Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/07 maq. 8-9
  • Thusa Bacha Hore ba Fumane Lintho Tseo ba li Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thusa Bacha Hore ba Fumane Lintho Tseo ba li Hlokang
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Bibele e ka U Thusa ho Koetlisa Bana ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 3/07 maq. 8-9

Thusa Bacha Hore ba Fumane Lintho Tseo ba li Hlokang

BACHA ba hloka motho eo ba ka buang le eena ka lintho tseo ba ikemiselitseng ho li etsa bophelong, lintho tseo ba li labalabelang le mathata a bona. Ba boetse ba hloka metsoalle e nepahetseng. Ha ba ntse ba hōla, ho hlokahala hore bacha ba itsebe hore na ha e le hantle ke bo-mang, ba batla ho ba batho ba ikhethang. Ha batsoali ba thusa bana ba bona ho fumana lintho tseo ba li hlokang, ba ba sireletsa hore ba se ke ba kena setsoalleng se ka ’nang sa ba ntša kotsi, ho kopanyelletsa le seo ba ka ’nang ba se etsa ka ho panya ha leihlo Inthaneteng.

◼ Bacha ba hloka motho eo ba ka buang le eena. Ha ho tluoa tabeng ea ho ntša maikutlo a bona, bacha ba ka bonahala eka ba batla ho itulela ba le bang kapa ba bonahala eka ha ba batle ha batho ba kena-kenana le litaba tsa bona. Leha ho le joalo, tseba hore ba batla ho bua—e, ba batla ho bua le uena motsoali oa bona—ka lintho tse tebileng le tse nyenyane. Potso ke hore, Na u se u loketse u bile u ikemiselitse ho mamela?—Jakobo 1:19.

U se ke ua lumella likhatello tsa bophelo hore li u amohe menyetla ea bohlokoa ea hore u buisane le bana ba hao. Haeba u thulana le mathata, mohlomong ena ke nako ea hore u nahanisise ka keletso ena ea Bibele e utloahalang, e reng: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafilipi 1:10) Ke eng e ka bang bohlokoa ho feta bana ba hao?

U se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore bacha ba ka mpa ba kōpa boeletsi ho lithaka tsa bona ho e-na le batsoali. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng ho bana ba sekolo ba fetang 17 000 ho tloha sehlopheng sa 6 ho ea ho sa 12, bana ba ile ba kōpuoa hore ba lekanye ka lipalo ho tloha ho 0 ho ea ho 5 hore na batsoali ba bona, metsoalle, likhalala tsa lefatše, baphatlalatsi le matichere ba na le tšusumetso e kae ho bona. Ha ngoana a araba ka ho re 0 o bolela hore motho eo ha a mo susumetse athe ha a araba ka ho re 5 o bolela hore motho eo ke eena ea mo susumetsang ka ho fetisisa. Hoo e batlang e le halofo ea bana bao ba sekolo e ile ea fa batsoali 5.

Ho hlakile hore joaloka motsoali u ka phetha karolo ea bohlokoa haholo tabeng ea ho ruta bana ba hao hore na ba nke lintho life e le tsa bohlokoa le hore na boikemisetso ba bona e lokela ho ba bofe bophelong. Motsoali e mong o itse: “Mohlomong hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e buang e tla fihla lipelong tsa bona. Empa haeba u sa bue le bona le ka mohla u ke ke ua ba finyella lipelo.”

◼ Bacha ba hloka metsoalle. Ngoanana e mong ea lilemo li 15 o re: “Hangata batsoali ha ba tsebe hore na bana ba bona ba buisana le bo-mang Inthaneteng kapa ha ba hlile ha ba tsotelle.” Mehleng ena, batsoali ha baa lokela ho nka taba ea hore na metsoalle ea bana ba bona ke bo-mang habobebe. Na ua tseba hore na bana ba hao ba qeta nako ea bona ba e-na le bo-mang, ebang ba kopana le bona ka seqo kapa ka Inthanete? Bibele e re: “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) E, ho na le lebaka le u tlamang hore u behe bana ba hao leihlo hore u bone hore na ba tloaelana le bo-mang.

