Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 leq. 9
  • Molimo o Hlile oa Tsotella!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Hlile oa Tsotella!
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le Lecha la Paradeise le Haufi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Ruri Molimo oa U Tsotella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho ba le Tšepo Lefatšeng le Tletseng Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 11/06 leq. 9

Molimo o Hlile oa Tsotella!

TSELA eo ka eona Molimo a ileng a sebetsana le bofetoheli bo qalileng Edene e bontša lerato la hae le tebileng ho e mong le e mong oa rōna le hore o tsotella bokamoso ba rōna. Ak’u hlahlobe bopaki bo latelang bo bontšang hore kannete Molimo oa re tsotella, ’me u bale mangolo a bontšitsoeng Bibeleng ea hao.

● O fane ka lefatše, le tletseng lintho tse ntle tsa tlhaho, liphoofolo tse hlollang le bileng le hlahisang lijo.—Liketso 14:17; Baroma 1:20.

● O re file ’mele e tsotehang, e re nolofalletsang ho thabela lintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi tse kang ho latsoa lijo, ho shebella ho likela ha letsatsi, ho utloa letšeho la ngoana esita le ho angoa ke moratuoa ka bonolo.—Pesaleme ea 139:14.

● O re fa tataiso e bohlale e re thusang ho hlōla mathata le likhatello.—Pesaleme ea 19:7, 8; 119:105; Esaia 48:17, 18.

● O re fa tšepo e babatsehang, e akarelletsang ho phela paradeiseng lefatšeng esita le ho bona ha baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tsosoa.—Luka 23:43; Johanne 5:28, 29.

● O rometse Mora oa hae ea tsoetsoeng a notši hore a tl’o re shoela e le hore re be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng.—Johanne 3:16.

● O hlomme ’Muso oa Bomesia leholimong ’me a re fa bopaki bo bongata ba hore haufinyane ’Muso oo o tla laola lefatše lohle.—Esaia 9:6, 7; Matheu 24:3, 4, 7; Tšenolo 11:15; 12:10.

● O re mema hore re mo atamele ka thapelo, re mo tšollele lipelo tsa rōna, ’me ha re etsa joalo o re mamela ka hloko.—Pesaleme ea 62:8; 1 Johanne 5:14, 15.

● Ka makhetlo-khetlo o tiisetsa batho hore oa ba rata ebile oa ba tsotella.—1 Johanne 4:9, 10, 19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela