“Ea Babatseha”
Sena ke se boletsoeng ke banyalani ba bang ba Georgia, U.S.A., lengolong leo ba le ngotseng ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e leng buka e nang le litšoantšo tse mebala-bala, e maqephe a 224 e hatisitsoeng ka 2005. Ba hlalositse tjena: “E bonolo hoo e ka sebelisoang ke motho e mong le e mong. Empa litaba tsa eona li boetse li tebile hoo e ka fang le batho ba rutehileng haholo seo ba se hlokang moeeng.”
Sehlooho ka bosona se tsosa thahasello, joalokaha ho bonahetse ka se etsahaletseng banyalani ba bang New Jersey, U.S.A. Ka mor’a hore ba ee kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Florida, moo ba ileng ba fumana buka ena teng, banyalani bao ba ile ba ea phomolong Bahamas ka sefofane. Eitse ha ofisiri e hlahlobang thepa e tsoang le e kenang ka hare ho naha e ntse e hlahloba thōtō ea bona, eaba e hlokomela buka ena, ea bala sehlooho sa eona ’me ea re: “Esale ke ntse ke batla ho fumana karabo ea potso eo.” Ofisiri ena e ile ea thaba haholo ha banyalani bana ba Lipaki ba e fa e ’ngoe ea libuka tseo ba neng ba e-na le tsona.
Letsatsing le hlahlamang bona banyalani bao ba ne ba ntse ba bala buka eo ba le lebōpong la leoatle ha mosali e mong oa moo ea neng a ntse a rekisetsa bahahlauli lintho tsa mefuta-futa a e hlokomela. O ile a ba bolella hore pejana hona letsatsing leo o ne a ile a rapela Molimo hore a mpe a fumane karabo ea eona potso eo—Ha e le hantle ke eng seo Bibele e se rutang? O ile a botsa hore na a ka fumana buka eo joang ’me a thaba haholo ha banyalani bao ba tlileng phomolong ba mo fa e ’ngoe ea libuka tseo ba neng ba e-na le tsona.
Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e fumaneha ka lipuo tse fetang 145 hona joale ’me ho se ho hatisitsoe tse fetang limilione tse 40. U ka kōpa buka ena ka ho tlatsa setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa hore le ntlisetse buka ena e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.