Tseba ka Batho ba Timor Bochabela
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA
TIMOR BOCHABELA, kapa Timor-Leste, ke naha e nyenyane e karolong e ka bochabela sehlekehlekeng sa Timor. Lentsoe la Semalay leo “Timor” e nkiloeng ho lona, le la Sepotoketsi le reng Leste, ka bobeli a bolela “bochabela.” Ba buang Senyesemane ka tloaelo ba bitsa naha ena East Timor (Timor Bochabela). Lebitso lena lea tšoaneleha hobane sehlekehleke sena se ntlheng e ka bochabela ea lihlekehleke tsa Indonesia.
Ka boholo, Timor Bochabela e ka ba lisekoere-k’hilomithara tse 14 800, e leng ho bolelang hore e ka ba khōloanyane ho profensi ea Gauteng, kapa ea ba ka tlaasana ho halofo ea naha ea Lesotho. Le hoja sehlekehleke sena se le senyenyane, se na le lintho tsa tlhaho tse teng tikolohong ea Asia le Australia. Se na le meru ea tropike, lifate tsa boloukomo tse melang libakeng tse omeletseng, hammoho le makhulo. Liphoofolo tsa naha le limela le tsona ke tse fumanehang Australia le Asia. Ka mohlala, liphoofolo tsa Australia tse bitsoang li-marsupial le linonyana tsa teng li phelisana le litšoene tsa Asia hammoho le likoena tse phelang metsing a letsoai libakeng tsa tropike. Empa ho thoe’ng ka batho ba Timor Bochabela? Na u ka rata ho ba tseba?
Se Etsahetseng Pusong e Fetileng ea Bokolone
Ho ka etsahala hore ebe bahahlauli ba tsamaeng ka likepe ba Mapotoketsi ba ile ba fihla Timor Bochabela ka lekhetlo la pele hoo e ka bang ka 1514. Ka nako eo, maralla a ne a aparetsoe ke meru e sabaletseng ea lifate tsa sandalwood. Lifate tsena li ne li kenya chelete e ngata, ’me leo e bile lona lebaka le entseng hore Mapotoketsi a thehe setsi sa khoebo moo. Kereke e K’hatholike e ile ea qala ho ba le tjantjello ka sebakeng sena hoo e ileng ea batla ho romela baromuoa hore ba tl’o sokolla baahi ba teng. Mabaka ana a mabeli a ile a etsa hore Mapotoketsi a qale ho etsa sehlekehleke sena kolone ea oona ka 1556.
Leha ho le joalo, Timor Bochabela e ile ea sala e le sebaka se ka thōko le se sa natsoeng hakaalo ke bo-ralikolone. Ha Madache a ikhapela karolo e ka bophirimela ea sehlekehleke sena ka 1656, Mapotoketsi a ile a ikhula a leba karolong e ka bochabela ea sona. Qetellong, ka mor’a lilemo tse fetang 400 sebaka seo se entsoe kolone, Mapotoketsi a ile a ikhula ho sona ka ho feletseng ka 1975.
Selemong sona seo, ho ile ha qhoma ntoa ea lehae. Lilemo tse 24 tse latelang, ho hakanngoa hore ntoeng eo ho ile ha shoa batho ba ka bang 200 000 ba lulang Timor Bochabela—e leng hoo e ka bang moahi a le mong ho ba bararo. Liketso tsa pefo li ile tsa aparela naha eo ka 1999, mahae a ka etsang karolo ea 85 lekholong a senyeha hammoho le litšebeletso tsa motheo tsa sechaba. Batho ba likete tse makholo ba ile ba balehela lithabeng. Qetellong, Machaba a Kopaneng a ile a kena lipakeng ho namola le ho tlisa botsitso naheng eo.
Ho tloha ka nako eo, baahi ba Timor ba ’nile ba sebetsa ka thata ho itsosolosa. Ka May 2002, Timor Bochabela, kapa Democratic Republic of Timor-Leste, e ile ea amoheloa ka molao e le ’muso o mocha.
Ho Tsoakana ha Litso
Ho pholletsa le Timor Bochabela ho na le litso tse fapa-fapaneng le lipuo tse sa tšoaneng ka lebaka la khoebo e tsoetseng pele moo ka lilemo tse makholo, ka lebaka la batho ba Asia le ba Australia ba ileng ba fallela teng hammoho le ho etsoa ha eona kolone ea Europe. Le hoja Sepotoketsi e ntse e le sona se sebelisoang ke bahoebi le ba ’muso, karolo ea 80 lekholong ea baahi ba moo e bua puo e buuoang moo, e bitsoang Tetum, e nang le mantsoe a mangata a Sepotoketsi. Ho na le lipuo tse ka bang 22 tse buuang ke merabe e mengata e phelang naheng eo.
Libakeng tsa mahae, marena a ntse a phetha karolo ea bohlokoa motseng. A tsamaisa mekete, a fana ka litša le ho tsamaisa litaba tse ling tsa moetlo, ha bo-ramotse bona ba khethetsoe hore ba tsamaise tsa puso.
Bolumeli bo tsoakile tumelo ea hore moea o arohane le ’mele hammoho le tumelo ea K’hatholike e tlileng le ba tsoang libakeng tse ling. Ho rapela balimo, boloi le ho sebelisana le meea ke lintho tse tloaelehileng. Batho ba lulang ba e-ea kerekeng ba atisa ho ea ho matan doʹok, kapa ngakana-ntšonyana ho ea botsa hore na bokamoso bo ba fuparetse eng, ho batla phekolo kapa ho leleka meea e mebe.
Batho ba Labalabelang ho Ithuta le ba Ratang Baeti
Batho ba Timor Bochabela ka tlhaho ke batho ba thabileng, ba labalabelang ho ithuta le ba ratang baeti. Mopresidente Kay Rala Xanana Gusmão o re: “Re na le takatso e matla ea ho ithuta, ho bua le ho thabela botsoalle le ba bang, esita le haeba e le batho bao re sa ba tsebeng.”
Baeti ba memetsoeng lapeng la Matimor ka tloaelo ba ja le hlooho ea lelapa. Mosali le bana ba tla ba lokisetsa lijo ebe bona ba ja hamorao mantsiboea. Ke ho bontša mekhoa e metle ho ngoatha lijo tse nyenyane pele. Joale hamorao moeti a ka tlotla ea phehileng ka ho kōpa hore a ngoatheloe tse ling.
Lijo tse tloaelehileng tsa batho ba Timor li akarelletsa raese, poone kapa cassava, hammoho le meroho ka mefuta ea eona. Sejo se seng se ratoang ke batho ba Timor ke saboko, e leng tlhapi ea sardine e kopantsoeng le moro o entsoeng ka tholoana ea sefate sa tamarind, eaba e natefisoa ka linōko, ea ntan’o phutheloa ka lekhasi la sefate sa palema. Leha ho le joalo, nama e sa le sejo se bitsang chelete e ngata.
Lerata la Bana
Batho ba lulang Timor Bochabela ke sechaba sa batho ba bacha lilemong. Hoo e ka bang halofo ea baahi ke bana, ’me malapa a mangata a na le bana ba 10 ho isa ho ba 12 ba ntseng ba lula lapeng.
Ha bana ba e-ea sekolong, ka tloaelo ba tsamaea ba tšoarane ka matsoho—bashanyana ba tšoarane le bashanyana ’me banana ba tšoarane le banana—ho tšehoa hamonate ho bile ho binoa ha ho ntse ho tsamauoa. Sekolong ha ba rutoe lithuto tsa sekolo feela, empa ba boetse ba rutoa mekhoa e metle bophelong le boitšoaro.
Ngoana oa Motimor ha ho mohla a ka bapalang a le mong kapa a khutsitse—bana ba motse ba bapala kaofela! Papali e ratoang haholo ke dudu karreta, kapa ho khanna koloi. Lebili la baesekele le emela koloi. Bana ba matha ka mor’a lebili lena leo ba le sututsang ka lithupa ’me ba etsa sena ba keketeha hamonate ho theosa seterata.
Empa bana ba Timor ha ba phelele ho bapala feela. Ka mohlala, ba ka ’na ba fuoa mosebetsi oa hore ba sile poone ka ho e tula ka melamu e boima ea tšepe. Leha ho le joalo, ba etsa sena ba bososela ka thabo, ha ho bonahale ba lemoha hore ba phela ho e ’ngoe ea linaha tse leshome tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng.
Maqakabetsi a Sechaba se sa Tsoa Tsoaloa
Bofutsana bo otlang pelo bo hlokisa batho ba Timor Bochabela botsitso. Karolo e etsang 40 lekholong ea baahi ba moo e fumana moputso o ka tlaase ho $1,50 (R10,50) ka letsatsi—e leng chelete e nyenyane haholo e hlokahalang bakeng sa ho fumana lijo le lintho tse hlokahalang lapeng. Litšebeletso tsa sechaba li boemong bo bobe. Tlaleho e ’ngoe ea ’muso e re: “Naheng eohle, batho ba bararo ho ba bane ha ba na motlakase, ba bararo ho ba bahlano ha ba na tsela e sireletsehileng ea ho tsamaisa likhoerekhoere, ’me halofo ea baahi ha e na metsi a hloekileng a nooang.”
Batho ba bangata baa kula ka lebaka la maemo ana. Ka lebaka la khaello ea phepo e nepahetseng, malaria, lefuba le mafu a mang, ka karolelano baahi ba moo ba phela lilemo tse ka bang 50 feela. Ngoana a le mong ho ba ka bang leshome o shoa pele a e-ba lilemo tse hlano. Ka 2004, lingaka tse ka tlaase ho tse 50 li ile tsa thusa baahi ba ka bang 800- 000.
Mebuso ea linaha tse ngata hona joale e tšoarisane le Machaba a Kopaneng ho thusa batho ba Timor hore ba hahe naha ea bona e senyehileng bocha. Oli e ngata le khase tse fumanehang Leoatleng la Timor le tsona li fana ka tšepo ea ho ntlafatsa maemo a moruo a naha eo. Leha ho le joalo, letlotlo le leholo la Timor Bochabela ke batho ba teng ba ikokobelitseng, ba tenyetsehang le maemo ha ho nyolosetsa. Mosali e mong oa Motimor o boleletse Tsoha!: “E ka ’na eaba re futsanehile, empa seo ha se bolele hore ha rea thaba!”
“Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo”
Lilemong tsa morao tjena, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tlisetsa batho ba Timor Bochabela “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” (Esaia 52:7; Baroma 10:14, 15) Ka 2005, phutheho e le ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova naheng eo e ile ea qeta lihora tse ka bang 30 000 e bolella ba bang tšepiso e babatsehang ea Bibele ea lefatše le tlang la paradeise.—Pesaleme ea 37:10, 11; 2 Petrose 3:13.
Ho ithuta ’nete ea Bibele ho lokolotse baahi ba bang jokong e boima ea meea e mebe. Ka mohlala, Jacob, monna oa lelapa ea nang le bana ba bahlano, o ne a sebelisana le meea haholo. O ne a tloaetse ho hlabela balimo. Sena se ne se ja chelete e ngata ea lelapa. Ho etsa sehlabelo ka khōhō ho hloka moputso oa letsatsi, ha ho etsa sehlabelo se khethehileng ka pōli kapa ka kolobe ho hloka moputso oa libeke tse ’maloa.
Ka mor’a nako, mosali oa Jacob, e leng Fransiska, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Joale o ile a bontša Jacob litemana tsa Mangolo tse reng bafu ha ba tsebe letho ’me ba ke ke ba ntša ba phelang kotsi. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Ka bobeli ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho hlabela balimo kaha ba ile ba amohela seo Bibele e se buang. Ka lebaka la seo, beng ka bona ba halefileng ba ile ba ba furalla ’me ba re meea e halefileng e tl’o ba sotha molala e se khale. Leha ho le joalo, Jacob le Fransiska ba ile ba ema ba tiile, ba re: “Jehova o tla re sireletsa.”
Khabareng, Jacob o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ea libokeng tsa Bokreste le lelapa la hae. Sena se ile sa etsa hore ho be le liphetoho tse ling tse ntle bophelong ba hae. Le hoja e ne e se e le lilemo joale a tsuba pakete ea sakerete letsatsi le leng le le leng, o ile a khaotsa ho tsuba. O ile a boela a ithuta ho bala le ho ngola. Nakong ena, Fransiska o ile a khaotsa ho hlafuna sethethefatsi sa betel nut. Qetellong ka 2005, Jacob le Fransiska ba ile ba kolobetsoa joaloka ba bang ba Lipaki Tsa Jehova. Kajeno, ba sebelisa chelete ea bona ka bohlale ho ruta bana ba bona le ho lefella litšenyehelo tsa phekolo ha ho hlokahala.
Ka sebele, joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloa “karolong e hōle-hōle ea lefatše,” esita le ho batho ba labalabelang ho ithuta, ba ratang baeti le ba fanang ba Timor Bochabela.—Liketso 1:8; Matheu 24:14.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Tlisang Khareng le Bobine”
“Tlisang khareng le bobine” ke polelo ea Setimor e neng e tsebisa hore ho hlahile ngoana oa ngoanana. E hlalosa karolo e tloaelehileng e phethoang ke basali ba Matimor ea ho etsa lesela le khabisitsoeng le bitsoang tais. Tais e sebelisoa ho etsa liaparo tse khabileng tsa mekete, likobo hammoho le ho siuoa e le lefa la lelapa. Bo-nkhono ba ruta basali ba banyenyane hore ba leme k’hothone, ba e kotule, ba e ohle, ba e daee le ho e loha ho hlahisa mekhabiso e metle, e mebala-bala. Tais e le ’ngoe e ka qeta selemo e lohuoa, ho latela hore na ke moloho o rarahaneng hakae. Kaha sebaka ka seng se na le moloho oa sona, motho ea li tsebang a ka bolela hang feela hore na tais eo a e bonang e entsoe sebakeng sefe.
[’Mapa o leqepheng la 14]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
PAPUA NEW GUINEA
INDONESIA
TIMOR BOCHABELA
AUSTRALIA
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mokhoro o tloaelehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
“Dudu karreta”—papali eo bana ba e ratang haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Jacob le lelapa la hae