Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 leq. 32
  • “Ho ne ho Hana ha ke e Beha Fatše”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho ne ho Hana ha ke e Beha Fatše”
  • Tsoha!—2006
Tsoha!—2006
g 5/06 leq. 32

“Ho ne ho Hana ha ke e Beha Fatše”

◼ Likopanong tsa Lipaki Tsa Jehova tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara selemong se fetileng, ho ile ha lokolloa buka e ncha e nang le litšoantšo tse ntle e reretsoeng ho ruta batho lithuto tsa Bibele tsa motheo, e nang le maqephe a 224. Buka eo e na le sehlooho se reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

’Mali e mong o ile a ngola a re: “Ho ne ho hana ha ke e beha fatše. Buka ena ea ipabola har’a libuka tsohle tse reretsoeng ho ruta tseo nkileng ka li bala ka maqephe a eona a seng makae.”

’Mali e mong o ile a re: “Ha motho a e bala ho re a ’ne a tsoele pele. Ke bile ke rata le tsela eo khaolo ka ’ngoe e qetellang ka eona ha e bolela se tlang ho tšohloa khaolong e latelang. Ho na le likarolo tse ngata tseo eitseng ha ke li bala ke ileng ka seka meokho. Ho na le lintho tse ngata tseo ke li ratang bukeng ena hoo nka ngolang buka ka tsona!”

Motho e mong hape ea ananelang o ile a ngola, a re: “Ha e le hantle, buka ena ke lehakoe la moea le ke keng la lekanngoa ebile e tla ba kofuto ea bohlokoa e tla thusa ho ruta barutuoa ba bacha.”

Hona joale buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e fumaneha ka lipuo tse 140 ha motho a e kōpa. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela