“Nako ea Lijo ea re Momahanya”
NA HO na le nako eo ka eona lelapa la hao le jang le le ’moho bonyane hanngoe ka letsatsi? Ka masoabi, lefatšeng la kajeno le maphatha-phathe, malapeng a mangata ha ho sa na nako e behiloeng ea lijo, e mong le e mong o itjella a le mong le hona ka nako ea hae. Empa, ho ja ’moho hase feela taba ea ho tlatsa mpa, ho ka boela ha khotsofatsa batho ka ho ba fa lintho tse ling tsa bohlokoahali—e leng puisano e mofuthu le ho momahanya lelapa.
Algirdas le mosali oa hae Rima, hammoho le barali ba bona ba bararo, ba lula naheng ea Lithuania e karolong e ka leboea ea Europe. Algirdas o re: “Le hoja ke sebetsa ’me barali ba ka ba kena sekolo, re hlophisa mesebetsi ea rōna ka tsela e tla re lumella hore re je lijo tsa mantsiboea re le ’moho. Nakong ea lijo kaofela ha rōna rea phutholoha hore re bue ka lintho tse etsahetseng letsatsing leo, re tšohla mathata a rōna, maikutlo, lintho tseo re rerang ho li etsa, tseo re li ratang le tseo re sa li rateng. Re boetse re sebelisa nako ena ho buisana ka litaba tsa moea. Ho totobetse hore nako ea lijo ea re momahanya.”
Rima o phaella ka ho re: “Ho lokisa lijo le barali ba rōna le hona ho re fa monyetla oa ho phetlelana lifuba. Ba rata ho etsa lintho ba le ’moho ka kichineng, ’me ka nako e tšoanang ba boetse ba ithuta mesebetsi ea bohlokoa. Ka tsela ena re etsa hore nako ea mosebetsi e boele e be ea boithabiso.”
Algirdas le Rima hammoho le bana ba bona ba khōla litholoana tse molemo hobane ba ipha nako ea ho ja hammoho. Haeba ha u e-s’o qale ho etsa joalo, ke hobane’ng ha u sa hlophise hore le je hammoho le le lelapa bonyane hanngoe ka letsatsi, esita le haeba u le motsoali ea se nang molekane? Melemo eo le tla e fumana e tla feta hōle boitelo boo le bo etsang.