Ho bontša hore ua tsotella ha ho bolele feela hore u sireletse bana ba hao ho batho ba ka ba susumetsang hampe. Bana ba hloka metsoalle e nepahetseng. Bibele e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.” (Liproverbia 13:20) Kahoo, ho hlokahala hore u thuse bana ba hao ho fumana metsoalle e hahang—e akarelletsang bacha ba bang ba behang mohlala o motle ka hore ebe ba hopola ’Mōpi oa bona.—Moeklesia 12:1.

Jehova Molimo o khetha batho bao a batlang hore e be metsoalle ea hae ka hloko ’me re lokela ho leka ho mo etsisa. (Pesaleme ea 15:1-5; Baefese 5:1) Ruri e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong tseo u ka li rutang bana ba hao—ka molomo le ka liketso—ke ho khetha metsoalle e hahang.—2 Bathesalonika 3:6, 7.

◼ Ho hlokahala hore bacha ba itsebe hore na ke bo-mang. Karolo ea bohlokoa ea ho hōla ke hore motho a bonahatse seo a leng sona—e leng lintho tseo ngoana ka mong a ka khetholloang ka tsona ho bana ba bang bohle. Maele a Bibele a re: “Ngoana o tsejoa ka ketso tsa hae.” (Liproverbia 20:11, Bibele Phetolelo e Ncha) Joaloka motsoali, o mong oa mesebetsi ea hao ke ho kenya melao-motheo e lokileng lipelong tsa bana ba hao.—Deuteronoma 6:6, 7.

Ho etsa mohlala: Hangata batsoali ba khethela ngoana e monyenyane hore na a apare eng letsatsi le leng le le leng, ka tšepo ea hore ngoana eo o tla ithuta mokhoa o motle oa ho apara. Empa u ka re’ng ka motho e moholo ea lilemo li 30 ea phelang hantle empa a ntse a apesoa ke batsoali ba hae? Eo e ka ba taba e sa utloahaleng! Ha e bapisa le seaparo, Bibele e re khothatsa tjena: “Le ikapese botho bo bocha”—e leng botho bo tšoanang le ba Kreste. (Bakolose 3:10) U ka thusa bana ba hao ho apara botho bo bocha ka ho ba laea ka lerato le ho ‘laola likelello’ tsa bona. (Baefese 6:4) Ha ba ntse ba hōla ’me e se e le batho ba ikemetseng, ba ka ’na ba khetha hore “botho bo bocha” e be “seaparo” sa bona, e le hobane ba bone hore bo botle e le kannete bo bile boa ipiletsa.—Deuteronoma 30:19, 20.

Ak’u ipotse: ‘Ebe bana ba ka ba hlile ba ikutloa joang ka mekhoa e metle e rutoang ke Lentsoe la Molimo? Nka ba thusa joang “ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong”?’ (Tite 2:12) Sepheo sa hao hase hore u be le ngoana ea bonahalang eka oa mamela. Bana ba bang ba bonahala ba ipabola ka hore ba etse sohle seo ba bolelloang hore ba se etse, ha ba lulele ho botsa mabaka, ha ba phehe khang ebile ha ba iketse marabele. Empa ngoana ea etsang feela seo u reng a se etse kajeno a ka ’na a boela e etsa seo lefatše le mo bolellang hore a se etse hosasa. Ka lebaka leo, koetlisa bana ba hao hore ba hōlise ‘matla a bona a ho nahana.’ (Baroma 12:1) Ba thuse hore ba hlokomele hore na ke hobane’ng ha melao-motheo ea Bibele e le e utloahalang le hore na ke joang e re tsoelang molemo kaofela ha rōna.—Esaia 48:17, 18.

E, ho thusa bacha hore ba fumane lintho tseo ba li hlokang ho hloka boiteko. Empa moputso oa teng o tšoaneloa ke boiteko boo! Haeba bana ba hao ba latela melao-motheo e nepahetseng eo u ba rutileng eona, u ka bolela ka pelo eohle hore ruri bana ke “lefa le tsoang ho Jehova.”—Pesaleme ea 127:3.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Thusa bana ba hao hore ba khethe metsoalle ea Bakreste e tla ba haha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela