tšoanang le se ileng sa etsoa ke Brenda. O re: “Ka bohlale ke ile ka kōpa tichere hore e mphe setulo se seng ka tlelaseng.”
E-ba le Temohisiso
Qetellong ba bang ka tlelaseng ba tla batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha u sa kopanele moqoqong oa bona o litšila. Haeba ba u botsa ka boitšoaro ba hao, u lemohisise hore na u arabela joang. E ka ’na eaba ba bang ba u botsa feela molemong oa ho u tloka, eseng hakaalo hore ba batla ho utloisisa boemo ba hao. Empa haeba ea u botsang a bonahala a sa u phoqe, e-ba motlotlo ha u bua ka tumelo ea hao. Bacha ba bangata ba sebelisitse buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang ho thusa liithuti-’moho le bona hore li utloisise melemo ea ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele.b
Ikemisetse
U lokela ho etsa’ng haeba seithuti-’moho le uena se e-ba sebete sa ho leka ho u tšoara kapa ho u suna? Haeba u mo lumella ho etsa sena, u tla be u mo fa sebete sa hore a tsoele pele ka ketso ena e fosahetseng. Bibele e bua ka mohlankana e mong ea ileng a lumella mosali ea itšoereng hampe hore a mo tšoare a be a mo sune. O ile a lumella mosali enoa hore a bue ka tsela e mo tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate. Phello e bile efe? “Ka tšohanyetso o mo sala morao, joaloka poho e tlang tlhabong.”—Liproverbia 7:13-23.
Ho fapana le seo, nahana ka tsela eo ka eona Josefa a ileng a sebetsana le boemo bo tšoanang. Mosali oa mong’a hae o ile a leka ho mo hoka-hoka ka makhetlo, empa o ile a hana ka tieo. Ha qetellong mosali eo a leka ho mo tšoara, o ile a nka khato ’me a baleha.—Genese 39:7-12.
Joaloka Josefa, u ka ’na ua batla ho nka khato e tiileng haeba seithuti-’moho le uena kapa motho e mong eo u mo tsebang a leka ho u tšoara ka tsela e sa lokelang. Eileen o re: “Ha moshanyana a leka ho ntšoara, kea mo bolella hore le ho leka a se ke a leka. Haeba a ikiba litsebe, kea hoeletsa ’me ke tlose matsoho a hae.” Mabapi le bashanyana ba sekolong sa hae, Eileen oa phaella: “Ba ke ke ba u hlompha ntle le hore u ba etse hore ba u hlomphe.”
Le uena liithuti-’moho le uena li tla u hlompha haeba u sa mamele meqoqo e litšila, haeba u hlalosa ka tlhompho boitšoaro ba hao ha ho hlokahala, ’me ka tieo u hanela liketso tsa boitšoaro bo bobe. Ntle le moo, molemo o mong ke hore u tla ba motlotlo ka uena. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, u tla ba ea ratehang ho Jehova!—Liproverbia 27:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ U ka re’ng ha u tloha moqoqong ua boitšoaro bo bobe?
◼ U tla re’ng u be u etse’ng ha seithuti-’moho le uena se leka ho u tšoara ka tsela e litšila?
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Haeba moqoqo o fetohela ho bueng ka boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, tsamaea
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
U hle u hlokofale ha u hanela motho ea lekang ho u tšoara ka tsela e litšila