Na Hoa Khoneha Hore Lelapa e be le Thabileng?
Selemong se fetileng ’mè e mong ea mocha lilemong o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico a kōpa hore a thusoe hore na a ka etsa eng hore lelapa la hae e be le thabileng. O ile a hlalosa hore o thabetse ho bala makasine ea Tsoha! ’me a re:
“E se e le lilemo tse tharo ke nyetsoe, ’me nka rata ho eletsoa le ho fuoa litlhahiso tsa kamoo nka hahang lelapa le thabileng kateng. ’Na le mohats’a ka re na le mora ea motle ea lilemo li peli, ’me ke rata hore le eena a hōle hantle.”
’Mè enoa o ne a utloetse ka buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa ’me a ngola ho e kōpa. Batho ba bang ba likete le bona ba e kōpile. Ba bangata ba boletse kamoo e ba thusitseng kateng ha ba qeta ho e bala. Tse ling tsa likhaolo tse rutang tsa buka eo ke “Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng,” “Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang” le e reng “Boloka Khotso Lelapeng la Hao.”
U ka kōpa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.