E Thusa ho Sireletsa Bana ba Rōna
Selemong se fetileng mosali e mong oa Virginia, U.S.A., o ile a ngola a ananela buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, a re: “Pele litloholo tsa ka li robala li re: ‘Nkhono, re balle pale e ’ngoe bukeng ela ea Jesu.’ Setloholo se seng se lilemo li ’nè, se seng se lilemo li tšeletseng, ha se seng se le lilemo li supileng, ’me li thabela lipale tseo haholo.”
Nkhono eo o re: “Ke ile ka bala khaolo ea 32 e nang le sehlooho se reng ‘Kamoo Jesu a Ileng a Sireletsoa Kateng.’ Ke khahluoe haholo ke hore ka mor’a hore thuto eo e bue kamoo Jehova a ileng a sireletsa Jesu kateng, e thusa bana hore ba itšireletse ka ho ba fa keletso e sebetsang. E re: ‘Haeba motho e mong a leka ho bapala ka [litho tsa hao tsa botona kapa tsa botšehali], hoeletsa haholo, u re: “Ntlohele! Ke il’o bolela!”’”
Mexico, ’mè e mong ea nang le moralinyana ea lilemo li hlano ea bitsoang Betsaida o re o se a pheta buka eo ea Mosuoe e Moholo le moralinyana eo oa hae. ’Mè eo o re: “Lefatše le ntse le senyeha ho ea pele, ’me bana ba rōna ba tobana le mathata a eketsehileng. Morali oa ka o re o ananela thupelo ea kamoo a ka itšireletsang kateng litšusumetsong tse mpe, tse kang tseo ho buuoeng ka tsona khaolong ea 32.”
Buka ena e litšoantšo li ntle, e maqephe a 256 a lekanang le a makasine ena, e thusitse batsoali ho latela tataiso ea Bibele ea ho koetlisa bana ba bona. (Liproverbia 22:6) Lintlha tseo e li rutang li thehiloe lithutong tsa Jesu Kreste, ’me li hlalositsoe ka tsela e bonolo; le hoja li e-na le boitsebiso bo loketseng batho ba lilemo tsohle. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.